Naletsana
b Ka mohlala, hoo e ka bang ka 785 C.E., Charlemagne o ile a fana ka taelo profinseng ea Saxony ea hore motho ea hanang ho kolobetsoa hore ebe Mokreste a bolaoe. Hape, selekane sa khotso se bitsoang Peace of Augsburg, se ileng sa tekenoa ka 1555 C.E. ke lihlopha tse loanang tsa ’Muso o Halalelang oa Roma, se ne se bontša hore ’musi e mong le e mong e lokela ho ba setho sa kereke ea Roma e K’hatholike kapa sa kereke ea Lutere le hore motho e mong le e mong ea tlas’a puso ea bona o lokela ho ba bolumeling boo. Ba neng ba hana ho mamela taelo ea ’musi ba ne ba lelekoa motseng.