Laboraro, la 30 July
Re ke ke ra khaotsa ho bua ka lintho tseo re li boneng le tseo re li utloileng.—Lik. 4:20.
Re ka etsisa mohlala oa barutuoa ka hore re tsoele pele ho bua le batho ka molaetsa oa Bibele leha ’muso o thibela mosebetsi oa rona. Re ka kholiseha hore Jehova o tla re thusa ho phetha tšebeletso ea rona. Kahoo, rapella sebete le bohlale. Kopa Jehova hore a u thuse ho sebetsana le mathata. Bongata ba rona re sebetsana le ho kula ’meleng kapa maikutlong, ho hlokahalloa ke moratuoa, ho sebetsana le maemo a boima ka lapeng, ho hlorisoa le mathata a mang a mangata. Lintho tse kang mafu a seoa le lintoa li entse hore ho be thata le ho feta ho sebetsana le mathata ana. Phetlela Jehova sefuba sa hao. Mo joetse ka boemo boo u sebetsanang le bona joalokaha u ne u tla bolella motsoalle oa hao ea haufi-ufi. U kholisehe hore Jehova “o tla u thusa.” (Pes. 37:3, 5) Ho lula re rapela ho tla re thusa ho ‘mamella ha re e-na le mathata.’ (Bar. 12:12) Jehova o tseba mathata ao barapeli ba hae ba nang le ’ona ebile “o utloa sello sa bona ha ba kopa thuso.”—Pes. 145:18, 19. w23.05 5-6 ¶12-15
Labone, la 31 July
Etsang bonnete ba hore na ke lintho life tse khahlisang Morena.—Baef. 5:10.
Ha re hloka ho etsa liqeto tsa bohlokoa, re lokela ho utloisisa “hore na thato ea Jehova ke efe” ’me re etse lintho tumellanong le eona. (Baef. 5:17) Ha re batla melao-motheo e amanang le boemo ba rona, ho tšoana le ha re batla tsela eo Molimo a nahanang ka eona ka boemo ba rona. Kahoo, ha re e sebelisa, re tla khona ho etsa liqeto tse nepahetseng. “Ea khopo,” e leng sera sa rona Satane a ka rata ho re phathahanya ka lintho tsa lefatše lena hoo re ka hlokang nako ea ho sebeletsa Molimo. (1 Joh. 5:19) Ho ka ba bonolo hore Mokreste a amehe ka chelete, thuto kapa mosebetsi ho e-na le hore a amehe ka litsela tse ngata tseo a ka sebeletsang Jehova ka tsona. Ha seo se ka etsahala, ho tla be ho hlakile hore o nahana joaloka batho ba lefatše lena ba sa sebeletseng Jehova. ’Nete ke hore ha se hore lintho tsena li fosahetse empa ha lia lokela ho tla pele bophelong ba rona. w24.03 24 ¶16-17
Labohlano, la 1 August
Mathata a ea lokileng a mangata empa Jehova o mo pholosa ho ’ona kaofela.—Pes. 34:19.
Hlokomela lintlha tse peli tsa bohlokoa tse hlahang pesalemeng ena e ka holimo: (1) Batho ba lokileng ba hlaheloa ke mathata. (2) Jehova oa re pholosa mathateng a rona. Jehova o re pholosa joang? O re thusa hore re utloisise hore re tla hlaheloa ke mathata.Le hoja Jehova a re tšepisa hore re tla thaba ha re mo sebeletsa, ha a re tšepise hore re ke ke ra ba le mathata hona joale. (Esa. 66:14) O re khothaletsa hore re nahane ka bokamoso boo a re tšepisang bona, moo re tla phela re thabile ka ho sa feleng. (2 Bakor. 4:16-18) Hona joale o re thusa hore re tsoele pele ho mo sebeletsa. (Lillo 3:22-24) Re ka ithuta’ng mehlaleng ea bahlanka ba Jehova bao Bibele e buang ka bona le ba mehleng ee? Re ka ’na ra hlaheloa ke mathata ao re sa a lebellang empa ha re tšepile Jehova, o tla lula a re thusa.—Pes. 55:22. w23.04 14-15 ¶3-4