Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Ho Bolela Phatlalatsa le ka Ntlo le Ntlo
    Lipaki Tsa Jehova—Baboleli ba ’Muso oa Molimo
    • Ka 1933 li ne li sebelisa mechine e matla ea ho hatisa mantsoe ho bapala lirekoto tsa lipuo tse otlolohileng tsa Bibele libakeng tse pontšeng. Baena Smets le Poelmans ba ile ba beha thepa ena ea bona holim’a baesekele e mabili a mararo ’me ba ema pel’a eona ha e ntse e ntšetsa molaetsa libakeng tsa ’maraka le pel’a likereke Liège, Belgium. Hangata ba ne ba e-ba moo lihora tse leshome ka letsatsi. Batho Jamaica ba ne ba bokana habonolo ha ba ne ba utloa ’mino, ka hona baena moo ba ne ba letsa ’mino pele. Ha matšoele a ne a e-tla a tsoa libakeng tsa likhoa a tsoela mebileng e meholo ho tla bona se etsahalang, ba ne ba fumana Lipaki tsa Jehova li fana ka molaetsa oa ’Muso.

      E ’ngoe ea thepa eo ea ho hatisa mantsoe e ile ea kenngoa likoloing le liketsoaneng, ’me libuela-hōle li ne li le holim’a tsona ho isa molumo hōle. Bert le Vi Horton, Australia, ba ne ba khanna vene e nang le sebuela-hōle se seholo se neng se behiloe ka holimo se neng se ngotsoe mantsoe a reng “Molaetsa oa ’Muso.” Ka selemo se le seng ba ne ba entse hore hoo e ka bang seterata se seng le se seng Melbourne se lume ke ho pepesoa ho susumetsang ha bolumeli ba bohata le litlhaloso tse futhumatsang pelo tsa mahlohonolo a ’Muso oa Molimo. Lilemong tseo Claude Goodman o ne a bula maliboho India. Ho sebelisoa ha koloi e nang le sebuela-hōle, ka lirekoto ka lipuo tsa sebaka seo, ho ile ha mo nolofalletsa ho finyella matšoele a maholo mabenkeleng, libakeng tsa boikhathollo, pel’a tsela—kae kapa kae moo batho ba ka fumanoang teng.

      Ha baena Lebanon ba pakile koloi ea bona e nang le sebuela-hōle leralleng ’me ba hasa lipuo, molumo o ne o theohela tlaase phuleng. Batho ba motseng ka lebaka la ho se bone moo lentsoe le tsoang teng, ka linako tse ling ba ne ba tšoha, ba nahana hore Molimo o ne a bua le bona a le leholimong!

      Leha ho le joalo, ka linako tse ling baena ba ne ba e-ba le linako tsa tsitsipano. Ketsahalong e ’ngoe, Syria, moprista oa motse o mong o ile a siea lijo tsa hae tsa motšehare tafoleng, a nka molamu oa hae o moholo oo a tsamaeang ka ona, ’me a mathela letšoeleng le bokaneng ho tla utloa ha ho hasoa puo ea Bibele e tsoang koloing e nang le sebuela-hōle. A tsokotsa molamu ka bohale ’me a hoeletsa, a re: “Khaotsa! Ke u laela hore u khaotse!” Empa baena ba hlokomela hore hase e mong le e mong ea neng a lumellana le eena; ho ne ho e-na le ba bang ba neng ba batla ho utloa. Kapele, ba bang ba bongata ba nkela moprista eo holimo ’me ba mo khutlisetsa ntlong ea hae, moo ba ileng ba fihla ba mo beha hape tafoleng ea lijo tsa motšehare! Ho sa tsotellehe khanyetso ea baruti, ka sebete Lipaki li ile tsa etsa bonnete ba hore batho ba fumana monyetla oa ho utloa.

      Nakong ena ho boetse ha e-ba le tšebeliso e batsi ea mamatjana a phatlalatso a neng a nkiloe ke Lipaki libakeng tsa khoebo ha li ntse li aba limemo tsa lipuo tse khethehileng. E qalile ka 1936 Glasgow, Scotland. Ka selemo seo mokhoa o tšoanang oa phatlalatso o ile oa sebelisoa London, Engelane, hape le United States. Lilemo tse peli hamorao phatlalatso e joalo e ile ea ntšetsoa pele ka ho nka matšoao a phahamiselitsoe holimo ka lithupa. Matšoao ana a ne a re, “Bolumeli ke Leraba le Khoebo ea Bomene-mene”b le, “Sebeletsang Molimo le Kreste Morena.” Nakong ea kopano, mokoloko oa ba machang ba nkile matšoao ana o ne o ka ba molelele ba lik’hilomithara tse ’maloa. Ha ba ntse ba macha ba khutsitse, e mong a le ka mor’a e mong, literateng tseo ho tsamauoang ho tsona ka bongata, phello e ne e tšoana le ea lebotho la Iseraele ea boholo-holo ha le ne le potoloha Jeriko pele marako a eona a heleha. (Josh. 6:10, 15-21) Ho tloha London, Engelane, ho ea Manila, Philippines, ho ile ha etsoa ho paka ho joalo ha phatlalatsa ka sebete.

      Ho boetse ha sebelisoa mokhoa o mong hape oa ho paka phatlalatsa ka 1940. Tumellanong le lengolo le buang ka hore ‘bohlale ba ’nete bo hoeletsa haholo literateng,’ ka February hona selemong seo Lipaki tsa Jehova li ile tsa qala ho aba Molula-Qhooa le Consolation (eo hona joale e tsejoang e le Tsoha!) li eme likoung tsa literata.c (Liprov. 1:20, NW) Li ne li ee li bitse mapetjo a lebisang tlhokomelo limakasineng le molaetseng oo li o fupereng. Metseng e meholo le e menyenyane likarolong tsohle tsa lefatše, ho fana ka limakasine ho etsoang ke Lipaki tsa Jehova ke pono e tloaelehileng. Empa ho etsa mosebetsi oo ho hloka sebete, ’me sebete se joalo se ne se hlokahala haholo-holo ha mosebetsi o ne o qala, hobane e ne e le nakong eo mahloriso a neng a le maholo a tsamaea le ho nkeha maikutlo ha bochaba ba nako ea ntoa.

      Ha li bitsetsoa ho tla kopanela bopaking bo joalo ba phatlalatsa, Lipaki li ile tsa arabela ka tumelo. Palo ea ba ileng ba hla ba kopanela mosebetsing e ile ea tsoela pele ho eketseha. Li ile tsa ho nka e le tokelo ho bontša botšepehi ba tsona ho Jehova ka tsela ena. Empa ho ne ho e-na le ho hongata hoo li lokelang ho ithuta hona.

      E Mong le e Mong o Khona ho Hlalosa Tumelo ea Hae

      Lenaneo le sa tloaelehang haholo la thuto le ile la tsoela pele ka 1942. Le ile la qala ntlo-khōlō ea lefatše ea Lipaki tsa Jehova, ’me selemong se latelang, le ile la qala ho khakoloa liphuthehong tsa Lipaki lefatšeng ka bophara. Li e-na le tšepo ea hore moea oa Molimo o ne o le holim’a tsona le hore o ne a behile lentsoe la hae melomong ea tsona, li ne li ikemiselitse ho bolela lentsoe leo esita le haeba bahlorisi ba ne ba ka thibela libuka tsa Watch Tower kapa Bibele ka boeona. (Esa. 59:21) Ho ne ho se ho ntse ho e-na le linaha, tse kang Nigeria, moo Lipaki li neng li e-na le Bibele feela bakeng sa ho e sebelisa ha li bolela, kaha ’muso o ne o thibetse libuka tsohle tsa Watch Tower ’me o bile o li amohile baena ba bangata ba neng ba e-na le libuka tseo lilaebraring tsa bona.

      E ne e le ka February 16, 1942, ha Moena Knorr a khakola lenaneo la thuto e tsoetseng pele ea tšebeletso ea puso ea Molimo Lehaeng la Bethele Brooklyn, New York. Thupelo eo e ile ea fana ka litaeo litabeng tse kang phuputso, ho itlhalosa ka ho hlaka le ka nepo, ho etsa likemiso tsa lipuo bakeng sa nehelano lipuong tsa phatlalatsa, ho nehelana ka polelo ka ho atlehileng, ho nehelana ka likhopolo ka mokhoa o susumetsang, le ho ba masene. Ka bobeli baena le likhaitseli ba ne ba amoheleha hore ba be teng, empa e ne e le ba batona feela ba neng ba memetsoe ho ngolisa le ho fana ka lipuo tsa liithuti tseo ba neng ba tla eletsoa ho tsona. Melemo e ile ea bonahala kapele e seng ho bua sethaleng feela empa hape katlehong e khōloanyane boboleling ba ntlo le ntlo.

      Selemong se latelang ho kena sekolo hona ho ile ha atolosetsoa liphuthehong tsa Lipaki tsa Jehova lefatšeng ka bophara. Pele e ne e le ka Senyesemane, eaba joale e ba ka lipuo tse ling. Morero o boletsoeng oa sekolo sena e ne e le ho thusa e mong le e mong oa Lipaki tsa Jehova hore a khone ho ruta ba bang ha a etela batho ka ntlo le ntlo, a etsa maeto a ho boela, le ha a khanna lithuto tsa Bibele. Paki e ’ngoe le e ’ngoe e ne e tla thusoa ho ba mosebeletsi ea tšoanelehang. (2 Tim. 2:2, NW) Ka 1959, bo-khaitseli le bona ba ile ba fuoa monyetla oa ho ngolisa sekolong sena le ho nehelana ka lipuo ba latela kemiso ea tšebeletso ea tšimo—ba sa bue ka ho toba le bamameli bohle empa, ho e-na le hoo, ho ba abetsoeng ho nka sebaka sa mong’a ntlo. ’Me seo e ne e se phetho.

      Ho tloha ka 1926, baemeli ba tsamaeang ba Mokhatlo ba ’nile ba sebetsa hammoho le Lipaki ka bomong tšebeletsong ea tšimo, e le ho li thusa ho ntlafatsa tsebo ea tsona. Leha ho le joalo, kopanong ea machaba New York ka 1953, a e-na le balebeli ba potoloho le ba setereke ba lutseng ka pel’a sethala, Moena Knorr o ile a bolela hore mosebetsi o ka sehloohong oa bahlanka bohle, kapa balebeli, e lokela ho ba ho thusa Paki e ’ngoe le e ’ngoe hore e be mosebeletsi oa ka mehla oa ntlo le ntlo. A re: “E mong le e mong o lokela ho khona ho bolela litaba tse molemo ka ntlo le ntlo.” Ho ile ha etsoa phutuho ea lefatše ka bophara ho finyella sena.

      Ke hobane’ng ha ho hatisoa taba ee hakaale? Nka United States e le mohlala: Ka nako eo karolo ea 28 lekholong ea Lipaki e ne e lekanyetsa tšebeletso ea eona ho abeng limemo kapa ho ema literateng ka limakasine. ’Me karolo e ka holimo ho 40 lekholong ea Lipaki e ne e kopanela tšebeletsong ea tšimo ka seoelo feela, e lumella likhoeli hore li fete ho hang e sa etse bopaki leha e le bofe. Ho ne ho hlokahala thuso e lerato ka sebōpeho sa koetliso ea botho. Ho ile ha etsoa litokisetso tse neng li tla nolofalletsa Lipaki tsohle tsa Jehova tse neng li e-s’o be Lipaki ka ntlo le ntlo hore li fuoe thuso ha li atamela batho menyakong ea bona, li bua le bona ho tsoa Bibeleng, le ho arabela lipotso tsa bona. Li ne li tla ithuta ho lokisetsa lipuisano tsa Mangolo tse neng li ka fana ka tsona mohlomong ka metsotso e meraro ho batho ba neng ba tšoarehile, kapa hoo e ka bang metsotso e robeli bakeng sa ba bang. Sepheo e ne e le ho thusa Paki e ’ngoe le e ’ngoe hore e be moevangeli oa Mokreste ea hōlileng tsebong.

      Hase balebeli ba tsamaeang feela ba ileng ba fana ka taeo ena. Bahlanka, kapa balebeli, ba sebaka ka seng le bona ba ile ba fana ka eona; ’me lilemong tse latelang, Lipaki tse ling tse tšoanelehang hantle li ile tsa abeloa ho koetlisa ba bang ba itseng. Ka lilemo, lipontšo tsa kamoo mosebetsi o lokelang ho etsoa ka teng li ’nile tsa fanoa Sebokeng sa Tšebeletso sa beke le beke sa phutheho. Empa joale sena se ne se tsamaea le khatiso e tsoelang pele holim’a koetliso ea botho tšimong.

      Liphello e bile tse ikhethang. Palo ea Lipaki tse bolelang ka ntlo le ntlo e ile ea eketseha, ho bile joalo le ka palo ea ba kopanelang ka mehla tšebeletsong ea tšimo. Ka nako ea lilemo tse leshome palo e akaretsang ea Lipaki lefatšeng ka bophara e ile ea phahama ka karolo ea 100 lekholong. Li ne li boetse li etsa maeto a ho boela a fetang karolo ea 126 lekholong ho ea arabela lipotso tsa Bibele tsa batho ba thahasellang, ’me li ne li khanna karolo ea 150 lekholong ea lithuto tse eketsehileng tsa lehae tsa Bibele ka mehla le ba ileng ba bontša ho lapela ’nete ea Bibele. Kannete li ile tsa ipaka e le basebeletsi ba tšoanelehang.

      Ka lebaka la limelo tse sa tšoaneng tsa thuto le setso tseo Lipaki tsena li tsoang ho tsona, le ’nete ea hore li ne li qhalakane ka lihlotšoana lefatšeng lohle, ho hlakile hore na ke hobane’ng ha Lipaki li sa lebise tlōtla ho motho, empa li e lebisa ho Jehova Molimo ka tsela eo li ’nileng tsa hlomelloa ka teng le ho koetlisetsoa ho bolela litaba tse molemo.—Joh. 14:15-17.

      Boboleli ba Ntlo le Ntlo—Letšoao le Khethollang

      Ka linako tse sa tšoaneng lihlopha tse ling tsa bolumeli li ’nile tsa khothalletsa litho tsa tsona hore li etele mahae a batho motseng oa tsona ho ea bua ka bolumeli. Batho ba bang ka bomong ba ile ba ho leka. Ba bang ba itseng ba ka ba ba ho etsa e le baromuoa ka lilemo tse peli, empa hoo ho fella hona moo. Leha ho le joalo, ke har’a Lipaki tsa Jehova feela moo e batlang e le bohle, ba banyenyane le ba baholo, ba batona le ba batšehali, ba kopanelang tšebeletsong ea ntlo le ntlo lilemo ho pota. Ke Lipaki tsa Jehova feela tseo kannete li ikemiselitseng ho finyella lefatše lohle leo ho ahiloeng ho lona ka molaetsa oa ’Muso, li utloa taelo ea boprofeta e ho Mattheu 24:14.

      Hase hore Lipaki tsohle tsa Jehova li fumana mosebetsi ona o le bonolo.d Ho fapana le moo, tse ngata tsa tsona, ha li ne li qala ho ithuta Bibele, li ile tsa re: ‘Ho na le ntho e le ’ngoe eo le ka mohla nke keng ka e etsa, ke ho ea ka ntlo le ntlo!’ Empa, ke tšebeletso eo e batlang e le Lipaki tsohle tsa Jehova tse kopanelang ho eona haeba ’mele ea tsona e li lumella ho etsa joalo. ’Me tse ngata tse sa khoneng ka lebaka la ’mele ea tsona lia o etsa leha ho le joalo—tse tsamaeang ka litulo tsa liqhoala, ka lithupa, le tse ling tse joalo. Tse ling—tse sa khoneng ho hang ho tloha lapeng, kapa li koalletsoe ka nakoana, e le hore li ka finyella batho bao ho seng ka tsela e ’ngoe eo ba ka fumanoang ka eona—li paka ka thelefono kapa ka ho ngola mangolo. Ke hobane’ng ha ho e-na le boikemisetso bo bokana?

      Ha li e-ba le tsebo ka Jehova, lerato la tsona ho eena li fetola pono ea tsona kaofela bophelong. Li batla ho bua ka eena. Lintho tse babatsehang tseo a li boloketseng ba mo ratang li molemo hoo li sitoang ho ipolokela tsona. ’Me li ikutloa li e-na le boikarabelo ka pel’a Molimo ba ho lemosa batho ka mahlomola a maholo a larileng ka pele. (Matt. 24:21; bapisa le Ezekiele 3:17-19.) Empa ke hobane’ng ha ho etsoa ka ho ea ka ntlo le ntlo?

      Lia tseba hore Jesu o ile a ruta barutuoa ba hae ho ea malapeng a batho ho ea bolela le ho ea ruta. (Matt. 10:11-14) Lia hlokomela hore ka mor’a hore moea o halalelang o tšolloe ka Pentekonta 33 C.E., baapostola ba ile ba tsoela pele ba sa khaotse ho bolela litaba tse molemo “tempeleng [Jerusalema] le ka matlung.” (Lik. 5:42) Paki e ’ngoe le e ’ngoe e tseba Liketso 20:20 (NW), e bolelang hore moapostola Pauluse o ile a ruta “phatlalatsa le ka ntlo le ntlo.” ’Me li bona bopaki bo bongata ba tlhohonolofatso ea Jehova mosebetsing ona mehleng ea kajeno. Kahoo, hangata ha li ntse li fumana phihlelo tšebeletsong ea ntlo le ntlo, tšebeletso eo ka nako e ’ngoe li neng li ile tsa e tšoha e ba ntho eo li e lebellang ka matla.

      ’Me li sebetsa ka tsela e hlollang. Li boloka litlaleho ka hloko e le hore li ka khutlela ho ea bua leha e le bafe ba neng ba le sieo lapeng. E seng hoo feela, empa li etela lelapa le leng le le leng khafetsa.

      Ka lebaka la ho atleha ha tšebeletso ea ntlo le ntlo, bahanyetsi linaheng tse ngata ba lekile ho e thibela. E le hore li ka hlomphuoa ke ba boholong bakeng sa tokelo ea tsona ea ho bolela ka ntlo le ntlo, Lipaki tsa Jehova li ipilelitse ho ba boholong pusong. Moo ho hlokahalang, li ile makhotleng e le hore li ka tiisa ka molao tokelo ea ho hasa litaba tse molemo ka mokhoa ona. (Ba-Fil. 1:7, NW) ’Me moo mebuso e hatellang e ileng ea tsitlallela ho thibela tšebetso e joalo, Lipaki tsa Jehova ka linako tse ling li mpile tsa ho etsa ka tsela feela e sa hlahellang kapa, haeba ho hlokahala, li ile tsa sebelisa mekhoa e meng ho finyella batho ka molaetsa oa ’Muso.

      Le hoja likhaso tsa seea-le-moea le thelevishene li ’nile tsa sebelisoa ho phatlalatsa molaetsa oa ’Muso, Lipaki tsa Jehova li hlokomela hore kopano e etsoang ke maeto a ntlo le ntlo e atleha haholo ho feta. E fana ka menyetla e molemo bakeng sa ho arabela lipotso tsa beng ba matlo ka bomong le ho batla ba tšoanelehang. (Matt. 10:11) Ke le leng la mabaka ao ka lona, ka 1957, Mokhatlo oa Watch Tower o ileng oa rekisa setsi sa seea-le-moea sa WBBR New York.

      Leha ho le joalo, ka mor’a ho pakela batho, Lipaki tsa Jehova ha li ikutloe hore mosebetsi oa tsona o phethiloe. E mpa e le qalo feela.

      ‘Le Etse Barutuoa . . . Le ba Rute’

      Jesu o ile a laela balateli ba hae hore ba etse ho fetang feela ho bolela. E le ho mo etsisa, hape ba lokela ho ruta. (Matt. 11:1) Pele a nyolohela leholimong, o ile a ba laela: “Ka hona e-eang ’me le etse batho ba lichaba tsohle barutuoa, . . . le ba rute ho boloka lintho tsohle tseo ke le laetseng tsona.” (Matt. 28:19, 20, NW) Ho ruta (di·daʹsko, ka Segerike) ho fapana le ho bolela ka hore tichere e etsa ho fetang ho bolela; ea laea, ea hlalosa, e fana ka bopaki.

      Hoo e ka bang mathoasong a bo-April 1881, Molula-Qhooa (oa Senyesemane) o ile oa fana ka litlhahiso tse khutšoanyane ka mokhoa oa ho ruta. Ba bang ba barekisi ba pele ba libuka tsa bolumeli ba ile ba etsa boiteko bo matla ba ho khutlela ho ba ileng ba bontša thahasello, ho ba khothalletsa ho bala libuka tsa Mokhatlo le ho kopana le ba bang bakeng sa ho ithuta Lentsoe la Molimo ka mehla. Buka The Harp of God (e hatisitsoeng ka 1921) hangata e ne e sebelisoa ka morero oo. Leha ho le joalo, hamorao, ho ile ha etsoa ho eketsehileng le ho feta ka tsela ea ho lebisa tlhokomelo ea botho ho ba thahasellang. Lipuo tsa Bibele tse rekotiloeng hammoho le tataiso e hatisitsoeng ea ho ithuta li ile tsa sebelisoa haholo tšebeletsong ena. Hoo ho ile ha etsahala joang?

      Ho tloha mathoasong a 1933, Mokhatlo o ile oa tlatsetsa likhaso tsa seea-le-moea sa oona ka lirekoto tse letsoang mochineng o hatisang mantsoe liholong tsa liboka, libakeng tsa boikhathollo, lihekeng tsa lifektheri, le tse ling tse joalo. Ka nako e khutšoanyane, Lipaki tse ileng tsa fumana batho ba thahasellang ha li e-ea ka ntlo le ntlo li ne li etsa litokisetso tsa ho khutla ho tla ba letsetsa tse ling tsa lirekoto tsena malapeng a bona. Ha ho e-ba le buka Riches ka 1936, ho ile ha sebelisoa lipuisano tse tsoang ho eona, ka mor’a lirekoto tseo, ho qalisa lithuto tseo ho tsona ho neng ho ka ba teng ba thahasellang sebakeng seo. Mosebetsi ona o ile oa hatisoa haholo-holo ka tebello ea ho thusa ba lebelletsoeng ho ba litho tsa “letšoele le leholo” hore ba ithute ’nete.—Tšen. 7:9, KJ.

      Hoo e ka bang ka nako eo, baeta-pele ba K’hatholike ba ile ba totisa khatello ea bona holim’a beng ba litsi tsa seea-le-moea le baokameli ba tsona hammoho le boemeli ba ’muso ka boiteko ba ho ikemisetsa ho thibela ho hasoa ha mananeo a Watch Tower. Kōpo e ileng ea saenoa ke batho ba 2 630 000 United States e ile ea batla hore ho be le puisano ea phatlalatsa pakeng tsa J. F. Rutherford le e mong ea boholong ea phahameng oa Kereke ea Roma e K’hatholike. Ha ho le ea mong oa baruti ba K’hatholike ea neng a rata ho amohela phephetso ena. Kahoo, ka 1937, Moena Rutherford o ile a etsa lirekoto tse nang le sehlooho “Pepesitsoe” le “Bolumeli le Bokreste,” tse neng li hlahisa lithuto tsa motheo tsa Bibele, haholo-holo li hanyetsana le lithuto tsa K’hatholike tseo e seng tsa Mangolo. Boitsebiso bo tšoanang bo ile ba hatisoa libukaneng Tširelo le Koaholotsoe, ’me kopi ea Koaholotsoe e ile ea isoa ho e mong le e mong ea neng a saenne kōpo e le hore batho ba ne ba ka ipalla linnete tsa Bibele tseo baeta-pele ba K’hatholike ba neng ba batla ho li hatella.

      E le ho thusa batho hore ba bone tseko ena ka ho hlaka le ho hlahloba motheo oa Mangolo bakeng sa eona, bukana Model Study No. 1 e ile ea hatisoa bakeng sa ho sebelisoa libokeng tse lokiselitsoeng batho ba thahasellang. Bukana eo e ne e e-na le lipotso, likarabo, le mangolo a tšehetsang likarabo tseo ho fanoeng ka tsona. Pele, motsamaisi o ne a ee a bapale polata e le ’ngoe kapa ho feta ea lipuo tse rekotiloeng tse boletsoeng pejana e le hore e mong le e mong a ka utloa taba eo ho buuoang ka eona ka kakaretso. Joale, ho ne ho ee ho latele puisano, ho sebelisoa boitsebiso bo fanoeng bukaneng Model Study le ho itlhahlobela mangolo ka bobona. Model Study No. 1 e ile ea lateloa ke No. 2 le No. 3, li momahantsoe le lipuo tse ling tse rekotiloeng. Lithuto tse joalo li ile tsa hlophisoa pele libakeng tseo ho tsona lihlopha tsa batho ba thahasellang li ka bokanang teng, empa hamorao li ile tsa boela tsa tšoaroa le batho ka bomong le malapa.

      Esale ho tloha ka nako eo ho ’nile ha fanoa ka libuka tse ngata tse babatsehang haholo-holo bakeng sa ho sebelisoa ke Lipaki tsa Jehova ha li khanna lithuto tsa mahae tsa Bibele. Tse ileng tsa tsamaisoa haholo ke “’Nete e be ea Molimo,” ’Nete e Isang Bophelong bo sa Feleng le U ka Phela ka ho sa Feleng Paradeiseng Lefatšeng. Ho ne ho boetse ho e-na le libukana tse maqephe a 32—“Litaba tsena tse Molemo tsa ’Muso,” God’s Way Is Love, “Bonang! Ke Etsa Lintho Tsohle li be Ncha,” le tse ling tse ngata. Tsena li ile tsa lateloa ke libukana tse lekanang le makasine tse kang Thabela Bophelo Lefatšeng ka ho sa Feleng!, e nang le nehelano e bonolo haholo le e utloisisehang habonolo ea lithuto tsa motheo tsa Bibele.

      Ho sebelisoa ha likofuto tsena, hammoho le koetliso e pharalletseng ea phutheho le ea botho, ho ile ha fella ka keketseho e tsotehang palong ea lithuto tsa lehae tsa Bibele tse khannoang. Ka 1950, lithuto tsa lehae tsa Bibele, tseo hangata li tšoaroang beke le beke, ka karolelano li bile 234 952. Lithuto tse neng li sa tsoele pele ka ho lekaneng li ne li tloheloa. Liithuti tse ngata li ile tsa tsoela pele ho fihlela moo le tsona li ileng tsa fetoha matichere. Ho sa tsotellehe phetoho e sa khaotseng, palo ea lithuto tsa lehae tsa Bibele e ’nile ea tsoela pele ho phahama, hangata e le ka potlako e khōlō. Ka 1992, Lipaki li ne li khanna lithuto tsa lehae tsa Bibele tse 4 278 127 lefatšeng ka bophara.

      E le ho phetha mosebetsi ona o moholo oa ho bolela le ho ruta, ka lipuo tsa lefatše lohle, Lipaki tsa Jehova li sebelisitse lingoliloeng haholo. Hona ho entse hore ho hlokahale ho hatisoa ha lingoliloeng ka tekanyo e khōlōhali.

  • Ho Hlahisa Lingoliloeng Tsa Bibele Bakeng sa ho Sebelisoa Tšebeletsong
    Lipaki Tsa Jehova—Baboleli ba ’Muso oa Molimo
    • Khaolo 26

      Ho Hlahisa Lingoliloeng Tsa Bibele Bakeng sa ho Sebelisoa Tšebeletsong

      LENTSOE le ngotsoeng le phethile karolo ea bohlokoa borapeling ba ’nete. Jehova o ile a fa Iseraele Melao e Leshome, pele e bile ka molomo ’me hamorao ea e-ba ka sebōpeho se ngotsoeng. (Ex. 20:1-17; 31:18; Ba-Gal. 3:19) E le ho tiisa hore Lentsoe la hae le ne le tla fetisoa ka nepo, Molimo o ile a laela Moshe le letoto le lelelele la baprofeta le baapostola ba tlileng ka morao ho eena hore ba ngole.—Ex. 34:27; Jer. 30:2; Hab. 2:2; Tšen. 1:11.

      Boholo ba mangolo ao a pele-pele bo ne bo entsoe meqolong. Leha ho le joalo, lekholong la bobeli la lilemo C.E., ho ile ha qaptjoa codex, kapa buka e nang le maqephe. Ena e ne e le e bolokang litšenyehelo haholoanyane ebile ho le bonolo ho e sebelisa. ’Me Bakreste e ne e le bona ba ka pele-pele ba e sebelisang, kaha ba ne ba bona molemo oa eona ho haseng litaba tse molemo tse buang ka ’Muso oa Molimo oa Bomessia. Moprofesa E. J. Goodspeed, bukeng ea hae Christianity Goes to Press, o bolela tjena mabapi le Bakreste bao ba pele-pele joaloka bahatisi ba libuka: “Hase feela hore ba ne ba le nakong litabeng tse joalo mehleng ea bona, ba ne ba tsoetse pele ho e feta, ’me bahatisi ba makholo a lilemo a latelang ba ba latetse.”—1940, leq. 78.

      Kahoo, ha ho hlahe e le ntho e makatsang hore e be Lipaki tsa Jehova kajeno, e le baboleli ba ’Muso oa Molimo, ka litsela tse ling ba bile har’a ba ka pele-pele indastering ea khatiso.

      Ho Lokisetsa Lingoliloeng Bakeng sa Liithuti tsa Pele-pele tsa Bibele

      Se seng sa lihlooho tsa pele se ngotsoeng ke C. T. Russell se ile sa hatisoa, ka 1876, ho Bible Examiner, e hlophisitsoeng ke George Storrs oa Brooklyn, New York. Ka mor’a hore Moena Russell a kopanele le N. H. Barbour oa Rochester, New York, Russell o ile a fana ka lichelete bakeng sa ho hatisoa ha buka Three Worlds le pampiri e neng e tsejoa e le Herald of the Morning. O ile a sebeletsa e le mothusi oa mohlophisi oa pampiri eo ’me, ka 1877, o ile a sebelisa thepa ea Herald ho hatisa bukana The Object and Manner of Our Lord’s Return. Moena Russell o ne a e-na le kelello e chatsi litabeng tsa moea hammoho le tsa khoebo, empa e ne e le Barbour ea neng a e-na le phihlelo tabeng ea ho seta litlhaku le ho hlophisa boitsebiso ka thuso ea mechine.

      Leha ho le joalo, ha Barbour a hana ho lumela molemo oa ho phekola sebe oa sehlabelo sa thekollo sa Jesu Kreste, Moena Russell o ile a khaola likamano le eena. Kahoo, ka 1879, ha Russell a nka boikarabelo ba ho hatisoa ha Zion’s Watch Tower and Herald of Christ’s Presence, o ile a tlameha ho itšetleha ka bahatisi ba khoebo.

      Selemong se latelang lethathamo la pele la lipampitšana tse reretsoeng ho hapa thahasello ea batho linneteng tsa Bibele le ile la lokisetsoa bakeng sa khatiso. Kapele-pele mosebetsi ona e ile ea e-ba o moholohali. E le ho o laola hantle, ho ile ha thehoa Zion’s Watch Tower Tract Society ka February 16, 1881, ’me W. H. Conley e le mopresidente ha C. T. Russell e le mongoli le ramatlotlo. Ho ile ha etsoa litokisetso bakeng sa hore khatiso e etsoe ke lifeme tsa khoebo metseng e meholo e fapa-fapaneng ea Pennsylvania, New York, le Ohio, hammoho le Brithani. Ka 1884, Zion’s Watch Tower Tract Societya e ile ea ngolisoa ka molao, ’me C. T. Russell e le mopresidente, ’me molao oa ’ona oa motheo o ile oa bontša hore e ne e se feela mokhatlo o neng o tla tsamaisa khatiso. Sepheo sa oona sa sebele e ne e le sa bolumeli; o ile oa thehoa ka molao bakeng sa ho “abjoa ha Linnete tsa Bibele ka lipuo tse sa tšoaneng.”

      Pakane eo e ile ea phehelloa ka cheseho e kaakang! Ka 1881, nakong ea likhoeli tse ’nè, ho ile ha hatisoa lipampitšana tse 1 200 000 tse nang le maqephe a ka bang 200 000 000 ka kakaretso. (Ha e le hantle tse ngata tsa “lipampitšana” tsena e ne e le libukana.) Ka mor’a moo, tlhahiso ea lipampitšana tsa Bibele bakeng sa ho abjoa ntle ho tefo e ile ea phahamela mashomeng a limillione selemo le selemo. Lipampitšana tsena li ile tsa hatisoa ka lipuo tse ka bang 30 ’me ha lia ka tsa abjoa Amerika feela empa hape le Europe, Afrika Boroa, Australia, le linaheng tse ling.

      Karolo e ’ngoe ea mosebetsi e ile ea qalisa ka 1886, ha Moena Russell a qeta ho ngola The Divine Plan of the Ages, ea pele lethathamong la meqolo e tšeletseng eo a ileng a e ngola ka boeena. Mabapi le ho hatisoa ha meqolo e mene ea pele lethathamong leo (1886-97), hammoho le lipampitšana le Molula-Qhooa (oa Senyesemane) ho tloha ka 1887 ho ea ho 1898, o ne a sebelisa Tower Publishing Company.b Khabareng, ho seta litlhaku le ho hlophisa boitsebiso ka mochine ho ne ho etsoa ke baena Bible House Pittsburgh. E le ho fokotsa litšenyehelo, ba ile ba boela ba reka pampiri bakeng sa khatiso. Ha e le bakeng sa khatiso le ho kopanngoa ha libuka, hangata Moena Russell o ne a etsa liodoro lifemeng tse ngata. O ne a lokisetsa ka hloko, a odora thepa e ngata haholo esale pele hore a tle a fumane litheolelo tse ntle. Ho tloha nakong eo ho hatisoang buka ea pele e ngotsoeng ke C. T. Russell ho fihlela ka 1916, ho ile ha hlahisoa le ho abjoa kakaretso ea 9 384 000 ea meqolo eo e tšeletseng.

      Ho hatisoa ha lingoliloeng tsa Bibele ha hoa ka ha khaotsa ha Moena Russell a e-shoa. Selemong se latelang ho ile ha hatisoa moqolo oa bosupa oa Studies in the Scriptures. O ile oa lokolleloa lelapa la Bethele ka July 17, 1917. O ile oa batloa haholo hoo qetellong ea selemo seo, Mokhatlo o ileng oa etsa liodoro tsa likopi tse 850 000 ka Senyesemane ho bahatisi ba khoebo le ba kopanyang libuka. Likhatiso ka lipuo tse ling li ne li ntse li hlahisoa Europe. Ho phaella moo, selemong seo ho ile ha hatisoa lipampitšana tse ka bang limillione tse 38.

      Empa joale, nakong ea mahloriso a sehlōhō ka 1918, ha ba boholong Mokhatlong ba ne ba kentsoe teronkong ka phoso, ntlo-khōlō ea bona (e Brooklyn, New York) e ile ea qhaqhoa. Lipoleiti tsa khatiso li ile tsa senngoa. Basebetsi ba fokotsehileng haholo ba ile ba khutlisetsa ofisi Pittsburgh mokatong oa boraro mohahong o mong 119 Federal Street. Na hoo ho ne ho tla felisa ho hlahisa ha bona lingoliloeng tsa Bibele?

      Na Ba Lokela ho Ikhatisetsa?

      Ka mor’a ho lokolloa teronkong ha mopresidente oa Mokhatlo, J. F. Rutherford, le metsoalle ea hae, Liithuti tsa Bibele li ile tsa bokana Cedar Point, Ohio, ka 1919. Li ile tsa nahana ka seo Molimo a se lumelletseng hore se etsahale selemong se ka pele le ka seo Lentsoe la hae le se bontšitseng hore ba ne ba lokela ho se etsa matsatsing a larileng ka pele. Tsebiso e ile ea etsoa ea hore makasine o mocha, The Golden Age, o ne o tla hatisoa e le kofuto e tla sebelisoa ho supisa batho ’Musong oa Molimo e le oona feela tšepo ea batho.

      Joalokaha o ne o entse nakong e fetileng, Mokhatlo o ile oa lokisetsa hore feme ea khoebo e be eona e hatisang. Empa linako li ne li fetohile. Ho ne ho e-na le mathata pakeng tsa baokameli le basebetsi indastering ea khatiso le mathata ’marakeng oa pampiri. Ho ne ho hlokahala tokisetso eo ho ka itšetlehoang ka eona haholoanyane. Baena ba ile ba rapela ka taba ena ’me ba letela tataiso ea Morena.

      Pele ho tsohle, ba ne ba lokela ho hloma liofisi tsa Mokhatlo hokae? Na ba lokela ho khutlisetsa ntlo-khōlō Brooklyn? Boto ea batsamaisi ba Mokhatlo e ile ea nahana ka taba ena, ’me ho ile ha khethoa komiti hore e shebane le boemo boo.

      Moena Rutherford o ile a laela C. A. Wise, motlatsi oa mopresidente oa Mokhatlo, hore a ee Brooklyn ho ea bona hore na a ke ke a boela a bula Bethele le ho hira meaho moo Mokhatlo o ka qalisang mesebetsi ea khatiso. A lakatsa ho tseba hore na Molimo o ne a tla hlohonolofatsa tsela efe, Moena Rutherford o ile a re: “Tsamaea ’me o bone hore na ebe ke thato ea Morena hore re khutlele Brooklyn.”

      Moena Wise o ile a botsa: “Ke tla fumana joang hore na ke thato ea Morena hore re khutlele kapa che?”

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela