Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Bana ba se Nang Molato ba Hlaseloang ke ho Hleka-hlekoa
    Tsoha!—1991 | October 8
    • Bana ba se Nang Molato ba Hlaseloang ke ho Hleka-hlekoa

      EILENE o re: “Ke se ke le haufi le ho ba lilemo li 40.a ’Me le hoja bothata ba ka bo etsahetse lilemong tse fetang 30 tse fetileng, bo sa ntsane bo ntšoenya. Ka baka la bona ke ikutloa ke halefile, ke le molato, ’me ke na le mathata lenyalong la ka! Batho ba leka ho nkutloela bohloko, empa ha ba khone.” Bothata ba Eilene ke bofe? O ile a hlaseloa ka ho hleka-hlekoa ka likamano tsa botona le botšehali ha e sa le ngoana, ’me ho eena liphello tsa seo li ipakile e le tsa nako e telele.

      Ka sebele Eilene hase mokhelo. Liphuputso li bontša hore basali—le banna—ba bangata ka mokhoa o tšosang ba ’nile ba hlokofatsoa ke ho hleka-hlekoa ho joalo.b Ka hona, ho fapana le ho ba ketso ea boitšoaro bo litšila e etsahalang ka seoelo, ho hleka-hleka bana ka likamano tsa botona le botšehali ke bothata bo pharalletseng, bo kenelletseng lihlopheng tsohle tsa batho, tsa moruo, tsa bolumeli, le tsa merabe.

      Ka lehlohonolo, banna le basali ba bangata haholo le ka mohla ba ne ba ke ke ba nahana esita le hanyenyane feela ka ho hleka-hleka ngoana ka tsela ena. Empa ba ’maloa ba kotsi ba na le tšekamelo ena e se nang kelello. ’Me ho fapana le batho ba kentsoeng monahano o tšoanang o ke keng oa fetoloa, ke batho ba seng bakae feela ba hleka-hlekang bana bao ka ho hlakileng e leng batho ba sa pheleng hantle ba nang le litšekamelo tsa ho bolaea ba lallang bana libakeng tseo ba bapallang ho tsona. Ba bangata haholo ba bona ke batho ba itlhahisang ka tsela e kholisang e le batho ba phelang ka tsela e tloaelehileng. Ba khotsofatsa litakatso tsa bona tse litšila ka ho hlasela bana ba sa tsebeng letho, ba ba tšepang, ba ke keng ba itšireletsa—’me hangata ba hlasela barali ba bona.c Pontšeng, ba ka ’na ba ba tšoara ka mosa, ka tsela e lerato. Sephiring, ba ba hatella ka ho ba tšosa, ka pefo, le ka mekhoa e hlabisang lihlong, e nyelisehang ea tlhaselo ea botona le botšehali.

      Rea lumela hore ho thata ho nahana hore lintho tse sisimosang hakaalo li ka etsahala malapeng a mangata a bonahalang e le a hlomphehang. Leha ho le joalo, esita le nakong ea ho ngoloa ha Bibele bana ba ne ba sebelisoa “ho khotsofatsa ka nakoana . . . takatso ea nama.” (The International Critical Commentary; bapisa le Joele 3:3.) Bibele e ile ea bolela esale pele: “Tseba hobane mehleng ea qetello ho tla hlaha linako tse bohloko. Hobane batho e tla ba baithati . . . ba se nang lerato la hlaho . . . ba sa tsebeng ho itšoara, ba sehlōhō, ba hloeang ba molemo.” Ka baka leo, ha hoa lokela ho re makatsa hore e be ho hleka-hlekoa ha bana ho atile haholo kajeno.—2 Timothea 3:1, 3, 13.

      Ho hleka-hlekoa ka likamano tsa botona le botšehali bongoaneng ho ka ’na ha se ke ha siea maqeba ’meleng. ’Me hase batho bohle ba baholo ba bonahalang ba tepelletse maikutlo ka baka la hore ba ile ba hleka-hlekoa ka likamano tsa botona le botšehali ha e sa le bana. Empa joalokaha maele a boholo-holo a boletse: “E mong o tšeha a nts’a hlomohile.” (Liproverbia 14:13, BPN) E, batho ba bangata haholo ba hlasetsoeng ke ho hleka-hlekoa hoo ba na le maqeba a tebileng a maikutlo—bohloko bo ipatileng bo ba jang ka hare. Empa ke hobane’ng ha ho hleka-hlekoa ha bana ka likamano tsa botona le botšehali ho baka tšenyo e joalo ho batho ba bang? Ke hobane’ng ha ho feta ha nako ka bohona feela ho sa folise bohloko boo ho bo bakang? Ho ata ha bothata bona bo tepelletsang ho re tlama hore re lebise tlhokomelo ho bona. Ke ’nete hore mohlomong u ke ke ua thabela ho bala bo bong ba boitsebiso bo tla latela—haholo-holo haeba u ile ua hlaseloa ke ho hleka-hlekoa ho joalo ha u sa le ngoana. Empa u ka kholiseha hore tšepo e teng, hore u ka fola.

  • Bohloko bo Ipatileng ba ho Hleka-hlekoa ha Bana
    Tsoha!—1991 | October 8
    • Bohloko bo Ipatileng ba ho Hleka-hlekoa ha Bana

      “Ke ikutloa ke itlhoile. Ke lula ke ntse ke nahana hore ho na le ho hong hoo ke neng ke tlameha e be ke ile ka ho etsa, hoo ke neng ke tlameha e be ke ile ka ho bua ho thibela seo. Ke ikutloa feela ke le litšila.”—Ann.

      “Ke ikutloa ke arohile ho batho. Hangata ke loantšana le maikutlo a ho hloka tšepo le ho nyahama. Ka linako tse ling ke ee ke lakatse ho shoa.”—Jill.

      “HO HLEKA-HLEKOA ka likamano tsa botona le botšehali bongoaneng ke . . . tlhaselo e sithabetsang, e senyang, le e tlotlollang kelellong, sephefumolohing, le ’meleng oa ngoana . . . Ho hleka-hlekoa hoo ho hlasela karolo e ’ngoe le e ’ngoe ea bophelo ba motho.” Ke kamoo buka The Right to Innocence, ea Beverly Engel e bolelang ka teng.

      Hase bana bohle ba arabelang ka tsela e tšoanang bothateng ba ho hleka-hlekoa.a Bana ba na le botho, matla a ho sebetsana le mathata, le matla a sa tšoaneng a maikutlo. Ho hong ho hongata ho boetse ho itšetlehile ka kamano ea ngoana le motho ea mo hleka-hlekang, hore na ho hleka-hlekoa hoo ho ne ho tebile hakae, hore na ho ile ha tsoela pele ka nako e telele hakae, lilemo tsa ngoana, le lintlha tse ling. Ho feta moo, haeba ho hleka-hlekoa hoo ho ka hlokomeloa ’me ngoana a fumana tšehetso e lerato ea motho e moholo, hangata ho ka thibeloa kotsi e khōlō. Leha ho le joalo, batho ba bangata ba hlasetsoeng ke ho hleka-hlekoa hoo ba hlokofatsoa ke bohloko bo tebileng ba maikutlo.

      Lebaka Leo ka Lona ho Sithabetsang

      Bibele e re thusa ho lemoha hore na ke hobane’ng ha ho e-ba le kotsi e joalo. Moeklesia 7:7 (NW) e re: “Khatello feela e ka etsa hore motho ea bohlale a itšoare joaloka lehlanya.” Haeba sena se ka etsahala ho motho e moholo, nahana ka phello eo khatello e sehlōhō e ka bang le eona ho ngoana e monyenyane—haholo-holo haeba motho ea mo hleka-hlekang e le motsoali eo a mo tšepang. Ho lokela ho hopoloe hore lilemo tse ’maloa tse qalang tsa bophelo ke tsa bohlokoahali bakeng sa khōlo ea ngoana ea maikutlo le ea moea. (2 Timothea 3:15) Ngoana o qala ho ba le litekanyetso tsa boitšoaro le boikutlo ba hore ke motho oa bohlokoa lilemong tseo tsa bonyenyaneng. Ka ho khomarela batsoali ba hae, ngoana o boetse o ithuta seo lerato le tšepo li hlileng li se bolelang.—Pesaleme ea 22:9.

      Dr. J. Patrick Gannon oa hlalosa: “Ho bana ba hleka-hlekoang, tšebetso ena ea ho haha tšepo ea sitisoa.” Motho ea hleka-hlekang ngoana o etsa hore ngoana a se hlole a mo tšepa; o mo amoha boikutlo bohle ba tšireletseho, tokelo ea ho ikhutsa, kapa boitlhompho ’me o mo sebelisa joaloka ntho feela ea ho khotsofatsa takatso ea hae.b Bana ba banyenyane ha ba utloisise hore na liketso tsa boitšoaro bo bobe tseo ba qobelloang ho kopanela ho tsona li bolela’ng, empa hoo e ka bang ka kakaretso ba fumana phihlelo eo e le e khopisang, e tšosang, le e tlotlollang.

      Ka hona ho hleka-hlekoa ha bana ho ’nile ha bitsoa “keko e mpe ka ho fetisisa e ka etsoang.” Re hopola potso ea Jesu: “Ana motho ke ofe ho lōna ea ka neang mora oa hae lejoe, ha a kōpile bohobe?” (Mattheu 7:9) Empa motho ea hleka-hlekang ngoana ha a mo fe lerato le mofuthu, empa o mo fa “lejoe” le sehlōhō ka ho fetisisa—tlhaselo ea botona le botšehali.

      Lebaka Leo ka Lona Bohloko bo sa Khaotseng

      Liproverbia 22:6 e re: “Ruta mohlankana tsela eo a tšoanetseng ho e tsamaea; le mohla a tsofalang, a ke ke a e kheloha.” Ka ho hlakileng, tšusumetso ea motsoali e ka tšoarella nakong eohle ea bophelo. Empa ho thoe’ng haeba ngoana a rutiloe ho lumela hore ha a na matla a ho thibela tlhaselo ea botona le botšehali? Haeba a rutiloe ho etsa liketso tseo e seng tsa tlhaho hore a tle a “ratoe”? Haeba a rutiloe hore a italime e le ea se nang thuso le ea silafetseng? Na e be hoo ho ke ke ha etsa hore a phele bophelo bo kotsi nakong eohle ea hae ea bophelo? Hase hore ho hleka-hlekoa bongoaneng ho lokafatsa boitšoaro bo fosahetseng ha motho a se a hōlile, empa ho ka thusa ho hlalosa hore na ke hobane’ng ha batho ba hlasetsoeng ka tsela eo ba ka ’na ba ba le tšekamelo ea ho itšoara kapa ho ikutloa ka tsela e itseng.

      Batho ba bangata ba hlasetsoeng ke ho hleka-hlekoa hoo ba ba le matšoao a fapa-fapaneng a ho kula, a akarelletsang ho tepella maikutlo. Ba bang ba boetse ba tšoenngoa ke maikutlo a sa khaotseng le ao ka linako tse ling a sithabetsang a ho ba molato, ho hlajoa ke lihlong, le khalefo e mabifi. Batho ba bang ba hlasetsoeng ke ho hleka-hlekoa ba ka ’na ba ba le bothata ba ho se hlahise maikutlo, ho hlōleha ho bontša boikutlo kapa esita le hona ho hloka boikutlo. Ho ikhella fatše le maikutlo a ho hloka matla le tsona li tšoenya ba bangata. Sally, ea ileng a hleka-hlekoa ke malom’ae, oa hopola: “Ka mehla ha a ne a ntlheka-hleka ka likamano tsa botona le botšehali ke ne ke ikutloa ke se na matla ke bile ke sa khone ho etsa letho, ke le thobo-thobo, ke sataletse feela, ke ferekane. Ke ile ka lula ke ntse ke ipotsa, Ke hobane’ng ha ke hleka-hlekoa tjee?” Setsebi sa thuto ea kelello Cynthia Tower sea tlaleha: “Liphuputso li bontša hore hangata batho ba ’nileng ba hleka-hlekoa ha e sa le bana ba tla jara boikutlo ba hore ke batho ba ka hlaseloang bophelong bohle ba bona.” Ba ka ’na ba nyaloa ke banna ba hleka-hlekang, ba bontša boikutlo ba hore ba ka hlaseloa habonolo, kapa ba ikutloa ba se na matla a ho itšireletsa ha ba sokeloa.

      Ka tloaelo, bana ba nka lilemo tse ka bang 12 ho itokisetsa maikutlo a tsohang ha ba kena bohlankaneng kapa boroetsaneng. Empa haeba ngoana e monyenyane a qobelloa ho etsa liketso tsa boitšoaro bo litšila, a ka ’na a imeloa ke maikutlo a tsosoang ke liketso tse joalo. Joalokaha phuputso e ’ngoe e bontšitse, sena se ka ’na sa etsa hore a se khone ho thabela likamano tse haufi-ufi tsa lenyalo hamorao. Motho e mong ea ileng a hlaseloa ke ho hleka-hlekoa ea bitsoang Linda oa lumela: “Ke fumana karolo ea lenyalo e amanang le likamano tsa botona le botšehali e le ntho e thata ka ho fetisisa bophelong ba ka. Ke ba le boikutlo bo tšosang ka ho fetisisa ba hore ke ntate ea robetseng moo, ebe ke qala ho tšoha.” Batho ba bang ba ’nileng ba hlaseloa ke ho hleka-hlekoa hoo ba ka ’na ba arabela ka tsela e fapaneng ka ho felletseng le eo ’me ba ba le litakatso tse matla haholo tsa boitšoaro bo bobe. Jill oa lumela: “Ke ile ka phela bophelo ba boitšoaro bo bobe ’me ka qetella ke se ke e-ba le likamano tsa botona le botšehali le batho bao ke sa ba tsebeng ho hang.”

      Batho ba ’nileng ba hlaseloa ke ho hleka-hlekoa ba ka boela ba thatafalloa ke ho lula ba e-na le likamano tse ntle le batho ba bang. Ba bang ba thatafalloa ke ho sebelisana le banna kapa batho ba boholong. Ba bang ba senya setsoalle le manyalo ka ho fetoha ba hleka-hlekang kapa ba ratang ho laola. Athe ba bang ba na le tšekamelo ea ho qoba likamano tse haufi ka ho felletseng.

      Ho bile ho na le batho ba ’nileng ba hlaseloa ke ho hleka-hlekoa hoo ba itlhaselang ka bobona ka maikutlo a bona a kotsi. Reba oa lumela: “Ke ile ka hloea ’mele oa ka ka baka la hore o ile oa arabela ho tsosoeng ha litakatso ke ho hleka-hlekoa hoo.” Ka masoabi, mathata a ho ja,c takatso e fetelletseng ea ho sebetsa, tšebeliso e mpe ea tahi le lithethefatsi, li tloaelehile har’a batho ba ’nileng ba hlaseloa ke ho hleka-hlekoa hoo—’me ba etsa boiteko boo ka ho tsieleha e le ha ba leka ho pata maikutlo a bona. Ba bang ba ka ba ba bontša ho itlhoea ha bona ka litsela tse tobileng. Reba oa eketsa: “Ke ’nile ka itšeha, ka ikebola ka manala liphakeng, ka ichesa. Ke ne ke ikutloa hore ke tšoanela ho hleka-hlekoa.”

      Leha ho le joalo, u se ke ua potlakela ho etsa qeto ea hore motho e mong le e mong ea ikutloang kapa ea itšoarang ka litsela tse joalo o ’nile a hleka-hlekoa ka likamano tsa botona le botšehali. E ka ’na eaba ho ameha lintlha tse ling tsa ’mele kapa tsa maikutlo. Ka mohlala, litsebi li bolela hore matšoao a joalo a ho kula a tloaelehile har’a batho ba baholo ba hōletseng malapeng a tletseng likhathatso—moo batsoali ba bona ba neng ba ba khakhatha, ba ba nyenyefatsa kapa ba ba tlotlolla, ba hlokomolohile litlhoko tsa bona tsa ’mele, kapa moo batsoali ba bona e neng e le makhoba a lithethefatsi kapa a tahi.

      Kotsi Moeeng

      Phello e ipatileng e kotsi ka ho fetisisa eo ho hleka-hlekoa bongoaneng ho ka e bakang ke kotsi e ka hlahang moeeng. Ho hleka-hleka ngoana ka likamano tsa botona le botšehali ke “tšilafatso ea nama le moea.” (2 Ba-Korinthe 7:1, NW) Ka ho etsa liketso tseo e seng tsa tlhaho ho ngoana, ka ho tlōla meeli ea seo a lokelang ho se etsa ’meleng le boitšoarong, ka ho felisa tšepo ea hae, motho ea mo hleka-hlekang o silafatsa moea oa ngoana, kapa tšekamelo e matla ea kelello. Sena se ka sitisa khōlo ea boitšoaro le ea moea ho motho ea hlasetsoeng joalo hamorao.

      Buka Facing Codependence, ea Pia Mellody, e tsoela pele ho re: “Ho hleka-hlekoa leha e le hofe ho tebileng . . . ho boetse ho fetoha ho hleka-hlekoa moeeng, hobane ho senya tšepo ea ngoana ho Molimo.” Ka mohlala, mosali oa Mokreste ea bitsoang Ellen oa botsa: “Ke joang nka nahanang ka Jehova e le Ntate ha ke e-na le khopolo ena ea monna ea sehlōhō, ea khopo bakeng sa ntate oa lefatšeng?” Motho e mong ea ileng a hlaseloa ke ho hleka-hlekoa, ea bitsoang Terry o re: “Ha ho mohla nkileng ka bitsa Jehova Ntate. E, nka ’mitsa Molimo, Morena, ’Musi, ’Mōpi! Empa ha e le ho ’mitsa Ntate, che!”

      Hase hore batho ba joalo ba hlile baa fokola moeeng kapa ba haelloa ke tumelo. Ho fapana le hoo, boiteko ba bona bo sa khaotseng ba ho latela melao-motheo ea Bibele bo paka hore ba matla moeeng! Empa nahana hore na ba bang ba ka ’na ba ikutloa joang ha ba bala temana ea Bibele e kang Pesaleme ea 103:13, e reng: “Joale ka ha ntat’a motho a hauhela bana ba hae, Jehova o hauhela joalo ba mo tšabang.” Ba bang ba ka ’na ba utloisisa sena ka kelello feela. Leha ho le joalo, kaha ha ba na khopolo e ntle ea seo ntate a leng sona, ba ka ’na ba thatafalloa ke ho amohela temana ena maikutlong!

      Ba bang ba ka boela ba thatafalloa ke ho ba “joale ka ngoana” ka pel’a Molimo—ea ka hlaseloang habonolo, ea ikokobelitseng, le ea o tšepang. Ba ka ’na ba patela Molimo se hlileng se leng maikutlong a bona ha ba rapela. (Mareka 10:15) Ba ka ’na ba tsila-tsila ho sebelisa mantsoe a Davida a hlahang ho Pesaleme ea 62:7, 8 boemong ba bona: “Poloko ea ka le khanya ea ka li lutse ho Molimo; Molimo ke lefika la ka le matla; ke setšabelo sa ka. Lōna, sechaba, le itšepise ka oona ka mehla, le tšollele lipelo tsa lōna pel’a oona! Molimo ke setšabelo sa rōna.” Maikutlo a ho ba molato le a ho se tšoanelehe a ka ba a fokolisa tumelo ea bona. Motho e mong ea ileng a hlaseloa ke ho hleka-hlekoa o ile a re: “Ke na le tumelo e matla haholo ’Musong oa Jehova. Leha ho le joalo, ke ikutloa ke hlile ke se ea molemo ka ho lekaneng hore nka ea phela moo.”

      Ka ho hlakileng, hase batho bohle ba hlasetsoeng ke ho hleka-hlekoa hoo ba ileng ba ameha ka tsela e tšoanang. Ba bang ba ile ba atamela Jehova joaloka Ntate ea lerato ’me ha ba ikutloe ba e-na le bothata ba letho ba ho buisana le eena. Ho sa tsotellehe hore na boemo ke bofe, haeba u ile ua hlaseloa ke ho hleka-hlekoa ka likamano tsa botona le botšehali ha u sa le ngoana, u ka ’na ua fumana hore ho lemoha hore na seo se amme bophelo ba hao joang ke habohlokoa haholo. Ba bang ba ka ’na ba khotsofalla ho amohela boemo kamoo bo leng ka teng. Leha ho le joalo, haeba u bona eka ho bile le kotsi e khōlō, khothala. Bohloko boo u bo utloileng bo ka folisoa.

      [Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

      a Puisano ea rōna e mabapi le seo Bibele e se bitsang por·neiʹa, kapa bohlola. (1 Ba-Korinthe 6:9, NW; bapisa le Levitike 18:6-22.) Sena se akarelletsa mekhoa eohle ea likamano tsa botona le botšehali. Le hoja liketso tse ling tsa ho hleka-hleka, tse kang ho hlobola ka har’a bana ka morero oa ho khotsofatsa litakatso tsa botona le botšehali, ho talima litho tsa botona le botšehali ka morero oa ho khotsofatsa litakatso tsa botona le botšehali, le ho pepesetsa bana libuka le litšoantšo tsa bootsoa e se por·neiʹa, le tsona li ka ntša ngoana kotsi maikutlong.

      b Kaha bana ba na le tšekamelo ea ho tšepa batho ba baholo, ho hleka-hlekoa ha ngoana ke setho sa lelapa seo a se tšepang, moholoane oa hae, motsoalle oa lelapa, kapa esita le motho eo a sa mo tsebeng le hona ho felisa tšepo ea ngoana ka mokhoa o sithabetsang.

      c Bona Awake! ea December 22, 1990.

  • “Nako ea ho Fola”
    Tsoha!—1991 | October 8
    • bohloko ba ka, mahlomola a ka kaofela aa khutla ho tla ntšoenya.” (Today’s English Version) Ho leleka mehopolo e tšosang kelellong ke mosebetsi o boima oa kelello, ke ntoa e matla e ka ’nang ea ba le liphello tse tebileng bophelong bo botle ba ’mele.

      Ha motho ea hlasetsoeng ke ho hleka-hlekoa a ntse a hōla, hangata likhatello tsa bophelo li fokolisa matla a hae a ho leleka phihlelo ea nakong e fetileng kelellong. Monkho oa setebela-lephoka, ho bona motho eo a mo tšoantšang, molumo o tšosang, kapa esita le tlhahlobo ea ngaka kapa ea ngaka ea meno li ka ’na tsa tsosa tlhaselo e tšosang ea mehopolo le maikutlo.a Na motho ha aa lokela hore a mpe feela a etse boiteko bo matla haholoanyane ba ho lebala? Che, ntlheng ena batho ba bangata ba hlasetsoeng ke ho hleka-hlekoa ba ikutloa ba imoloha ha ba leka ho hopola! Mosali e mong ea bitsoang Jill o re: ‘Hang ha mehopolo eo e khutla, e felloa ke matla a eona. Ho e hatella hore motho a se ke a e hopola ho bohloko ebile ho kotsi ho feta ho leka ho e ntša.’

      Bohlokoa ba ho Amohela

      Ke hobane’ng ha ho le joalo? Lebaka le leng ke hore ho hopola ho fa motho ea hlasetsoeng ke ho hleka-hlekoa monyetla oa ho sareloa. Ho sareloa ke tsela ea tlhaho ea ho arabela boemong bo sithabetsang; ho re thusa ho hlaphoheloa liketsahalong tse bakang mahlomola le ho tsoela pele re ntse re phela. (Moeklesia 3:4; 7:1-3) Leha ho le joalo, motho ea hlasetsoeng ke ho hleka-hlekoa ha aa ka a fuoa monyetla oa ho sareloa, o ile a qobelloa ho iphapanyetsa bonnete ba phihlelo ea hae e tšosang, a qobelloa ho hatella bohloko ba hae. Ho leleka mehopolo ka tsela eo ho ka ’na ha baka seo lingaka li se bitsang lefu la khatello ea maikutlo le hlahang ka mor’a tlokotsi—boemo ba ho ba thobo-thobo boo ho bona ho bonahalang eka motho ha a na boikutlo ho hang.—Bapisa le Pesaleme ea 143:3, 4, BPN.

      Ha mehopolo e qala ho khutla, ho ka ’na ha bonahala eka motho ea hlasetsoeng ke ho hleka-hlekoa o feta phihlelong ea ho hleka-hlekoa hape. Batho ba bang ba hlasetsoeng ke ho hleka-hlekoa hoo ba bile ba boela ka nakoana boemong ba bongoana. Jill oa hopola: “Ha ke bona setšoantšo sa ketsahalo ea nakong e fetileng ka kelellong ea ka, hangata ke ba le matšoao a ho kula ’meleng. Ka linako tse ling mehopolo eo e ba e hatellang haholo, hoo ke ikutloang eka ke tla hlanya.” Joale khalefo e mabifi eo e sa le e hatelloa ho tloha bongoaneng e ka ’na ea hlaha ka tšohanyetso. Sheila o re: “Ho hopola seo ho mpakela ho tepella maikutlo le khalefo.” Empa ho loketse ho halefa ha motho a le maemong ana a sa tloaelehang. U saretsoe, u senola khalefo e lokileng eo e leng khale u e hatelletse! U na le tokelo ea ho hloea liketso tsa bokhopo tseo u ileng ua qobelloa ho kopanela ho tsona.—Ba-Roma 12:9.

      Motho e mong ea ileng a hlaseloa ke ho hleka-hlekoa o re: “Ha ke khona ho hopola seo hantle, ke ile ka ikutloa ke imolohile . . . Bonyane joale ke ne ke tseba seo ke sebetsanang le sona. Le hoja ke ile ka fumana ho le thata haholo ho hopola seo, se ile sa nkhopotsa karolo ea bophelo ba ka e neng e fetohile e bohloko kahobane ke ne ke sa e tsebe e bile e le sephiri ho ’na.”—The Right to Innocence.

      Ho hopola ho ka boela ha thusa motho ea hlasetsoeng ke ho hleka-hlekoa ho fihla motsong oa a mang a mathata a hae. Motho e mong ea ileng a hlaseloa ka likamano tsa botona le botšehali ke motho eo a amanang haufi le eena o re: “Haesale ke ntse ke tseba hore ke na le boikutlo bo tebileng ba ho itlhoea le khalefo empa ke sa tsebe hore na hobane’ng.” Ho hopola ho thusa ba bangata ho hlokomela hore se ileng sa etsahala e ne e se molato oa bona, hore ba ile ba hlaseloa.

      Ka ho hlakileng, hase bohle ba hopolang ho hleka-hlekoa ha bona hantle kapa ka mokhoa o hlakileng joaloka ba bang. ’Me baeletsi ba bangata baa lumela hore ha ho hlokahale hore motho a hopole ntlha e ’ngoe le e ’ngoe e amanang le ho hleka-hlekoa ha hae e le hore a khone ho fola liphellong tsa hona. Ho amohela feela hore ho hleka-hlekoa hoo ho ile ha etsahala e ka ba mohato o moholo o lebisang ho hlaphoheloeng.—Bona lebokose.

      Ho Fumana Tšehetso

      Haeba u ile ua hlaseloa ke ho hleka-hlekoa ka likamano tsa botona le botšehali ha u sa le ngoana, u se ke ua mamella bothata ba ho hopola mehopolo eo u le mong. Ho buisana le ba bang ka maikutlo a hao hoa thusa. (Bapisa le Jobo 10:1; 32:20.) Ba bang ba leng mahlomoleng a maholo ba ka ’na ba etsa qeto ea ho batla thuso ea ngaka, moeletsi, kapa setsebi sa bophelo bo botle ba kelello se tšoanelehang. Ho sa tsotellehe hore na boemo ke bofe, motsoalle eo u mo tšepang, molekane oa lenyalo, litho tsa lelapa, kapa balebeli ba Bakreste ba tlang ho mamela ka kutloelo-bohloko le ka tlhompho le bona e ka ba batšehetsi ba bohlokoa.b Janet o re: “Se seholo ka ho fetisisa se ileng sa nthusa e ile ea ba motsoalle oa ka e moholo, Julie. Khafetsa-khafetsa o ’nile a ntumella ho bolela seo ke se hopolang. O ntumella ho utloa maikutlo a bakoang ke seo. Oa mamela ’me o arabela ka kutloelo-bohloko.”

      Ho tšepa motho ke ntho e kotsi, ’me u ka ’na ua ikutloa u sa tšoanelehe hore u ka amohela thuso ea motho e mong—kapa ua ikutloa u le lihlong haholo hore u ka bua ka ho hleka-hlekoa ha hao. Empa motsoalle oa ’nete “e ba ngoan’abo tlokotsing ea hae” ’me a ka fana ka thuso ea bohlokoa haeba u mo fa monyetla o joalo. (Liproverbia 17:17) Leha ho le joalo, hloaea bao u ba phetlelang sefuba sa hao. Ithute ho senola lintho tseo u amehileng ka tsona butle-butle. Haeba motsoalle a ipaka a e-na le kutloelo-bohloko ’me a le bohlale, joale u ka leka ho senola boitsebiso bo eketsehileng.

      Hape hoa thusa ho itlhokomela ’meleng. Iphe phomolo e lekaneng. Etsa boitlhakiso ba ’mele bo lekaneng. Jaa lijo tse matlafatsang. Haeba ho khoneha, nolofatsa bophelo ba hao. U se ke ua tšaba ho lla. Ho ka ’na ha bonahala eka ha ho mohla bohloko boo bo tla fela, empa ka mor’a nakoana bo tla kokobela. Hopola: U ile ua mamella ho hleka-hlekoa hoo ha u ne u le ngoana ea sitoang ho itšireletsa—’me u ile ua ’na ua khona ho phela! Ha u se u le moholo, u na le matla ao u neng u se na ’ona ha u sa le ngoana. (Bapisa le 1 Ba-Korinthe 13:11.) Kahoo talimana le mehopolo ea hao e bohloko ’me u e thibele ho u tšoenya. Itšetlehe ka Molimo hore o u fe matla. Mopesaleme o ile a re: “Ho sa tsotellehe hore na matšoenyeho a pelo ea ka a maholo hakae, matšeliso a hao a nthoba pelo.”—Pesaleme ea 94:19, The New Jerusalem Bible.

      Ho Felisa Boikutlo bo Molato le Lihlong

      Ho khaotsa ho ipeha molato ke karolo e ’ngoe ea bohlokoa ea ho hlaphoheloa. Motho e mong ea ileng a hlaseloa ke ho hleka-hlekoa ea bitsoang Reba o re: “Esita le hona joale ke thatafalloa ke ho nahana hore ke ne ke se na molato. Kea ipotsa, ke hobane’ng ha ke ne ke sa mo thibe?”

      Leha ho le joalo, hopola hore batho ba hleka-hlekang bana ba sebelisa mekhoa ea bodiabolose e mebe ka ho fetisisa ho ba qobella ho lumela: matla a ho laola (‘Ke ntat’ao!’), litšoso (‘Ke tla u bolaea ha u ka bolela!’), ho sebelisa matla a ’mele ka likhoka esita le ho etsa hore ngoana a be le boikutlo bo molato (‘Ha u ka bolela, Ntate o tla ea teronkong.’). Ka lehlakoreng le leng, ba bang ba sebelisa tšusumetso e mosa kapa limpho le lintho tse itseng tse khethehileng. Ba bang ba hlahisa liketso tsa botona le botšehali e le papali kapa lerato le mofuthu la botsoali. Motho e mong ea ileng a hlaseloa ke ho hleka-hlekoa oa hopola: “O ile a re sena ke sona seo batho ba se etsang haeba ba ratana.” Ngoana e monyenyane a ka hanyetsa tlatlapo ea maikutlo le qhekello e joalo joang? (Bapisa le Ba-Efese 4:14.) E, ka ho se tsotelle, motho ea hleka-hlekang ngoana o nka monyetla ka ’nete ea hore bana ba sitoa ho itšireletsa, ba ka hlaseloa habonolo, ke “masea ka nqeng ea bobe.”—1 Ba-Korinthe 14:20, BPN.

      Ka mor’a moo, e ka ’na eaba joale ho tla hlokahala hore u hopole hore na u ne u hlaseleha habonolo u bile u sitoa ho itšireletsa hakae ha u sa le ngoana. U ka ’na ua leka ho qeta nako le bana ba bang ba banyenyane kapa ua sheba litšoantšo tsa hao tsa bongoaneng. Metsoalle e tšehetsang le eona e ka u thusa ka hore ka mehla e u hopotse hore ho hleka-hlekoa hoo e ne e se molato oa hao.

      Leha ho le joalo, mosali e mong o re: “Ke teneha haholo ha ke hopola maikutlo ao ntate a ileng a a tsosa ka hare ho ’na.” Batho ba bang ba ileng ba hlaseloa ke ho hleka-hlekoa hoo (karolo ea 58 lekholong phuputsong e ’ngoe) ba hopola hore ba ile ba ikutloa ba tsoheloa ke litakatso tsa botona le botšehali ha ba ntse ba hleka-hlekoa ka likamano tsa botona le botšehali. Ka ho utloahalang, sena se ba hlabisa lihlong haholo. Leha ho le joalo, buka Surviving Child Sexual Abuse e re hopotsa hore “ho tsoheloa ke litakatso ’meleng [e] mpa feela e le [karabelo] ea ’mele e itlisang ha o angoa kapa ho tsosoa litakatso tsa oona ka litsela tse itseng” le hore ngoana “a ke ke a laola ho tsoha hona ha litakatso.” Ke motho ea mo hleka-hlekang feela ea jarang molato ka ho felletseng bakeng sa se ileng sa hlaha. E NE E SE MOLATO OA HAO!

      Hape, tšeliseha ka ho tseba hore Molimo o u talima u ‘hloka molato u bile u sa nyatsehe’ tabeng eo. (Ba-Filippi 2:15, BPN) Ka mor’a nako takatso leha e le efe ea ho kenella boitšoarong bo tla u ntša kotsi e ka fokotseha, ’me u ka ithuta ho baballa ’mele oa hao.—Bapisa le Ba-Efese 5:29.

      Ho Amohela Batsoali ba Hao

      Sena se ka ipaka e le o mong oa mehato e thata ka ho fetisisa ea ho hlaphoheloa. Ba bang ba tsoela pele ho tlala bohale, menahano eo e seng ea sebele ea ho iphetetsa—kapa ho ikutloa ba le molato. Motho e mong ea ileng a hlaseloa ke ho hleka-hlekoa o ile a re: “Ke tepelletse maikutlo hobane ke nahana hore Jehova o lebelletse hore ke tšoarele motho ea ileng a ntlheka-hleka ka likamano tsa botona le botšehali, ’me ke sitoa ho etsa joalo.” Ka lehlakoreng le leng, u ka ’na ua lula u tšaba motho ea neng a u hleka-hleka haholo. Kapa u ka ’na ua ba le maikutlo a tletseng bora khahlanong le ’mè oa hao haeba a ile a iphapanyetsa ho hleka-hlekoa hoo kapa a arabela ka ho latola kapa ka bohale ha ho hleka-hlekoa hoo ho senoloa. Mosali e mong o hopola ka pelo e bohloko: “’Mè o ile a mpolella hore ke lokela ho mamella [ntate].”

      Ke ha tlhaho hore motho a ikutloe a halefile ha a ile a hleka-hlekoa. Leha ho le joalo, litlamo tse kopanyang lelapa li ka ba matla haholo, ’me u ka ’na ua se batle ho senya kamano eohle eo u nang le eona le batsoali ba hao. E ka ’na eaba u bile u ikemiselitse ho boelana le bona. Leha ho le joalo, se sengata se itšetlehile ka maemo. Ka linako tse ling batho ba ’nileng ba hlaseloa ke ho hleka-hlekoa ba ba le tšekamelo ea ho tšoarela batsoali ba bona hang-hang—ba sa lokafatse ho hleka-hlekoa hoo, empa ba hana ho qetoa ke tlhonamo kapa ho laoloa ke tšabo. Ba bang ba khetha ho qoba ho buisana mantsoe a bohloko le bona ka maikutlo a phahameng, ba khotsofalla ho ‘thuisa sena ka pelong’ le ho lebala ka sona.—Pesaleme ea 4:5, BPN.

      Leha ho le joalo, u ka ’na ua ikutloa hore litaba li ka lokisoa feela ka hore u buisane le batsoali ba hao ka ho toba ka ho hleka-hlekoa hoo—ka seqo, ka fono, kapa ka lengolo. (Bapisa le Mattheu 18:15.) Haeba ho joalo, kholiseha hore u se u hlaphohetsoe ka ho lekaneng—kapa bonyane u na le tšehetso e lekaneng—e le hore u ka mamella ntoa ea maikutlo e ka ’nang ea qhōma. Kaha ho omana ho ke ke ha finyella letho, leka ho tiea empa u boloke botsitso. (Liproverbia 29:11) U ka ’na ua qala ka ho bolela (1) se ileng sa etsahala, (2) kamoo se u ammeng ka teng, le (3) seo u se lebelletseng ho bona hona joale (joaloka ho kōpa tšoarelo, tefello bakeng sa melato ea phekolo ea ngaka, kapa hore ba fetole boitšoaro ba bona). Bonyane ho senola bothata ho ka thusa ho leleka maikutlo leha e le afe a ntseng a setse a hore ha u na matla. ’Me ho ka bula tsela bakeng sa ho ba le kamano e ncha le batsoali ba hao.

      Ka mohlala, ntate oa hao a ka ’na a lumela hore o ile a u hleka-hleka, a bolela hore o soabile haholo. Hape e ka ’na eaba o entse boiteko bo tiileng ba ho fetoha, mohlomong ka ho batla phekolo bakeng sa ho lemalla tahi kapa ka ho phehella ho ithuta Bibele. Ka ho tšoanang, ’mè oa hao le eena a ka ’na a kōpa tšoarelo bakeng sa ho hlōleha ho u sireletsa. Ka linako tse ling le ka ’na la boelana ka ho felletseng. Leha ho le joalo, u se ke ua makala haeba u ntse u e-ba le maikutlo a loantšanang mabapi le ho ba le kamano e haufi le batsoali ba hao ’me u khetha ho se potlakele ho ba le kamano e haufi le bona. Leha ho le joalo, bonyane u ka ’na ua khona ho tsosolosa tšebelisano e itekanetseng ea lelapa.

      Ka lehlakoreng le leng, puisano eo e ka ’na ea etsa hore motho ea neng a u hleka-hleka ka likamano tsa botona le botšehali le litho tse ling tsa lelapa li itatole li be li u buise mantsoe a bohloko. Ho hobe le ho feta, u ka ’na ua fumana hore ho sa ntsane ho e-na le kotsi ea hore motho eo a ka u hleka-hleka hape. Haeba ho le joalo, ho tla be ho sa lokela hore u mo tšoarele, ’me u ke ke ua khona ho ba le kamano e haufi le eena ho hang.—Bapisa le Pesaleme ea 139:21.

      Ho sa tsotellehe se ka etsahalang, ho ka ’na ha hlokahala hore ho fete nako e telele pele ho hlabeha maikutlo ha hao ho kokobela. Ho ka ’na ha hlokahala hore khafetsa u ikhopotse hore ke Molimo o tla phethahatsa toka qetellong. (Ba-Roma 12:19) Ho buisana le motho ea tla u mamela le ea tla u tšehetsa kapa esita le ho senola maikutlo a hao ka lengolo le hona ho ka u thusa ho utloisisa khalefo ea hao. Ka thuso ea Molimo u ka utloisisa khalefo ea hao esita le ho e hlōla. Ha nako e ntse e-ea, ho hlabeha maikutlo ho ke ke ha hlola ho laola monahano oa hao.—Bapisa le Pesaleme ea 119:133.

      Ho Hlaphoheloa Moeeng

      Ha re na sebaka se lekaneng ho hlalosa litaba tsohle tsa maikutlo, tsa boitšoaro, le tsa moea tse amehang. Re ka bolela feela hore u ka etsa ho hongata e le hore u khone ho hlaphoheloa ka ‘ho nchafatsa kelello ea hao’ ka thuso ea Lentsoe la Molimo. (Ba-Roma 12:2) ‘Hahamalla lintho tse ka pele,’ u tlatse bophelo ba hao mehopolo le mesebetsi ea moea.—Ba-Filippi 3:14; 4:8, 9.

      Ka mohlala, batho ba bangata ba hlasetsoeng ke ho hleka-hlekoa ba tšeliseha feela ka ho bala Lipesaleme. Empa, melemo e meholoanyane e tla ka ho sebelisa melao-motheo ea Bibele ka tieo. Ka mor’a nako khatello ea lenyalo e ka fokotseha. (Ba-Efese 5:21-33) Boitšoaro bo kotsi bo ka khaotsa. (1 Ba-Korinthe 6:9-11) Maikutlo a fosahetseng a botona le botšehali a ka fola. (Liproverbia 5:15-20; 1 Ba-Korinthe 7:1-5) U ka boela ua ithuta ho boloka ho leka-lekana likamanong tsa hao tsa botho le ba bang le ho haha litekanyetso tse tiileng tsa boitšoaro.—Ba-Filippi 2:4; 1 Ba-Thessalonika 4:11, BPN.

      U ka kholiseha ka ntho e le ’ngoe: Ho hlaphoheloa ho hloka boikemisetso ba sebele le boiteko bo boholo! Leha ho le joalo, Pesaleme ea 126:5 ea re tiisetsa: “Ba jalang ka meokho, ba tla kotula ka mehoo ea thabo.” Hape, hopola hore Molimo oa ’nete, Jehova, o thahasella boiketlo ba hao. O “haufi le ba pelo tse robehileng, o thusa ba meea e tetelitsoeng.” (Pesaleme ea 34:18) Motho e mong ea ileng a hlaseloa ke ho hleka-hlekoa o re: “Qetellong ha ke hlokomela hore Jehova o elelloa boikutlo bo bong le bo bong boo ke nang le bona le hore oa tsotella—o hlile oa tsotella—ke ile ka ikutloa ke tletse khotso qetellong.”

      Molimo oa rōna o lerato, Jehova, ha o fane ka khotso ea kelello feela. O boetse o fana ka tšepiso ea lefatše le lecha la ho loka, leo ho lona o tla hlakola mehopolo eohle ea mahlomola a bongoaneng. (Tšenolo 21:3, 4; bona le Esaia 65:17.) Tšepo ena e ka u tiisa le ho u matlafatsa ha u ntse u tsoela pele boitekong ba ho hlaphoheloa ka ho felletseng.

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela