Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Ho Loantša Sera se Sehlōhō
    Tsoha!—1987 | November 8
    • Ho Loantša Sera se Sehlōhō

      “ENA e ne e le teko e khōlōhali bophelong ba ka,” ho boletse Elizabeth. “Ho fola ke ntho e makatsang. Ke ikutloa eka ke fuoe monyetla o mocha oa bophelo. Joale ke tseba ho fofonela monko o monate oa lipalesa!” Mosali enoa ea lilemo li 42 o hlōtse sera se boleloang se utloisa bohloko haholo ho feta ho kula leha e le hofe ha kelello—ho tepella maikutlong (depression).

      Alexander ha a ka a ba lehlohonolo joalo. Monna enoa ea lilemo li 33 o ile a tepella haholo maikutlong, a felloa ke takatso ea lijo, a ikarola bathong ba bang. “O ne a bona eka lefatše le felile ’me ha ho sa le bohlokoa ho phela,” ho hlalositse mosali oa hae, Esther. “O ne a lumela hore ha a bohlokoa.” A kholisehile hore le ka mohla a ke ke a fola, Alexander a ipolaea.

      Elizabeth le Alexander ba ne ba le har’a batho ba 100 000 000 lefatšeng lohle bao selemo se seng le se seng ba hlalosoang ke lingaka ba hlasetsoe ke lefu la ho tepella maikutlong. Moamerika a le mong ho a mane, le Mocanada a le mong ho a mahlano, ba hlaseloa ke ho tepella maikutlong ho sekhahla lilemong tsa bona tsa bophelo. Litlaleho li bontša hore ho tepella maikutlong ke lefu le tloaelehileng Afrika, ’me le ntse le ata Jeremane Bophirimela. Ho ka etsahala hore motsoalle oa hao kapa mong ka uena o hlasetsoe ke lefu lena kapa le kile la mo hlasela.

      Mosali oa Alexander, ea entseng sohle se matleng a hae ho thusa monna oa hae, oa lemosa: “Ha e mong a u bolella hore o tepelletse maikutlong ’me o ikutloa a se bohlokoa, nka taba eo ka ho teba.” Ho tepella ho sekhahla ha se boikutlo feela bo fetang kapa ho soaba. E ka ba ’molai, sera se sehlōhō se ka ’nang sa holofatsa. Ho se elelloa ho ka bolela phapang pakeng tsa bophelo le lefu.

      “Khathatso Bokong ba Ka”

      Kaofela ha rōna re lahleheloa ke ho itseng ’me ho re utloisa bohloko, re ea tšoenyeha, le ho soetseha. Ho soaba ke boitšoaro bo tloaelehileng. U itebatsa bohloko, ’me qetellong u qala ho mamella boemo bo fetohileng. U lebella letsatsi le molemonyana ka meso ’me kapele u qala ho thabela bophelo hape. Empa lintho li fapane tabeng ea ho tepella ho sekhahla ha maikutlo.

      “Ka likhoeli tse robeli ke ne ke sa ee mabenkeleng, ho ne ho se letho le neng le etsa hore ke ikutloe ke thabile,” ho boletse Elizabeth. Mokuli e mong, Carol, o ekelitse: “E ne eka ho na le khathatso ka bokong ba ka, joaleka leru le tšabehang le lepeletseng ka holim’a ka. U ne u ka mpha liranta tse millione, empa u ne u ke ke ua thibela maikutlo ao a tšosang.” Monna e mong o boletse hore ‘u ikutloa joaloka ha eka u roetse ligalase tse lefifi—ntho e ’ngoe le e ’ngoe e shebahala e le mpe. Hape, ligalase tsena li na le sehōlisi, bothata bo bong le bo bong bo bonahale bo ke ke ba hlōloa.’

      Ho tepella maikutlong ke letoto le qalang ka ho soaba ho fetohang ho hloka tšepo le ho batla ho ipolaea. (Bona lebokoso leqepheng 4.) Matšoao a mangata a lefu lena, matla a lona, le ho phehella ka nako e telele kaofela ke mabaka a tšoaeang haeba ho se thabe ho fetoha ho tepella ho kotsi maikutlong.

      Hase Kamehla ho Leng Bonolo ho Khetholla

      Hangata ho thata ho khetholla ho tepella maikutlong hobane mokuli a ka boela a ba le matšoao a mang a ho kula ’meleng. “Maoto a ka a bohloko, ’me ka linako tse ling ’mele oa ka ’ohle o bohloko. Ke ile lingakeng tse ngata,” ho boletse Elizabeth. “Ke ne ke kholisehile hore li ne li hlokomoloha boloetse bo bong ba ’mele ’me li sa hlokomele hore ke tla shoa.” Joaloka Elizabeth, bakuli ba ka etsang karolo ea 50 lekholong ba tepeletseng maikutlong ba batlang thuso ea meriana ba lla ka ho kula ’meleng ho ena le ho kula maikutlong.

      “Kamehla, ba lia ka hlooho e bohloko, ho hlobaela, ho felloa ke takatso ea lijo, ho pipitleloa, kapa mokhathala o sa feleng,” ho ngola Ngaka Samuel Guze, hlooho ea Lefapha la Thuto ea Kelello la Univesithi ea Washington St. Louis, “empa ha ba bue letho ka ho soaba, ho hloka tšepo, kapa ho nyahama. . . . Bakuli ba bang ba tepelletseng maikutlong ba bonahala ba sa hlokomele ho tepella ha bona maikutlong.” Lehlaba le sa feleng, ho theoha kapa ho eketseha ha boima ba ’mele, le ho fokotseha ha takatso ea ho kopanela liphate ke matšoao a mang a hlokomelehang.

      Ngaka E. B. L. Ovuga oa Sepetlele sa Umzimkulu, Transkei, o hlalosa hore leha Maafrika a mangata a tepelletseng maikutlong a sa atise ho bolela hore a ikutloa a le molato kapa a se bohlokoa, a lla ka ho ba mahlahahlaha ka tsela e feteletseng, bolutu, le mahlaba ’meleng. Tlaleho ea 1983 ea

      Mokhatlo oa Lefatše oa Bophelo bo Botle e fumane hore batho ba bangata ba tepeletseng maikutlong ba hlahlobiloeng Switzerland, Iran, Canada, le Japane ba ne ba lla ka matšoao a tšoanang, ho felloa ke thabo, lipelaelo, ho haelloa ke matla, le likhopolo tsa ho hloka ho itseng.

      Joala le tšebeliso e mpe ea lithethefatsi, le ho kopanela liphate le batho ba fapaneng, ke litsela tse ling tseo ka tsona ba bang ba lekang ho hlōla ho tepella maikutlong. E, “motho leha a tšeha, pelo ea hae e ntse e hlomohile.” (Liprov. 14:13) Sena ke ’nete haholo-holo ka bacha. Batho ba baholo ba shebahala ba tepelletse maikutlong, empa ha ngoana ea tepeletseng maikutlong a kena ka kamoreng, u ke ke ua hlokomela letho,” ho hlalositse Ngaka Donald McKnew oa Sepetlele sa Sechaba sa Bophelo bo Botle ba Kelello (NIMH) lipuisanong tsa hae le Tsoha! “Ke ka lebaka leo ho tepella maikutlong ha bana ho tsoelang pele ho sa hlokomeloe ka nako e telele. Empa hang feela ha u buisana le bona ka hona, ba tla u tsebisa kamoo ba tepelletseng kateng.”

      Lilemong tsa bo-1980 ho bile le tsoelopele e khōlō kutloisisong ea phekolo ea ho tepella maikutlong. Liphiri tsa thuto ea mahlale ka boko li senotsoe. Ho ’nile ha etsoa liteko ho khetholla mefuta e itseng ea ho tepella maikutlong. Ntoa ena e ’nile ea hōlisoa ka ho sebelisa meriana e felisang ho tepella maikutlong le limatlafatsi tse kang liasiti tsa amino. Ho phaella moo, liphekolo tsa nako e khutšoane tsa puisano le bakuli li ’nile tsa sebelisoa ka mokhoa o atlehileng.

      Ho ea ka lingaka tsa NIMH, karolo e pakeng tsa 80 le 90 lekholong ea bahlaseluoa bohle e ka thusoa haholo ka phekolo e loketseng.

      Empa ke eng e bakang ho kula hona ha maikutlo?

  • Ho Tepella Maikutlong: Na Bohloko Bohle bo Hloohong?
    Tsoha!—1987 | November 8
    • Ho Tepella Maikutlong: Na Bohloko Bohle bo Hloohong?

      MONNA o ile a tepela maikutlong hang ha a qala ho nchafatsa ntlo ea hae e hahuoeng lilemong tse 200 tse fetileng. O ile a hlobaela ’me a thatafalloa ho nahana. Lelapa la hae la makala hore na ebe mohlomong ntlo eo ke letsaba la lithotsela! O ile a elelloa hore matšoao a lefu la hae a bohloko haholo, ho kopanyelletsa le lehlaba maleng, lefu le totetse kamor’a hore a qete nako e telele a tlosa ferefe ea khale linthong tsa lehong tsa ntlo. Ngaka ea hlokomela hore chefu e tsoang lotong ea ferefe ea khale eo a neng a e tlosa ke eona e mo baketseng ho tepella maikutlong.

      E, ka linako tse ling, lintho tse chefu li bakela ho tepella maikutlong. U ka ’na ua makala ho utloa hore ho tepella maikutlong ho bakoa ke lintho tse ngata.

      Lilemong tse ’maloa tse fetileng bafuputsi ba hlahlobile batho ba 100 ba amohetsoeng sepetlele ka lebaka la mathata a lefu la hlooho, ho akarelletsa !e ho tepella maikutlong. Litlalelong tse 46, matšoao a ho khathatseha maikutlong a ne a amana ka ho tobileng le ho kula ’meleng. Ho ea ka tlaleho ea American Journal of Psychiatry, ha lefu le amang ’mele le phekoloa, ba 28 “ba ile ba fola kapele bohlokong ba hlooho,” ’me ba 18 ba ne ba “ntlafetse haholo.”

      Leha ho le joalo, karolo ea bohloko ba ’mele lefung la ho tepella maikutlong e rarahane haholo. Phihlelo ea lingaka tse ngata ke hore mokuli ea tepelletseng maikutlong ho ka etsahala hore o na le lefu le leng ’meleng le sa ikarabeleng ka ho tepella maikutlong ha hae empa le fetoha ntho eo a tebisang monahano ho eona. Leha ho le joalo, hangata motheo oa ho tepella maikutlong o lokela ho hlahlojoa le ho phekoloa.

      Le hoja hangata mafu a ’mele a ka ’na a baka kapa a eketsa ho ferekana maikutlong, matšoao a bohloko ba hlooho a ka bakoa ke bohloko boo e sa leng bo le teng. Ka mohlala, kamor’a ho buuoa ho hoholo, haholo-holo ha pelo, hangata bakuli ba hlaphoheloang ba iphumana ba tepella maikutlong. ’Me ha bohloko ba ho buuoa bo fola, le ho tepella maikutlong hoa kokobela. Khatello ’meleng e bakiloeng ke ho kula ho matla e ka ferekanya maikutlo. Ho phaella moo, boikutlo ba ho kulisoa ke lijo le meriana bo ka baka ho tepella maikutlong ho matla bathong ba bang.

      Lefutso le ka fetisetsa lefu le itseng la ho tepella maikutlong. Mathoasong a selemo sena, bafuputsi ba boletse phatlalatsa hore ba sibolotse lefu la liphatsa tsa lefutso tseo ho lumelloang hore le baka ho tepella maikutlong ho ba bang.

      Hape, litsebi tse ling tsa meriana li bolela hore ho tloha karolong ea 10 ho isa ho ea 20 lekholong ea bo-mè ba bacha e tepella maikutlong ka ho feteletseng. Leha ho le joalo, bafuputsi ha ba ntšoe-leng tabeng ea hore na ebe liphetoho tsa maro a susumetsang ’mele, tse amanang le ho beleha kapa khatello ea boikutlo ba bo-’mè e baka ho tepella maikutlong. Liphuputso tsa haufinyana li bontša hore likhathatso tse hlahang pele ba ilela khoeli le lithibela-pelehi li baka ho tepella maikutlong ho basali ba bang.

      Liphuputso tse joalo li boetse li senola hore ho bonahala batho ba bang ba tepella maikutlong ka baka la ho fetoha ha linako tsa selemo ho bitsoang Ho Ferekana Kelellong ho Bakoang ke Phetoho ea Linako tsa Selemo. Batho ba joalo ba ikutloa ba tepelletse haholo nakong ea hoetla kapa mariha. Ba ba monyebe le ho robala haholo, ba ikarola ho metsoalle, le ba lelapa, ’me ba fetola lijo. Empa ha selemo le lehlabula li thoasa, ba thaba, ba ba mahlahahlaha, ba ba matla, ’me ba boela ba sebetsa ka ho tloaelehileng. Ba bang ba phekotsoe ka katleho ka tsebo e laoloang ea leseli la maiketsetso.

      Kahoo ha se kamehla ho tepella maikutlong ho leng ‘ka hloohong.’ Ka hona haeba boikutlo ba ho tepella bo sa fele, ho hlahlojoa ka ho feletseng ke ngaka ke ha bohlokoa. Empa ho thoe’ng haeba lebaka la phekolo le sa fumanehe?

      [Lebokose le leqepheng la 20]

      Lisosa tse Ling Tsa ’Mele Tse Bakang ho Tepella Maikutlong

      Liphuputso tsa meriana li kopanyelletsa lintho tse latelang lisoseng tsa ho tepella maikutlong ho batho ba bang:

      Litšepe le lik’hemikale tse chefu: loto, sekete, aluminium, moea o litšila, le lichefu tse ling tse bolaeang likokonyana

      Phepo e haellang: lithibela-mafu le matsoai a mang a bohlokoa

      Mafu a tšoaetsang: lefuba, bohloko ba ho ruruha, maro a ’mele, bohloko ba matšoafo bo bakoang ke likokoanahloko, lefu la sebete, le mokakallane

      Mafu a maro a ’mele: lefu la qoqotho, ho ruruha, lefu la tsoekere

      Lefu la methapo: tšesefalo ea methapo, bohloko ba hlooho bo tšoarisang letōōpe le mesifa e fokolang

      Lithethefatsi tsa “boikhathollo”: PCP, matekoane, amphetamine, cocaine, heroin, methadone

      Meriana e fumanehang ka taelo ea ngaka: barbiturate, anticonvulsant, corticosteroid, hormone. Meriana e meng e phekolang khatello ea mali, mathata a lefu la pelo, le e meng e phekolang ho ferekana maikutlong

      (Ha se meriana e joalo kaofela e tla baka ho tepella maikutlong, leha kotsi e ka ba teng, hangata ke palo e fokolang feela ea ba e sebelisang tlas’a tlhokomelo e nepahetseng ea lingaka ba tla tepella joalo.)

  • Lisosa ke Mohopolo
    Tsoha!—1987 | November 8
    • Lisosa ke Mohopolo

      “KE entse liteko tsohle, ’me ha ke bone letho,” ngaka e mosa e boleletse Elizabeth. “Kea hlokomela hore u tepeletse haholo maikutlong ’me ho na le lebaka le utloahalang.”

      Elizabeth, ea neng a nahana hore bothata ba hae e ne e le ho kula ’meleng, a qala ho ipotsa haeba ngaka e ne e nepile. A nahana ka khathatso ea hae ea letsatsi le leng le le leng le mora oa hae ea lilemo tse tšeletseng ea sa laoleheng, eo hamorao tlhahlobo e senotseng hore o haelloa ke matla a ho nahana. “Khatello ea letsatsi le leng le le leng le lipelaelo tsa ferekanya maikutlo a ka haholo ho feta leha e le neng,” ho boletse Elizabeth. “Ka felloa ke tšepo le ho batla ho ipolaea.”

      Batho ba bangata ba tepeletseng maikutlong, joalo ka Elizabeth, ba tobane le khatello e khōlō. Ha e le hantle, tlhahlobo e khōlō ea babatlisisi ba Manyesemane George Brown le Tirril Harris e senotse hore basali ba tepeletseng maikutlong ba na le “mathata a maholo,” a kang ho se hlokomele ntlo kapa kamano e seng ntle ea lelapa, a fetang a basali ba sa tepellang ka makhetlo a mararo. Mathata ana a bakile “ho tepella ho kotsi le ho sa fetoheng” bonyane ka lilemo tse peli. Liphihlelo tse bohloko tsa bophelo, joaloka lefu la mong ka uena ea haufi kapa motsoalle, ho kula ho matla kapa kotsi, litaba tse tšosang, kapa ho lahleheloa ke mosebetsi, le tsona li ne li atile ka makhetlo a mane har’a basali ba tepelletseng maikutlong!

      Leha ho le joalo, Brown le Harris ba fumane hore bomalimabe bo ’notši ha bo bake ho tepella maikutlong. Lefu lena hangata le itšetlehile ka hore na kelello e amohela bomalimabe boo joang le hore na maikutlo a hae a sireletsehile hakae.

      “Ntho e ’Ngoe le e ’Ngoe e ne e Bonahala e sa Tšepise”

      Ka mohlala, Sarah, mosali ea khothetseng le ’mè oa bana ba bararo, o ile a robeha lesapo la mokokotlo ka kotsi a le mosebetsing. Ngaka ea hae ea ’molella hore o lokela ho fokotsa mosebetsi haholo ka lebaka leo. “Ke ile ka nahana hore bophelo ba ka bo felile. Ka tlhaho ke motho ea mafolofolo, ea ratang lipapali tsa mabelo le ho bapala le bana ba ka. Ke ile nahana haholo ka tahlehelo ena ’me ka nahana hore lintho li ke ke tsa hlola li loka. Kapelenyana ka felloa ke thabo eohle ea ho phela. Ntho e ’ngoe le e ’ngoe e ne e bonahala e sa tšepise,” ho boletse Sarah.

      Boitšoaro ba hae kotsing ena ba hlahisa monahano oa ho hloka tšepo mabapi le bophelo ba hae ka kakaretso, ’me sena sa tsoala ho tepella maikutlong. Joalokaha Brown le Harris, bukeng ea bona Social Origins of Depression, ba tlalehile: “[Ketsahalo e qholotsang, joaloka kotsi ea Sarah] e ka lebisa monahanong o hlokang tšepo ka bophelo ba hao ka kakaretso. Ke kakaretso e joalo ea ho hloka tšepo eo re lumelang hore e bōpa motso oa ho tepella maikutlong.”

      Empa ke eng se etsang hore batho ba bangata ba ikutloe ba sa tsebe ho hlōla bohloko ba ho lahleheloa, hoo ba qetellang ba tepelletse maikutlong? Ka mohlala, ke ka baka la’ng ha Sarah a ne a nahana feela lintho tse sa thabiseng?

      ‘Ha ke Bohlokoa’

      “Kamehla ke ne ke sa itšepe,” ho hlalositse Sarah. “Ke ne ke ikutloa ke feletsoe ke seriti, ’me ke ikutloa ke sa tšoaneloa ke ho hlokomeloa.” Boikutlo bo bohloko bo akarelletsang ho felloa ke seriti hangata ke mabaka a kotsi. “Pelo e thabileng e elisa sefahleho, empa moea o khathala ke bohloko ba pelo,” ho tlaleha Liproverbia 15:13. Bibele e hlokomela hore moea o tepelletseng e ka ba phello ea lefu lena, e seng ea likhatello tse ka ntle feela, empa ea boikutlo bo ka hare bo bobe. Ke eng se ka felisang seriti joalo?

      Mekhoa e meng ea rōna ea ho nahana e bōptjoa ke tsela eo re hōlisitsoeng ka eona. “Ha ke ne ke sa le ngoana, ha ho mohla batsoali ba ka ba kileng ba mpabatsa,” ho boletse Sarah. “Ha ke hopole ke utloa lentsoe la pabatso ho fihlela ke nyaloa. Ka baka leo, ke ne ke batla ho amoheloa ke ba bang. Ke tšaba haholo ho se amoheloe ke batho.”

      Takatso e matla ea Sarah ea ho batla ho amoheloa ke e tloaelehileng har’a ba bangata ba tepelletseng maikutlong. Lipatlisiso li senotse hore batho ba joalo ba sekamela ho thea ho itšepa ha bona leratong le kamohelong ea ba bang, e seng mesebetsing eo ba e finyellang. Ba ka lekanyetsa bohlokoa ba bona motheong oa hore na ba ratoa hakae kapa ba nkoa e le ba bohlokoa hakae ke ba bang. “Ho lahleha ha tšehetso e joalo ho tla lebisa ho feleng ha ho itšepa ’me hona ho ka qholotsa ho tepella maikutlong,” ho hlalositse babatlisisi.

      Ho Inka u Phethahetse

      Kameho e feteletseng ea ho fumana kamohelo ea ba bang hangata e iponahatsa ka tsela e sa tloaelehang. Sarah oa hlalosa: “Ke ne ke leka ho etsa ntho e ’ngoe le e ’ngoe ka mokhoa o nepahetseng hore ke fumane kamohelo eo ke sa kang ka e neoa ha ke Ie ngoana. Mosebetsing oa ka oa boipheliso, ke Ieka ho etsa ntho e ’ngoe Ie e ’ngoe joalo feela ka tsela e phethahetseng. Ke ne ke Iokela ho ba Ie Ielapa Ie ‘phethahetseng.’ Ke ne ke ikutloa hore ke lokela ho phelela hoo.” Leha ho Ie joalo, ha a hlaheloa ke kotsi, a felloa ke tšepo eohle. Oa eketsa: “Ke Iumela hore ke khona ho fepa Ielapa la ka hantle ’me ke tšaba hore haeba ke sa sebetse, lelapa le tla shoa ’me batho ba tla re, ‘Ke ’mè le mosali e mobe.’”

      Monahano oa Sarah oa lebisa ho tepelleng ho sekhahla ha maikutlo. Patlisiso ka botho ba batho ba tepelletseng maikutlong e senola hore taba ea hae hase e ikhethang. Margaret, ea ileng a tepella haholo maikutlong, o lumetse hore: “Ke ne ke khathatsehile ka hore na ke eng seo ba bang ba se nahanang ka ’na. Ke ne ke inka ke phethahetse, ke tšoara nako, ke boloka lintho tsohle li hlophehile.” Ho ipeela lipheo tse phahameng haholo le ho ba mahlahahlaha ka ho feteletseng, le ho hlōleha ho finyella lipheo tseo ke mohloli oa ho tepella maikutlong. Moeklesia 7:16 e ea lemosa: “U se ke ua iketsa ea lokileng ka ho fetisisa, u se ke ua ipea ea hlalefileng ka ho tlōlisa; hobane ke ha u no u tla itimeletsa’ng na?” Boikutlo ba “ho phethahala” bo ntša ba bang kotsi maikutlong le ’meleng. Ho tšoenyeha le hona ho ka ’na ha lebisa mofuteng oa ho ipea molato ho senyang.

      “Ha ke Khone ho Etsa Letho le Nepahetseng”

      Ho ipea molato e ka ’na ea e-ba boitšoaro bo nepahetseng. Ka mohlala, motho a ka ’na a tlatlapuoa ka baka la ho tsamaea a le mong tikolohong e kotsi. A ka ipea molato ka ho ipea boemong bo joalo, a etsa qeto ea ho fetoha ’me ka baka leo a qoba bothata bo tšoanang hamorao. Empa motho e mong a ka tsoela pele ’me a ipea molato ka mofuta oa motho oo a leng ’ona ka ho re: ‘Ke motho feela ea sa tsotelleng ea sa tsebeng ho lula kantle ho bothata.’ Mofuta ’ona oa ho ipea molato o senya seriti le ho itšepa.

      Mohlala oa ho ipea molato ho senyang joalo ke oa Maria ea lilemo li 32. O ile a tšoara khaitseli ea hae ka pelo ka likhoeli tse tšeletseng ka lebaka la ho se utloisisane. Mantsiboeeng a mang a hlasela khaitseli ea hae ka mantsoe thelefonong. ’Mè oa bona, ha a utloela ka seo Maria a se entseng, a mo letsetsa ’me a mo khalemela ka thata.

      “Ke ne ke halefetse ’mè haholo, empa ke ne ke ikhalefetse ka ho fetisisa, hobane ke ne ke tseba kamoo ke utloisitseng khaitseli ea ka bohloko kateng,” ho hlalositse Maria. Kapelenyana kamor’a moo o ile a omanya mora oa hae ea lilemo li 9, ea ileng a seba. Moshemane enoa, a soabile haholo, hamorao a re ho eena: “’Mè, u buile joaloka eka u ne u batla ho mpolaea!”

      Maria o ne a utloile bohloko haholo. O tlalehile: “Ke ile ka nahana hore ke mobe haholo. ‘Ha ke khone ho etsa letho le nepahetseng!’ Ke sohle seo ke neng ke nahana ka sona. Ka qala ho tepella maikutlong.” Ho ipea molato ha hae ha ipaka ho senya.

      Na sena sohle se bolela hore e mong le e mong ea tepellang maikutlong ha a itšepe? Le hanyenyane. Lisosa li rarahane ’me li a fapana. Ekasita leha phello e le seo Bibele e se bitsang ‘bohloko ba pelo,’ ho na le maikutlo a mangata a bakelang sena, ho kopanyeletsa le bohale bo sa feleng, ho hlonama, ho ba molato—ka ntho ea sebele kapa e nahaneloang—le likhohlano tse sa lokisoang le ba bang. (Liproverbia 15:13) Tsena kaofela li ka lebisa moeeng o khathetseng, kapa ho tepella maikutlong.

      Ha Sarah a hlokomela hore tsela eo a nahanang ka eona ke sesosa sa ho tepella ho hongata ha hae, pele o ne a utloile bohloko haholo. “Empa kapele kamor’a moo ka ikutloa ke lokolohile hobane ke hlokomela hore haeba mohopolo oa ka e le sesosa, ka hona o ka ’na ha lokisoa.” Sarah o boletse hore monahano ’ona o ile oa mo hlasimolla, a hlalosa: “Ke hlokometse hore haeba ke fetola tsela eo ke nahanang ka eona ka lintho tse itseng, hona ho tla ntlafatsa bophelo ba ka.”

      Sarah a etsa liphetoho tse hlokehang, ’me ho tepella ha hae maikutlong ha fela. Maria, Margaret, le Elizabeth ba hlōtse ntoa ea bona. Ke liphetoho life tseo ba ileng ba li etsa?

      [Ntlha e qolotsoeng leqepheng la 24]

      ‘Ha ke hlokomela hore mokhoa oa ka oa ho nahana ke ’ona sesosa sa ho tepella ha ka maikutlong, ka hlasimoloha le ho tšeliseha hobane ke lumetse hore nka o lokisa.’

      [Lebokose le leqepheng la 22, 23]

      Ho Tepella Maikutlong ha Bana: “Ke Lakatsa Eka Nka be ke Shoele”

      Puisano le Ngaka Donald McKnew oa Sepetlele sa Sechaba sa Mafu a Hlooho, ea entseng liphuputso tabeng ena ka lilemo tse 20.

      Tsoha!: U nahana hore lefu lee le namme hakae?

      McKnew: Phuputso ea haufinyana New Zealand ea bana ba sekete e senotse hore bana ha ba le lilemo tse robong, hoo ekabang karolo ea 10 lekholong ea bana e kile ea tepella maikutlong. Re fumane hore karolo ea 10 ho isa ho 15 lekholong ea bana ba sekolo e ferekane maikutlong. Lenane le fokolang le tepella maikutlong habohloko.

      Tsoha!: U bona joang haeba bana ba tepeletse haholo maikutlong?

      McKnew: Le leng la matšoao a maholo a bohloko ke hore ha ba thabele letho. Ha ba rate ho bapala kapa ho ba le metsoalle ea bona. Ha ba thabele lelapa la bona. U bona ho lahleheloa ke matla a ho tsepamisa mohopolo nthong e itseng; esita le mananeong a thelevishene, le mesebetsing ea bona ea sekolo ea lapeng. U bona boikutlo ba ho se be bohlokoa, boikutlo ba molato. Ba tsamaea hohle ba bolela hore ba nahana hore ha ba molemo kapa ha ho motho ea ba ratang. Mohlomong ba hlobaela kapa ba robala haholo; ba felloa ke takatso ea lijo kapa ba ja haholo. Hape o utloa menahano ea ho ipolaea e kang, “Ke lakatsa eka nka be ke shoele.” Ha u bona matšoao ana a bohloko ka nako e le ’ngoe, ’me a tsoela pele ka beke kapa tse peli, tseba hore ngoana eo o tepelletse haholo maikutlong.

      Tsoha!: Mabaka a sehlooho a bakang ho tepella ha bana maikutlong ke afe?

      McKnew: Ha u latella mabaka a bophelo ba ngoana, mohlomong ntho e khōlō ke ho lahleheloa. Le hoja sena hangata e le ho lahleheloa ke motsoali, se ka akareletsa metsoalle, beng ka eena ba haufi, kapa esita le phoofolo ea lapeng. Lebaka la bobeli nka qolla ho se ananeloe le ho se ratoe. Re bona bana ba bangata haholo ba hloiloeng ’me ba etsoa hore ba ikutloe ba se bohlokoa ke batsoali ba bona. Ka linako tse ling ho ntšetsoa malokobe ho bona. O nyatsuoa ka ntho e ’ngoe le e ’ngoe e phoso ka lapeng ebang ke phoso ea hae kapa che. Kahoo, o ikutloa e le ea se nang thuso. Lebaka le leng ke ho ferekana maikutlong hoa motsoali.

      Tsoha!: Buka Why Isn’t Johnny Crying? eo u kentseng letsoho ho ngoloeng ha eona, e hlalosa hore bana ba bang ba tepeletseng maikutlong ba sebelisa lithethefatsi le tahi kapa ba ameha botlokotseng ba bacha. Ke hobane’ng ha ho le joalo?

      McKnew: Re lumela hore ba leka ho pata ho tepella ha bona, esita le ho ipatela boikutlo bona. Tsela ea bona ea ho sebetsana le ho tepella maikutlong hangata ke ho lula ba tšoarehile linthong tse ling, joaloka ho utsoa makoloi, ho sebelisa lithethefatsi, kapa ho noa. Tsena ke litsela tsa ho ikhakanya kamoo ba ikutloang hampe kateng. Ha e le hantle, ho leka ho pata ho tepella maikutlong ha bona ke e ’ngoe ea litsela tse hlakileng tsa hore ba fapane le batho ba baholo.

      Tsoha!: U ka bolela joang haeba ngoana a tepeletse maikutlong le ha a mpa a seba?

      McKnew: Ka ho buisana le bana, ho fata maikutlo a bona, hangata u tla tseba haeba ba tepeletse maikutlong. ’Me haeba ho tepella maikutlong ho phekoloa hantle, boitšoaro ba bona boa ntlafala. Le hoja boitšoaro ba bona bo bonahala pepeneneng, lefu la ho tepella maikutlong lea ipata.

      Tsoha!: U etsa’ng ho fata ngoana ea tepeletseng maikutlong hore a itlhalose?

      McKnew: Pele, khetha nako le sebaka se khutsitseng. Joale mo botse lipotso tse loketseng tse kang, ‘Na ho na le ntho e u tšoenyang?’ ‘Na u ikutloa u soabile kapa u nyahame?’ ‘Na u halefile?’ Haeba ho na le ea hlokahetseng, ho itšetlehile ka maemo, ‘Na u hopotse Nkhono joaloka ’na?’ Neha ngoana sebaka sa ho ntša maikutlo a hae.

      Tsoha!: U ka bolella bana ba tepelletseng haholo maikutlong hore ba etse eng?

      McKnew: Ba bolelle batsoali ba bona ka sena. Mokhoa ’ona oa bofokisi ke oa bohlokoa, hobane hangata ke ngoana ea tsebang haeba a tepelletse maikutlong. Batsoali le matichere ha ba atise ho elelloa sena. Ke bone bacha ba ea ho batsoali ba bona ’me ba re, “Ke tepelletse maikutlong, ke hloka thuso,” ’me ba ile ba thusoa.

      Tsoha!: Motsoali a ka thusa ngoana ea tepeletseng maikutlong joang?

      McKnew: Haeba ho tepella maikutlong ho bonahala e le ho fokolisang, ha se ntho e ka phekoloang lapeng, joaiokaha lefuba le ke ke la phekoloa lapeng. Ho tepella maikutlong ho fokolisang ho lokela ho isoa ngakeng hobane mohlomong ho hlokahala phekolo ea meriana. Re sebelisa phekolo ea meriana ho bana ba fetang halofo ba kulang ka tsela ena, esita le ho bana ba lilemo tse hlano. Hape re leka ho fetola mohopolo oa ngoana. Ka mekhoa ena ho tepella maikutlong hoa phekoloa.

      Tsoha!: Haeba bohloko e se bo fokolisang, motsoali a ka etsa eng?

      McKnew: Ka botšepehi hlahloba boemo ba hao le lelapa la hao. Na ho bile le ho lahleheloa hoo le lokelang ho buisanoa ka hona e le hore ho ka lokisoa? Ha lefu le hlaha, se nyenyefatse masoabi a ngoana. Mo lumelle ho sebetsana le maikutlo a hae. Neha ngoana ea tepeletseng tlhokomelo e khethehileng, thoriso, le tšehetso ea maikutlo. Lula le eena nako e eketsehileng a le mong. Kameho ea hao e mofuthu ke mokhoa o molemohali oa phekolo.

  • Ho Hlōla Ntoa ea ho Tepella Maikutlong
    Tsoha!—1987 | November 8
    • Ho Hlōla Ntoa ea ho Tepella Maikutlong

      “KE KA masene motho a futuhang,” ho tlaleha Liproverbia 24:6. Masene, e seng feela merero e metle, a hlokeha ho hlōla ntoa. Ka sebele, haeba u tepelletse maikutlong, ha u batle ho mpefatsa boemo ba hao u sa elelloe. Ka mohlala, tlhahlobo ea 1984 ka batho ba tepeletseng maikutlong e senotse hore ba bang ba lekile ho mamella ho tepella ha bona ka ‘ho ntšetsa malokobe ho ba bang, ho fokotsa ho khathala kelello ka ho noa haholo, ho ja haholo, le ho noa lithethefatsi tse ngata tse felisang ho khathala kelellong.’ Liphello: “ho tepella ho eketsehileng le matšoao a ho kula ’meleng.”

      Batho ba bang ba tepeletseng maikutlong ba hlōleha ho batla masene ka baka la tšabo ea bona ea ho nkoa ba fokola kelellong. Leha ho le joalo, ho tepella ho kotsi maikutlong hase letšoao la ho fokola kelellong kapa moeeng. Patlisiso e bontša hore bohloko ba kelello bo hlaha haeba k’hemikale e itseng e sa sebetse hantle bokong. Kaha ho kula ’meleng ho ka bakela sena, haeba u ile ua tepella haholo maikutlong ka nako e fetang libeke tse peli, u eletsoa ho bona ngaka. Haeba ho se letho le phoso ’meleng, hangata lefu la ho tepella le ka felisoa ka ho lokisa mohopolo oa hao le ka thuso ea meriana e nepahetseng kapa lijo.a Ho hlōla ntoa ea ho tepella maikutlong ha ho bolele hore u ke ke ua kula hape. Masoabi ke karolo ea bophelo. Leha ho le joalo, haeba u loana ka tsela e masene u tla thuseha ho loantša ho tepella.

      Hangata ngaka e tla u laela ho noa meriana e felisang ho tepella maikutlong. Lithethefatsi tsena li etselitsoe ho felisa ho se lekalekane ha lik’hemikale. Elizabeth, ea boletsoeng pejana, o ile a li sebelisa, ’me ka libeke maikutlo a hae a qalisa ho ntlafala. “Ho ntse ho le joalo, ke ile ka tlameha ho hlaolela boikutlo bo nepahetseng ha ke ntse ke noa lithethefatsi tsena. Ka ‘matla’ a tsoang merianeng, ke ne ke ikemiselitse ho fola. Hape ke ne ke bolokile lenaneo la kamehla la boikoetliso ba ’mele.”

      Leha ho le joalo, tšebeliso ea meriana e felisang ho tepella maikutlong ha se kamehla e atlehang. E meng e na le liphello tse kotsi. ’Me ekasita leha tšebetso ea lik’hemikale e lokisitsoe, haeba monahano o sa fetoloe, ho tepella maikutlong ho ka khutla. Leha ho le joalo, u ka fola hamolemonyana ka ho ikemisetsa ho . . .

      Ntša Maikutlo a Hao

      Sarah o ne a hloname haholo ka baka la ho jara boikarabelo ba lelapa a le mong. (Bona leqephe 21.) “Empa ke ne ke hatelletse maikutlo a ka ka hare. Bosiu bo bong ha ke ikutloa ke hloka tšepo joalo, ka letsetsa khaitseli ea ka, ’me ka lekhetlo la pele bophelong ba ka, ka qala ho mo phetlela sefuba sa ka. Hona ho bile bohlokoa, ka hobane ho letsa thelefone ho ile ha nkhatholla.”

      Kahoo, haeba u tepelletse maikutlong, batla motho ea nang le kutloelo-bohloko eo u ka mo phetlelang sefuba. E ka ba molekane oa lenyalo, motsoalle ea haufi-ufi, mong ka uena, mosebetsi-’moho , ngaka, kapa moeletsi ea koetlisitsoeng. Ntho e ’ngoe e hlokehang ho hlōla ho tepella maikutlong, ho ea ka tlhahlobo e tlalehiloeng ho Journal of Marriage and the Family, ke “ho ba le mothusi ea tšehetsang eo u ka kopanelang le eena mahlomoleng a hao a bophelo.”

      Ho ntša maikutlo a hao ke mokhoa o folisang le o thibelang kelello ea hao ho leka ho latola ’nete ea bothata kapa tahlehelo, empa boikutlo bo fapaneng bo tla siea bothata bo le joalo. Empa ntša boikutlo ba sebele. U se lumelle boikhohomoso ba bohata, ho batla ho shebahala u sa utloa bohloko, bo u thibele ho etsa joalo. “Masoabi a fifatsa pelo ea motho; empa puo e molemo ea e thabisa,” ho tlaleha Liproverbia 12:25. Leha ho le joalo, ke feela ka ho ntša se sefubeng ba bang ba ka qalang ho utloisisa “masoabi” a hao ’me ka baka leo ba fana ka khothatso e “molemo.”

      “Ke ne ke batla feela ho utloeloa bohloko ha ke ne ke letsetsa khaitseli ea ka, empa ka fumana ho eketsehileng,” ho hopola Sarah. “O nthusitse ho bona moo monahano oa ka o fositseng teng. O mpoleletse hore ke ne ke itjarisitse boikarabelo bo bongata haholo. Pele ke ne ke sa batle ho utloa sena, ha ke qala ho sebelisa keletso ea hae, ka utloa mojaro o boima o qala ho tloha.” Mantsoe a Liproverbia 27:9 ke ’nete hakaakang: “Oli le tse nkhang hamonate li thabisa pelo, ho joalo keletso e tsoang pelong ea motsoalle ea mosa.”

      Ho monate ho ba le motsoalle kapa molekane ea buang ka ho toba ’me a u thusa ho bona lintho ka leihlo le nepahetseng. Sena se tla u thusa ho sebetsana le bothata bo le bong ka nako. Kahoo ho e-na le ho leka ho itšireletsa, ananela “masene” a joalo. U ka hloka e mong eo, kamor’a lipuisano tse seng kae, a ka u beelang lipheo tsa nako e khutšoane tse tla u bontša mehato eo u ka e nkang ho fetola kapa ho ntlafatsa boemo ba hao e le hore u ka fokotsa kapa ho felisa mohloli oa ho tepella kelellong.b

      Ho loantša ho tepella maikutlong hangata ho hloka ho loantša maikutlo a ho felloa ke ho itšepa. Ke joang maikutlo ana a ka loantšoang ka masene?

      Ho Loantša ho Felloa ke ho Itšepa

      Ka mohlala, Maria, joalokaha sehlooho se ka pele se bontšitse, o ile a tepelletsoa ke khohlano lelapeng labo. Eaba o fihla qetong ena: ‘Ke motho e mobe haholo ’me ha ke khone ho etsa letho le nepahetseng.’ Boikutlo boo bo ne bo fosahetse. Haeba feela a ile a hlahloba liqeto tsa hae, a ka be a ile a loantša hona ka ho nahana: ‘Ke etsa lintho tse ling ka mokhoa o nepahetseng ’me tse ling ka o fosahetseng, joaloka batho ba bang. Ke entse liphoso tse seng kae, ’me ke lokela ho sebeletsa ho nahanela haholoanyane, empa ke se feteletse liphoso ka ho sa hlokahaleng.’ Ho nahana joalo ho ne ho tla mo siea a ntse a itšepa.

      Hangata lentsoe le ka hare ho rōna le re nģosang ka ho fetisisa le fositse! Mefuta e meng ea menahano e mebe e tsoalang ho tepella maikutlong e thathamisitsoe lebokosong le bapileng. Ithute ho hlokomela menahano e fosahetseng joalo le ho lekanya bonnete ba eona.

      Mohlaseluoa e mong ea neng a feletsoe ke matla a ho itšepa ke Jean, motsoali ea lilemo li 37 ea hōlisang bana a le mong. “Ke ne ke khathetse kelellong ke ho hōlisa bashemane ba babeli. Empa ha ke bona batsoali ba bang ba hōlisang bana ba le bang ba nyaloa, ka nahana, ‘Ho tlameha e be ho na le ho hong ho fosahetseng ka ’na.’ Ka ho nahana feela ka lintho tse mpe, boikutlo bona ba hōla, ’me ka qetella ke robalitsoe sepetlele ka baka la ho tepella maikutlong.”

      “Kamor’a ho tsoa sepetlele,” Jean o tsoela pele, “ka bala Awake! ea September 8, 1981, e thathamisang ‘Mehopolo e ka Sekamisetsang Motho Maikutlong a Tepeletseng.’ Bosiu bo bong le bo bong ke ne ke bala lethathama leo. E meng ea menahano ea ka e mebe e ne e le ena, ‘Hore na ke motho oa bohlokoa kapa che ho itšetlehile ka hore ba bang ba nahana eng ka ’na,’ ‘Ha kea lokela ho utloa bohloko le ka mohla; kamehla ke lokela ho thaba le ho hlasimoloha,’ ‘Ke lokela ho ba motsoali ea phethahetseng.’ Ke ne ke inka ke phethahetse, ka hona ha feela ke qala ho tleloa ke monahano oo, ke ne ke rapela Jehova hore a nthuse ke khaotse ho nahana joalo. Ka ithuta hore ho nahana lintho tse mpe feela ho felisa boikutlo ba ho itšepa, hobane mahlo a hao a bona feela mathata a bophelo ba hao e seng molemo oo Molimo o u fileng ’ona. Ka ho iqobella ho qoba menahano e itseng e fosahetseng, ka hlōla ho tepela maikutlong.” Na menahano e meng ea hao e hloka ho loantšoa kapa ho haneloa?

      Na ke Phoso ea Ka?

      Leha Alexander a ne a tepelletse haholo maikutlong, o ne a khona ho ruta sehlopha sa bana sekolong. (Bona leqephe 17.) Ha ba bang ba barutoana ba hae ba hlōleha tlhahlobong e bohlokoa haholo ea ho bala, o ne a batla ho ipolaea. “O ne a nahana hore o hlōlehile,” ho tlalehile Esther mosali oa hae. “Ke ’moleletse hore hase phoso ea hae. U ke ke ua atleha ka ho phethahetseng.” Leha ho le joalo, boikutlo ba hae ba ho hana ho hlōleha ba koala kelello ea hae ’me a ipolaea. Hangata ho ipea molato haholo ho bakoa ke ho itjarisa boikarabelo boo e seng ba sebele ka lebaka la boitšoaro ba batho ba bang.

      Ekasita le tabeng ea ngoana, motsoali a ka susumetsa bophelo ba ngoana haholo empa e seng ho bo laola ka ho feletseng. Haeba ho ena le ntho e sa tsamaeeng hantle kamoo u neng u rerile kateng, ipotse: Na ke ka baka la ketsahalo e sa lebelloang e ka holimo ho matla a ka? (Moeklesia 9:11, NW) Na ka ho loketseng ke entse ka hohle kamoo nka khonang ho ea ka matla a ka a ’mele, kelello, le maikutlo? Na litebello tsa ka li ne li phahame haholo? Na ke lokela ho ithuta haholoanyane ho lekanyetsa lintho?—Ba-Filippi 4:5, NW.

      Empa ho thoe’ng haeba u entse phoso e tebileng, ’me e le phoso ea hao? Na ho tsoela pele u utloisa kelello ea hao bohloko ho tla fetola phoso eo? Na Molimo ha oa ikemisetsa ho u tšoarela “haholo” haeba u baka ka ’nete? (Esaia 55:7) Haeba Molimo ‘o sa u tsekise ka mehla,’ na u lokela ho ikahlolela bophelo ba hao bohle u ikutloela bohloko kelellong ka liphoso tse joalo? (Pesaleme ea 103:8-14) E seng masoabi a sa feleng empa ho nka mehato e nepahetseng ho ‘lokisa phoso’ ke ho tla thabisa Jehova Molimo ’me hape ho tla felisa ho tepella ha hao.—2 Ba-Korinthe 7:8-11.

      ‘Lebala Lintho Tse Fetileng’

      Mohlomong mathata a mang a boikutlo ba rōna a qalile nakong e fetileng, haholo haeba re ne re tšoeroe hampe. Ikemisetse ho tšoarela le ho lebala. ‘Ho lebala ha ho bonolo!’ u ka nahana joalo. Ke ’nete, empa ho molemo ho ena le ho senya bophelo ba hao bohle ka ho nahana ka lintho tse ke keng tsa etsolloa.

      “Ke lebala tse kamorao, ’me ke hahamalla ho tse ka pele,” ho ngotse moapostola Pauluse. “Ke titimela moo ho lekantsoeng teng, e leng pheo.” (Ba-Filippi 3:13, 14) Pauluse ha a ka a nahana feela ka tsela e fosahetseng eo a ileng a e phehella bolumeling ba Sejode, ho kopanyelletsa le ho amohela mesebetsi ea polao. (Liketso 8:1) Che, o ne a sebeletsa ka matla ’ohle ho tšoaneleha moputso oa kamoso oa bophelo bo sa feleng. Maria le eena o ithutile ho khaotsa ho nahana feela ka lintho tse fetileng. Ka nako e ’ngoe o ile a bea ’m’ae molato ka tsela eo a mo hōlisitseng ka eona. ’M’ae o ne a mo rorisa haholo kamoo ’mele oa hae o leng motle kateng, ka lebaka leo, Maria a fetoha ea inahanang a phethahetse le ho ba mōna ka botle ba khaitseli ea hae.

      “Mōna ea eba motso oa likhohlano, empa ka ba nģosa ka tsela eo ke neng ke itšoere ka eona. Joale ha fihla moo ke ileng ka nahana, ‘Hantle-ntle, ho etsa phapano efe ho tseba hore na ke phoso ea mang?’ Mohlomong ke na le mekhoa e mebe ka lebaka la tsela eo ’Mè a nkholisitseng ka eona, empa taba ea bohlokoa ke ho etsa ho hong ka eona! U se tsoele pele ho itšoara ka tsela eo.” Tlhokomelo ena e thusitse Maria ho etsa litokiso tse hlokehang tsa kelello ho hlōla ntoa ea ho tepella maikutlong.—Liproverbia 14:30.

      Bohlokoa ba Hao ba Sebele

      Haeba ho hlahlojoa mabaka ’ohle a boletsoeng, ho loantša ho tepella maikutlong ka katleho ho hloka ho ba le pono e tsitsitseng ka ho ba bohlokoa ha hao. “Ke ne ke tla re ho e mong le e mong oa lona,” ho ngotse moapotola Pauluse, “a se ke a itekanya ka holimo ho bohlokoa ba hae ba sebele, empa ka ho itekanya hantle.” (Ba-Roma 12:3, Charles B. Williams) Boikhohomoso ba bohata, ho hlokomoloha litekanyetso tsa rōna, le ho inka re phethahetse, kaofela ke ho itekanya ho feteletseng. Litšekamelo tsena li lokela ho haneloa. Leha ho le joalo, qoba ho fetela lehlakoreng le leng.

      Jesu Kreste o hatisitse bohlokoa ba morutuoa ka mong oa hae ka hore: “Lirobele tse hlano hleka ha li rekoe ka peni tse peli na? Leha ho le joalo, Molimo ha o lebale le se seng sa tsona. Esita le qoba tsa moriri oa lihloho tsa lōna li baliloe kaofela. Se tšabeng ke hona; le fetisa lirobele tse ngata.” (Luka 12:6, 7) Re ba bohlokoa bo joalo ho Molimo hoo o hlokomelang ekasitana le nthoana e nyenyane ka rōna. O tseba lintho tse itseng ka rōna tseo re sa li tsebeng hobane o tsotella ka ho tebileng ka e mong le e mong oa rōna.—1 Petrose 5:7.

      Ka hobane Sarah a hlokomela kamoo Molimo o nang le thahasello ea botho kateng a qala hōlisa boikutlo ba hae ba ho ba bohlokoa. “Kamehla ke ne ke ikutloa ke tšaba ’Mōpi, empa kapelenyana ka hlokomela hore o ne a ntsotella joaloka motho. Ho sa tsotellehe hore na bana ba ka ba etsa eng, monna oa ka o etsa eng, kamoo ’mè le ntate ba nkholisitseng kateng, ke hlokometse hore ke na le botsoalle ba botho le Jehova. Eaba ho itšepa ha ka ho qalisa ho hōla.”

      Kaha Molimo o nka bahlanka ba oona ba le bohlokoa, ha hoa itšetleha ka kamohelo ea batho ba bang ho tseba haeba re le bohlokoa. Ke ’nete hore ho bohloko ho se amoheloe ke ba bang. Empa haeba re sebelisa ho amoheloa kapa ho se amoheloe ke batho ba bang e le thapo eo re lekanyang bohlokoa ba rōna, re ipepesetsa boikutlong ba ho tepella. Morena Davida, monna ea neng a ratoa ke Molimo, ka nako e ’ngoe o ile a bitsoa “monna ea nang le molemo oa lefeela,” ho bolelang, “monna ea se nang bohlokoa ba letho.” Leha ho le joalo, Davida o ile a elelloa hore monyatsi eo o ne a na le bothata, ’me ha a ka a nka tlhaloso ena e le kahlolo ea ho qetela ea bohlokoa ba hae. Joalokaha batho ba etsa, hamorao Shimei a kōpa tšoarelo. Ekasita le haeba e mong a u nyatsa ka ho loketseng, talima ho nyatsa hoo ho tobisitsoe nthong eo u e entseng, e seng tšobotsing ea hao ea ho ba bohlokoa.—2 Samuele 16:7; 19:18, 19.

      Ho ithuta ha Sarah Bibele le libuka tse theiloeng Bibeleng le ho ea libokeng tsa Lipaki tsa Jehova ho mo thusitse ho rala motheo bakeng sa kamano le Molimo. “Empa boikutlo ba ka bo fetohileng ka thapelo e bile thuso e khōlōhali,” ho hopola Sarah. “Ke ne ke tloaetse ho nahana hore re rapela Molimo feela ka lintho tse khōlō ’me ha rea lokela ho mo khathatsa ka mathata a manyenyane. Hona joale ke ikutloa hore nka bua le oona ka ntho e ’ngoe le e ’ngoe. Haeba ke tšaba ho etsa qeto e itseng, ke mo kōpa hore a nthuse hore ke be le boikutlo bo khutsitseng le ho se feteletse lintho. Ke atamela haufi haholo ha ke bona a arabela lithapelo tsa ka le ho nthusa ho feta letsatsi ka leng le maemo a lekang.”—1 Johanne 5:14; Ba-Filippi 4:7.

      Ho kholiseha hore Molimo oa u tsotella, o utloisisa likhaello tsa hao, ’me o tla u fa matla a ho sebetsana le mathata a letsatsi ka leng ke senotlolo ntoeng ea ho tepella maikutlong. Leha ho le joalo, ka linako tse ling, ho sa tsotellehe seo u se etsang, ho tepella maikutlong ho a sala.

      Ho Mamella ka ‘Hora le Hora’

      “Ke lekile ntho e ’ngoe le e ’ngoe, ho kopanyelletsa le lijo tse phepo e ntle le meriana e felisang ho tepella maikutlong,” ho boletse Eileen ’mè ea lilemo li 47 ea ileng a loana le ho tepella ho sekhahla ha maikutlo ka lilemo. “Ke ithutile ho lokisa ho nahana ho fosahetseng, ’me sena se nthusitse ho ba motho ea bontšang kahlolo e sa feteletseng. Empa ho tepella maikutlong ho lula ho ntse ho le teng.”

      Hobane feela ho tepella maikutlong ho phehella ha ho bolele hore joale u ho loantše ka booatla. Lingaka ha li tsebe likarabo tsohle tsa ho phekola lefu lena. Maemong a mang ho tepella maikutlong ke liphello tse kotsi tsa meriana e meng eo re e noelang ho phekola lefu le leng. Ka lebaka leo, tšebeliso ea meriana e joalo e ka ba tefiso ea molemo o fumanoang ha ho phekoloa lefu le leng la ’mele.

      Ho hlakile hore ho phetlela e mong maikutlo a hao hoa thusa. Leha ho le joalo, ha ho motho e mong ea tsebang botebo ba bohloko ba hao. Leha ho le joalo, Molimo oa tseba ’me o tla u thusa. “Jehova o ’matlafalitse hore ke ’ne ke leke. Ha a ka a ntlohela hore ke tepelle, o ’neile tšepo,” ho boletse Eileen.

      Ka thuso ea Molimo, tšehetso ea maikutlo ho tsoa ho ba bang, le boiteko ba hao, u ke ke ua hlōleha hoo u ka nyahamang. Hamorao u ka amohela lefu la ho tepella maikutlong, joalokaha u itloaetsa lefu le leng le sa foleng. Ho mamella ha ho bonolo, empa u ka khona ho mamella! Jean, eo ho tepella ha hae ho neng ho phehella, o itse: “Re ne re sa mamelle bakeng sa letsatsi le letsatsi. Ho ne ho tšoana haholo le ho mamela hora le hora.” Eileen le Jean ba matlafalitsoe ke tšepo ea Bibele hore ba mamelle ka ho tsoelang pele. Ke tšepo efe eo?

      Tšepo e Hlollang

      Bibele e bua ka nako e tlang e haufi eo ‘o tlang ho hlakola meokho eohle mahlong a batho, lefu ha le sa tla hlola le eba teng, ’me ha ho sa tla ba masoabi leha e le ho bokolla, kapa bohloko; hobane tsa pele li fetile.’ (Tšenolo 21:3, 4) ’Muso oa Molimo joale o tla tlisa pheko e feletseng ’meleng le kelellong ho bafo bohle ba ’ona ba lefatšeng.—Pesaleme ea 37:10, 11, 29.

      Hase feela bohloko ba ’mele bo tla tlosoa empa le khatello e bohloko le lefu la pelo. Jehova o a tšepisa: “Tse fetileng ha li sa tla hlola li hopoloa, li ke ke tsa khutlela mehopolong. Empa le tla ba le thabo le nyakallo e sa feleng ka seo ke eang ho se bōpa.” (Esaia 65:17, 18) E tla ba tokoloho e kaakang ho batho ho lokolloa mejarong ea nako e fetileng le ho tsoha letsatsi ka leng ka likelello tse hlakileng, ba le mafolofolo ho talimana le mosebetsi oa letsatsi le leng le le leng! Batho ha ba sa tla hlola ba khathatsoa ke maikutlo a tepeletsang.

      Ha ‘lefu le se le le sieo, masoabi, kapa ho bokolla,’ ho tla ba sieo le boikutlo bo bohloko ba ho lahleheloa le ho khathala maikutlong ha letsatsi le letsatsi tseo ha joale li hlahisang ho tepella maikutlong. Kaha mosa, ’nete, le khotso li tla susumetsa tšebelisano ea rōna le ba bang, likhohlano tse bohloko li tla fela. (Pesaleme ea 85:10, 11) Ha liphello tsa sebe li tlosoa, e tla ba thabo e kaakang qetellong ho finyella ka ho phethahetseng litekanyetso tse lokileng tsa Molimo le ho ba le khotso e feletseng ka hare!

      Tebello ena e hlollang ke tšusumetso e khōlō ea ho tsoela pele u loana, ho sa tsotellehe hore na ho tepella maikutlong ho matla hakae. Hobane lefatšeng le lecha la Molimo, batho ba phethahetseng ba tla fumana tlhōlo e feletseng ntoeng ea bona ea ho tepella maikutlong. Tseo ke litaba tse molemo hakaakang!

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela