-
AntikresteHo Bea Mabaka ka Mangolo
-
-
Batho ka bomong le lichaba ba hanyetsang Kreste e le Morena kapa ba ipolelang ka bohata hore ba phetha karolo ea Messia
Pes. 2:2: “Marena a lefatše a phuthehetse’ng, le mahosana a bokanetse’ng ho tsohela Jehova le motlotsuoa [Kreste, kapa Messia] oa hae matla?”
Bona le Tšenolo 17:3, 12-14; 19:11-22.
Matt. 24:24: “Ho tla hlaha bo-Kreste ba bohata, le baprofeta ba bohata, ’me ba tla etsa mehlolo e meholo le meeka e ka thetsang le bona bakhethoa, hola ke ntho e ka etsoang.”
-
-
Babylona e MoholoHo Bea Mabaka ka Mangolo
-
-
Babylona e Moholo
Tlhaloso: ’Muso oa lefatše oa bolumeli ba bohata, o akarelletsang bolumeli bohle boo lithuto tsa bona le mekhoa ea bona li hananang le borapeli ba ’nete ba Jehova, Molimo o ’notši oa ’nete. Kamor’a Moroallo oa mehleng ea Noe, bolumeli ba bohata bo qalehile Babele (hamorao ea tsejoa e le Babylona). (Gen. 10:8-10; 11:4-9) Litumelo le mekhoa ea bolumeli ba Babylona tsa se ke tsa senya nako ho kena linaheng tse ngata. Eaba Babylona e Moholo e ba lebitso le loketseng hantle bakeng sa bolumeli bohle ba bohata.
Ke bopaki bofe bo supang hore na Babylona e Moholo e boleloang ho Tšenolo ke eng?
E ne e ke ke ea e-ba motse oa boholo-holo oa Babylona. Tšenolo e ngotsoe qetellong ea lekholo la pele la lilemo C.E. ’me e hlalosa liketsahalo tse neng li tla etsahala ho fihlela mehleng ea rōna. The Encyclopedia Americana e re: “Motse [oa Babylona] o ile oa haptjoa ke Bapersia tlas’a Cyruse e Moholo ka 539 B.C. Hamorao Alexandere e Moholo a lokisetsa ho fetola Babylona motse-moholo oa ’muso oa hae o ka bochabela, empa kamorao ho lefu la hae Babylona ea lahleheloa ke botumo butle-butle.” (1956, Moq. III, leq. 7) Kajeno motse ke lithako.
Tšoantšetso ea Tšenolo e bua ka Babylona e Moholo e le “motse o moholo,” ‘’muso’ o busang marena a mang. (Tšen. 17:18) Joaloka motse, o ne o tla ba le mekhatlo e mengata e hlophisitsoeng kahare ho oona: ’me joaloka ’muso o busang marena a mang, o ne o tla ba moholo ho akarelletsa machaba. O hlalosoa o amana le babusi ba lipolotiki ’me o tlatsetsa haholo leruong la banna ba khoebong, ha oona ka booona e le karolo ea boraro e ‘fetohileng moaho oa bademona’ le mohlorisi oa “baprofeta, le . . . bahalaleli.”—Tšen. 18:2, 9-17, 24.
Babylona ea boholo-holo e ne e tsebisahala haholo ka bolumeli ba eona le ho nyelisa Jehova hoa eona
Gen. 10:8-10: “Nimrode, setsomi sa senatla pel’a Jehova. Qalo ea ’muso oa hae ea e-ba Babele [hamorao ea tsejoa e le Babylona].”
Dan. 5:22, 23: “Empa uena, mora oa hae, Belshatsare [morena oa Babylona], . . . u ikhantšelitse Monghali oa leholimo, . . . ua roka melimo ea silevera, le ea gauda, le ea koporo, le ea tšepe, le ea mahong, le ea majoe, e sa boneng, e sa utloeng, e sa tsebeng letho, ’me Molimo o fuparetseng phefumoloho ea hao letsohong la oona, o busang tsohle tse tla u hlahela, ha ua ka ua o hlonepha.”
Se ngotsoeng ka mongolo oa boholo-holo se re: “Kaofela Babylona ho na le litempele tse 53 tsa melimo e meholo, matlo a thapelo a 55 a Marduke, matlo a thapelo a 300 bakeng sa melimo ea lefatšeng, a 600 bakeng sa melimo ea leholimo, lialetare tse 180 bakeng sa molimo oa mosali Ishthare, tse 180 bakeng sa melimo Nergale le Adade, le lialetare tse ling tse 12 bakeng sa melimo e fapa-fapaneng.”—Ho qotsitsoe ho The Bible as History (New York, 1964), W. Keller, leq. 301.
The Encyclopedia Americana e-ea hlalosa: “Tsoelopele ea Sumeria [eo e neng e le karolo ea Babylona] e ne e busoa ke baprista; hlooho ea ’muso e ne e le lugal (‘monna e moholo’), moemeli oa melimo.”—(1977), Moq. 3, leq. 9.
Ka baka leo, ka ho utloahalang Babylona e Moholo eo ho buuoang ka eona ho Tšenolo, ke ea bolumeli. E tšoana le motse le ’muso o moholo, ha e felle feela sehlopheng se le seng sa bolumeli empa e akarelletsa bolumeli bohle bo hananang le Jehova, Molimo oa ’nete.
Bolumeling lefatšeng lohle ho fumanoa maikutlo le mekhoa tsa bolumeli ba Babylona ea boholo-holo
“Egepeta, Persia, le Greece tsa utloa tšusumetso ea bolumeli
-