Naletsana
e Boprofeta bona bo hlaha lengolong la Zakaria empa Matheu o re ho ile “ha phethahala se ileng sa buuoa ka moprofeta Jeremia.” (Matheu 27:9) Ho bonahala eka ka linako tse ling buka ea Jeremia e ne e hlaha qalong karolong ea Mangolo a bitsoang libuka tsa ‘Baprofeta.’ (Luka 24:44) Ho bonahala ha Matheu a ne a bua ka “Jeremia” o ne a bolela libuka tsohle tsa baprofeta, ho akarelletsa le buka ea Zakaria.