-
Bophelo bo Qalile Joang?Tsoha!—2015 | January
-
-
SEHLOOHO SE KA NTLE
Bophelo bo Qalile Joang?
U ne u ka qetella polelo ee e latelang joang?
BOPHELO BO BILE TENG .
KA HO IPHETOLA HA LINTHO
KA HO BŌPTJOA
BATHO ba bang ba ka ’na ba nahana hore motho ea ratang saense o tla khetha “ka ho iphetola ha lintho” ’me ea ratang bolumeli o tla khetha “ka ho bōptjoa.”
Empa hase kamehla seo se ka etsahalang.
Nahana ka Gerard, e leng moprofesa oa thuto ea likokoanyana ea ileng a rutoa thuto ea ho iphetola ha lintho k’holejeng. O re: “Ha ke ne ke ngola litlhahlobo, ke ne ke ngola likarabo tse batloang ke baprofesa ba ka—empa ke ne ke sa lumele seo ke se ngotseng.”
Ke hobane’ng ha esita le batho ba ratang saense ba na le bothata ba ho lumela hore bophelo bo bile teng ka ho iphetola ha lintho? E le hore u arabe potso eo, nahana ka lipotso tse peli tse qakang bafuputsi ba bangata: (1) Bophelo bo qalile joang? le (2) Lintho tse phelang li bile teng joang?
-
-
Lipotso Tse Peli Tsa BohlokoaTsoha!—2015 | January
-
-
SEHLOOHO SE KA NTLE | BOPHELO BO QALILE JOANG?
Lipotso Tse Peli Tsa Bohlokoa
1 Bophelo bo Qalile Joang?
SEO BA BANG BA SE BUANG. Bophelo bo bile teng ka mohlolo ho tsoa linthong tse sa pheleng.
LEBAKA LEO BATHO BA BANG BA SA KHOTSOFATSOENG KE KARABO EO. Hona joale bo-rasaense ba utloisisa tsamaiso ea lintho tse phelang le sebōpeho sa tsona ho feta leha e le neng pele, empa ba ntse ba sa khone ho fana ka tlhaloso e utloahalang ea hore na bophelo bo bile teng joang. Ho na le phapang e khōlō pakeng tsa lintho tse sa pheleng le sele e nyenyane ka ho fetisisa e phelang.
Ba na le maikutlo a sa tšoaneng tabeng ea hore na bophelo bo qalile hokae—hore na bo qalile ha ho foqoha seretse se chesang kapa bo qalile ka tlas’a leoatle. Ba bang ba lumela hore bophelo bo qalile kae-kae sepakapakeng eaba bo oela mona lefatšeng. Leha ho le joalo, seo hase arabe potso ea hore na bophelo bo qalile joang; empa se etsa hore ho be boima le ho feta ho utloisisa hore na bo qalile joang.
Ba bolela hore limolek’hule tsena li itlhahetse ka mohlolo ho tsoa linthong tse sa pheleng ’me li khona ho ikatisa. Empa ha ho bopaki ba saense bo bontša hore ho kile ha e-ba le limolek’hule tse joalo, ’me le bo-rasaense ha ba e-s’o li hlahise lilaboratoring tsa bona.
Lisele tse liphatseng tsa lefutso, li fetisa litaelo tse ka har’a tsona, lia li fetolela le ho li phetha. Bo-rasaense ba bang ba bapisa liphatsa tsa lefutso le lenaneo la k’homphieutha ’me tsela eo sele e bōpehileng ka eona ba e bapisa le k’homphieutha ka boeona. Empa thuto ea ho iphetola ha lintho ha e hlalose hore na boitsebiso bo liphatseng tsa lefutso bo tsoa hokae.
Molek’hule e le ’ngoe ea protheine e na le li-amino acid tse makholo tse kopaneng ka tsela e ikhethang. Ho phaella moo, molek’hule ea protheine e lokela ho ba le sebōpeho se itseng e le hore e khone ho sebetsa hantle. Bo-rasaense ba bolela hore ke ntho e sa utloahaleng ho nahana hore molek’hule e bile teng ka mohlolo. Setsebi sa fisiks e leng Paul Davies o re: “Kaha sele e hloka liprotheine tse sa tšoaneng tse likete e le hore e sebetse, ke ntho e sa utloahaleng ho nahana hore e bile teng ka mohlolo.”
SEO E LENG ’NETE. Le hoja bo-rasaense ba makaleng a fapaneng a saense ba qetile lilemo tse mashome ba etsa liphuputso, ’nete ke hore lintho tse phelang li bile teng ho tsoa ho tse ling tse phelang.
2 Lintho Tse Phelang li Bile Teng Joang?
SEO BA BANG BA SE BUANG. Ntho ea pele e phelang e ile ea fetoha hanyane-hanyane mefuta e meng ea lintho tse phelang, tse akarelletsang batho, ka ho iphetola ha lintho.
LEBAKA LEO BATHO BA BANG BA SA KHOTSOFATSOENG KE KARABO EO. Lisele tse ling li rarahane ho feta tse ling. Buka e ’ngoe e re, hangata ho thata hore thuto ea ho iphetola ha lintho e hlalose hore na bophelo bo qalile joang le hore na ho tla joang hore lisele tse nyenyane ka ho fetisisa li fetohe lisele tse ling tse ngata tse rarahaneng.
Mesebetsi ena e akarelletsa ho isa limatlafatsi likarolong tsohle tsa ’mele, ho nchafatsa likarolo tsa sele le ho fetisa melaetsa ka har’a sele. Na ketsahalo ee e rarahaneng e bile teng ka ho iphetola ha lintho? Batho ba bangata ba thatafalloa ho utloisisa khopolo eo.
Ka har’a lehe lena, lisele lia ikatisa le ho fetoha likarolo tse ikhethang, ebe li fetoha libōpeho tse itseng le ho sebetsa ka litsela tse fapaneng ho bōpa litho tsa ’mele. Thuto ea ho iphetola ha lintho e sitoa ho hlalosa hore na sele ka ’ngoe e “tseba” joang hore e lokela ho fetoha eng le ho ea likarolong life tsa ’mele.
Kaha bo-rasaense ba sitoa ho hlalosa hore na ke joang ho iphetola ha lintho ho ka hlahisang leha e le sele “e le ’ngoe,” na ke ho utloahalang ho lumela hore ho iphetola ha lintho ke hona ho entseng mefuta e fapaneng ea liphoofolo lefatšeng? Ha Michael Behe e leng moprofesa oa thuto ea baeloji a hlalosa tsela eo liphoofolo li entsoeng ka eona, o bontša hore le hoja liphuputso “li fumane lintho tse hlollang hakana, bo-rasaense ba ntse ba sa utloisise hore na ke joang lintho tse rarahaneng joalo li ka itlhahelang feela ka mohlolo.”
Thuto ea ho iphetola ha lintho e sitoa ho hlalosa hore na ke’ng e etsang hore motho a be le litšobotsi tseo tse ikhethang.
SEO E LENG ’NETE. Le hoja batho ba bangata ba tsitlella hore thuto ea ho iphetola ha lintho ke ’nete e ke keng ea qojoa, ba bang ha ba khotsofatsoe ke tsela eo e hlalosang hore na bophelo bo qalile joang.
-
-
Karabo ea Bohlokoa eo U ka e HlahlobangTsoha!—2015 | January
-
-
SEHLOOHO SE KA NTLE | BOPHELO BO QALILE JOANG?
Karabo ea Bohlokoa eo U ka e Hlahlobang
KA MOR’A ho hlahloba bopaki, batho ba bangata ba entse qeto ea hore ho na le motho ea bohlale ka ho fetisisa ea bōpileng lintho tse phelang. Nahana ka mohlala oa Antony Flew, e leng moprofesa oa filosofi eo ka nako e itseng a kileng a tšehetsa khopolo ea hore Molimo ha a eo. Flew o ile a fetola maikutlo ka mor’a hore a ithute ka tsela e hlollang eo bophelo bo rarahaneng ka eona le ka melao ea bokahohle. Ha a qotsa seo bo-rafilosofi ba nakong e fetileng ba ileng ba se bua, o ile a ngola a re: “Re lokela ho amohela qeto e entsoeng ka mor’a liphuputso le hoja re sa lumellane le eona.” Ho ea ka Moprofesa Flew, liphuputso li bontšitse hore ho na le ’Mōpi.
Gerard, eo ho builoeng ka eena sehloohong se qalang letotong lena, o ile a fihlela qeto e tšoanang. Le hoja a rutehile haholo ’me a e-na le phihlelo thutong ea likokoanyana, o ile a re: “Ha kea fumana bopaki bo bontšang hore bophelo bo bile teng ka mohlolo ho tsoa linthong tse sa pheleng. Tsela eo lintho tse phelang li hlophisehileng le ho rarahana ka eona, e ile ea nkholisa hore e tlameha ebe ho na le Mohlophisi le Moqapi.”
Feela joalokaha motho a ka ithuta ka motaki ea itseng ka ho hlahloba mosebetsi oa hae, Gerard o ile a lemoha litšobotsi tsa ’Mōpi ka ho hlahloba pōpo ea hae. O ile a boela a ipha nako ea ho ithuta buka e buang ka ’Mōpi—e leng Bibele. (2 Timothea 3:16) Ka har’a eona o ile a fumana likarabo tse khotsofatsang mabapi le hore na moloko oa batho o tsoa hokae le hore na batho ba ka rarolla joang mathata ao ba tobanang le ’ona kajeno. Ka lebaka leo, o ile a kholiseha hore Bibele le eona e ngotsoe ke motho ea bohlale ka ho fetisisa.
Joalokaha Gerard a hlokometse, ke habohlokoa ho hlahloba likarabo tsa Bibele. Re u khothalletsa hore u ke u li hlahlobe.
-