Moqebelo, la 13 September
U motho ea ratoang haholo.—Dan. 9:23.
Moprofeta Daniele e ne e sa le mocha ha Bababilona ba mo isa hole le habo hore e e’o ba motšoaruoa ’me ba ile ba mo rata. Ba ile ba “bona se bonoang ke mahlo feela.” Ba ile ba bona feela hore Daniele o ‘phetse hantle ebile o shebahala hantle’ hape o tsoa lelapeng la borena. (1 Sam. 16:7) Kahoo, Bababilona ba ile ba mo ruta hore a sebeletse phaleising ea morena. (Dan. 1:3, 4, 6) Jehova o ne a rata Daniele ka lebaka la makhabane a hae. E ka ’na eaba Daniele o ne a le lilemo li 20 ha Jehova a ne a re o tšoana le Noe le Jobo. Jehova o ne a nka Daniele a lokile joaloka Noe le Jobo ba ileng ba mo tšepahalla ka lilemo tse ngata. (Gen. 5:32; 6:9, 10; Jobo 42:16, 17; Ezek. 14:14) Jehova o ile a lula a rata Daniele bophelo bohle ba hae.—Dan. 10:11, 19. w23.08 2 ¶1-2
Sontaha, la 14 September
Utloisisa hantle bophara, bolelele, bophahamo le botebo.—Baef. 3:18.
Ha u batla ho reka ntlo, u ka batla ho hlahloba lintlha tsohle ka ntlo eo u tla lula ho eona. Re ka etsa ntho e tšoanang ha re bala le ho ithuta Bibele. Haeba u e bala kapele feela, u ka ’na oa ithuta linnete tse bonolo tsa Bibele e leng “lintho tsa motheo tsa lentsoe la Molimo le halalelang.” (Baheb. 5:12) Ho e-na le ho e bala u potlakile, iphe nako ’me u hlahlobe lintlha tsohle joalokaha eka u hlahloba ntlo ka hare. Tsela e molemo ea ho ithuta Bibele ke hore u leke ho hlahloba hore na litaba tsa eona li amana joang. U se ke oa leka feela ho utloisisa lithuto tseo u li lumelang empa u hlahlobe hore na ke hobane’ng ha u lumela lithuto tseo. E le hore re utloisise Lentsoe la Molimo ka ho feletseng, re lokela hore re ithute lithuto tsa lona tse tebileng. Moapostola Pauluse o ile a khothaletsa Bakreste-’moho le eena hore ba ithute Lentsoe la Molimo ka ho feletseng e le hore ba ka “utloisisa hantle bophara, bolelele, bophahamo le botebo” ba lona. Ha ba etsa joalo, tumelo ea bona e ne e tla tiea “joaloka sefate se metseng ka metso.” (Baef. 3:14-19) Re hloka ho etsa se tšoanang. w23.10 18 ¶1-3
Mantaha, la 15 September
Bana beso, latelang mohlala oa baprofeta ba neng ba bua lebitsong la Jehova. Ba ile ba utloisoa bohloko ka litsela tse ngata empa ba ile ba mamella.—Jak. 5:10.
Ka Bibeleng ho na le mehlala e mengata ea batho ba neng ba e-na le mamello. Ho ithuta ka bona ho ka u tsoela molemo. Ka mohlala, le hoja Davida a ile a khethoa hore e be morena oa Iseraele a sa le monyenyane, o ile a tlameha ho ema lilemo tse ngata pele a ka qala ho busa. Simeone le Anna ba ile ba sebeletsa Jehova ka botšepehi ha ba ntse ba emetse hore Mesia a fihle. (Luka 2:25, 36-38) Ha u ntse u ithuta ka batho ba kang bana, batla likarabo tsa lipotso tsena: E ka ’na eaba motho eo o ile a thusoa ke eng ho ba le mamello? Ho ba le mamello ho ile ha mo thusa joang? Nka mo etsisa joang? Ntho e ’ngoe e ka u thusang ke ho ithuta ka mehlala ea batho ba neng ba se na mamello. (1 Sam. 13:8-14) U ka ipotsa lipotso tsena: ‘E ka ’na eaba ke eng e entseng hore ba se ke ba e-ba le mamello? Litla-morao e ile ea e-ba life?’ w23.08 25 ¶15