Khaolo 21
Mosebetsi oo Oohle o Tšehetsoa Joang ka Chelete?
HO HLAKILE hore mosebetsi o etsoang ke Lipaki tsa Jehova o hloka chelete. Ho haha Liholo tsa ’Muso, Liholo tsa Kopano, liofisi tsa lekala, lifektheri, le mahae a Bethele ho hloka chelete, ’me ho hlokahala ho hongata bakeng sa ho boloka meaho ena. Ho boetse ho ba le litšenyehelo tse bakoang ke khatiso le kabo ea lingoliloeng tsa thuto ea Bibele. Li tšehetsoa joang ka chelete?
Menahano e se nang motheo mabapi le sena e ’nile ea phatlalatsoa ke batho ba hanyetsang mosebetsi oa Lipaki tsa Jehova. Empa ho hlahloba bopaki ho tšehetsa karabelo eo Lipaki li fanang ka eona. Ke efe? Mosebetsi o mongata o etsoa ke baithaopi, ba sa lebellang kapa ba sa lakatseng ho buseletsoa chelete bakeng sa mesebetsi ea bona, ’me litšenyehelo tsa mokhatlo o hlophisitsoeng li koaheloa ka menehelo ea boithatelo.
“Litulo ha li Lefelloe. Ha ho Ntšoe Likoleke”
Hoo e ka bang tokollong ea bobeli ea Molula-Qhooa (oa Senyesemane), ka August 1879, Moena Russell o itse: “Re lumela hore motšehetsi oa ‘Zion’s Watch Tower’ ke JEHOVA, ’me ha boemo bo le tjena le ka mohla e ke ke ea qela kapa hona ho qekisa batho hore ba e tšehetse. Ha Ea reng: ‘Khauta eohle le silevera tsa lithaba ke tsa ka,’ a hlōleha ho fana ka lichelete tse hlokahalang, re tla utloisisa hore ke nako ea ho khaotsa khatiso ena.” Tumellanong le seo, ha ho qeloe chelete likhatisong tsa Lipaki tsa Jehova.
Se etsahalang likhatisong tsa tsona se boetse se etsahala libokeng tsa tsona. Ha ho etsoe boipiletso bo susumetsoang ke maikutlo bakeng sa lichelete liphuthehong tsa tsona kapa likopanong tsa tsona. Ha ho fetisoe lipoleiti tsa likoleke; ha ho fetisoe lionfolopo tseo ho tšeloang chelete ho tsona; ha ho romeloe mangolo a ho qela chelete ho litho tsa phutheho. Le ka mohla liphutheho ha li kenelle papaling ea bingo kapa lirafole bakeng sa ho eketsa chelete. Hoo e ka bang mathoasong a 1894, ha Mokhatlo oa Watch Tower o romela libui tse tsamaeang, o ile oa phatlalatsa tsebiso ena molemong oa bohle: “A ho ke ho utloisisoe ho tloha sethathong hore likoleke kapa tse ling tsa lichelete tse qetsoeng ha lia laeloa ke Mokhatlo ona ebile ha oa li lumella.”
Ka hona, ho tloha khale haholo historing ea tsona ea kajeno, litlankane le limemo tse ling tse hatisitsoeng bakeng sa ho ba teng libokeng tsa Lipaki tsa Jehova li ’nile tsa ba le mantsoe a reng “Litulo ha li Lefelloe. Ha ho Ntšoe Likoleke.”
Ho qala mathoasong a 1914, Liithuti tsa Bibele li ile tsa hira li-theater hammoho le liholo tse ling ’me tsa mema batho ka kakaretso hore ba tle ho tsona ba tl’o shebella “Photo-Drama of Creation.” Ena e ne e le nehelano e likarolo li ’nè, e bolelele ba lihora tse robeli, e entsoeng ka li-slide le libaesekopo tse tsamaisanang le molumo. Selemong sa pele feela, batho ba limillione ba ile ba e shebella Amerika Leboea, Europe, Australia, le New Zealand. Le hoja beng ba liholo tse ling ba ne ba lefisa bakeng sa ho boloka litulo, Liithuti tsa Bibele le ka mohla li ne li sa kōpe chelete ea ho kena. ’Me ho ne ho sa nkoe likoleke.
Hamorao, ka lilemo tse fetang 30, Mokhatlo oa Watch Tower o ile oa tsamaisa seteishene sa seea-le-moea WBBR Motseng oa New York. Lipaki tsa Jehova li ile tsa boela tsa sebelisa litšebeletso tsa liteishene tse ling tse makholo bakeng sa ho phatlalatsa mananeo a thuto ea Bibele. Empa le ka mohla li ne li sa sebelise liphatlalatso tse joalo bakeng sa ho qela chelete.
Ka hona, menehelo e tšehetsang mosebetsi oa tsona ka lichelete e fumanoa joang?
O Tšehetsoa ka Menehelo ea Boithatelo
Bibele e fana ka mohlala. Tlas’a Molao oa Moshe, ho na le menehelo e meng eo e neng e le ea boithatelo. E meng e ne e le e tlamang ho batho. Ho ntša karolo ea leshome, ke o mong oa e neng e tlama. (Ex. 25:2; 30:11-16; Num. 15:17-21; 18:25-32) Empa Bibele e boetse e bontša hore Kreste o phethahalitse Molao, ’me Molimo o ile a o felisa; kahoo Bakreste ha baa tlangoa ke litaelo tsa oona. Ha ba ntše karolo ea leshome, leha e le hore ba tlas’a tlamo ea ho fana ka monehelo leha e le ofe o mong oa sekepele se behiloeng kapa ka nako e tobileng.—Matt. 5:17; Ba-Roma 7:6; Ba-Kol. 2:13, 14.
Ho e-na le hoo, ba khothalletsoa ho hlaolela moea oa ho fana ka seatla se bulehileng ka ho etsisa mohlala o babatsehang o behiloeng ke Jehova ka boeena le Mora oa hae, Jesu Kreste. (2 Ba-Kor. 8:7, 9; 9:8-15; 1 Joh. 3:16-18) Ka hona, mabapi le ho fana, moapostola Pauluse o ngolletse phutheho ea Bokreste ea Korinthe: “E mong le e mong a ntše kamoo a seng a lekantse pele pelong ea hae; e seng ka ho soaba, leha e le ka ho khannoa; hobane Molimo o rata ea fanang a thabile.” Ha ba tsebisoa ka tlhoko e itseng, sena se ne se ba hlahisetsa ‘teko ea bonnete ba lerato la bona,’ joalokaha Pauluse a hlalositse. O ile a boela a re: “Hobane ho rata ha ho le teng, motho o ee a natefeloe ka seo a nang le sona, e seng ka seo a se hlokang.”—2 Ba-Kor. 8:8, 12; 9:7.
Leseling la sena, tlhaloso ea Tertullian mabapi le liboka tse neng li tšoaroa ke batho ba neng ba leka ho sebelisa Bokreste mehleng ea hae (hoo e ka bang ka 155–ka mor’a 220 C.E.) ea thahasellisa. O ngotse: “Esita le haeba ho na le letlōle la mofuta o itseng, ha lea etsoa ka chelete e lefshoang bakeng sa ho kena, joalokaha eka bolumeli ke taba ea konteraka. Motho e mong le e mong o tlisa chelete e itekanetseng khoeli le khoeli—kapa neng le neng ha a rata, ’me e le hafeela a rata, le ha a khona; hobane ha ho motho ea qobelloang; ke nyehelo ea boithatelo.” (Apology, XXXIX, 5) Leha ho le joalo, ho theosa le makholo a lilemo ho tloha nakong eo, likereke tsa Bokreste-’mōtoana li ’nile tsa kopanela morerong o mong le o mong oo re ka o nahanang oa ho bokella chelete bakeng sa ho tšehetsa mesebetsi ea tsona.
Charles Taze Russell o ile a hana ho etsisa likereke. O ngotse: “Re nahana hore chelete e bokelletsoeng ka mecha e sa tšoaneng ea ho qela chelete ka lebitso la Morena ke tlōlo ea molao, ha e amohelehe ho eena, ’me ha e tlise tlhohonolofatso ea hae holim’a ba fanang kapa mosebetsing o finyelloang.”
Ho e-na le ho leka ho etsa setsoalle le ba nang le leruo, Moena Russell o boletse ka ho hlaka, tumellanong le Mangolo, hore e ka ’na eaba batho ba Morena ba bangata ba futsanehile maruong a lefatše lena empa ea e-ba ba ruileng tumelong. (Matt. 19:23, 24; 1 Ba-Kor. 1:26-29; Jak. 2:5) Ho e-na le ho hatisa hore ho hlokahala chelete bakeng sa ho phatlalatsa ’nete ea Bibele, o ile a lebisa tlhokomelo holim’a bohlokoa ba ho hlaolela moea oa lerato, takatso ea ho fana, le takatso ea ho thusa ba bang, haholo-holo ka ho arolelana ’nete le bona. Ho ba nang le matla a ho etsa chelete le ba etsang tlhahiso ea hore ka ho inehela haholo-holo litabeng tsa khoebo ba tla nehela lichelete tse eketsehileng, o ile a re ho ka ba molemo ho fokotsa mosebetsi o joalo ’me ba inehele le ho nehela nako ea bona ho phatlalatseng ’nete. Boo e sa ntse e le boemo bo nkoang ke Sehlopha se Busang sa Lipaki tsa Jehova.a
Ha e le hantle, batho ba fana ka bokae? Seo ba se etsang ke qeto ea botho. Leha ho le joalo, tabeng ea ho fana, ho lokela ho hlokomeloe hore Lipaki tsa Jehova ha li nahane feela ka matlotlo a lintho tse bonahalang. Likopanong tsa tsona tsa setereke ka 1985-86, li ile tsa tšohla sehlooho “Ho Tlotlisa Jehova ka Lintho tsa Rōna tsa Bohlokoa.” (Liprov. 3:9, NW) Ho ile ha hatisoa hore lintho tsena tsa bohlokoa ha li akarelletse feela matlotlo a lintho tse bonahalang empa le matlotlo a nama, a kelello, le a moea.
Morao koo ka 1904, Moena Russell o ile a hlalosa hore motho ea khethetsoeng ka thōko ka botlalo (kapa, ea inehetseng, kamoo re buang ka teng hona joale) bakeng sa Molimo “o se a fane ka sohle seo a nang le sona ho Morena.” Ka hona, joale o lokela ho “inka joaloka ea khethiloeng ke Morena ho ba mohlokomeli oa nako ea hae, tšusumetso, chelete, joalo-joalo, ’me e mong le e mong o lokela ho batla ho sebelisa litalenta tsena hamolemo kamoo a ka khonang, tlotlisong ea Morena.” O ile a phaella ka hore, tlas’a tataiso ea bohlale bo tsoang holimo, “ka tekanyo e lekanang le ho hōla ha lerato le cheseho ea hae bakeng sa Morena letsatsi le letsatsi ka tsebo ea ’Nete le ho fumana moea oa eona, o tla iphumana a fana ka nako e eketsehileng haholoanyane, tšusumetso ea hae e eketsehileng haholoanyane, le matlotlo a eketsehileng haholoanyane kamoo a khonang ka teng, lebitsong la ’Nete.”—Studies in the Scriptures, “The New Creation,” maq. 344-5.
Lilemong tseo tse qalang, Mokhatlo oa Watch Tower o ne o e-na le seo o se bitsang Tower Tract Fund. E ne e le eng? Makolopetso a latelang a ne a boletsoe karolong e ka morao ea lingoliloeng tseo Moena Russell a neng a li sebelisa ka nako e ’ngoe: “Letlōle lena le entsoe ka linyehelo tsa boithatelo tsa ba fepiloeng le ho matlafatsoa ka ‘nama nakong e loketseng’ eo lingoliloeng tse ka holimo [tse etsoang hore li fumanehe ke Mokhatlo oa Watch Tower], joaloka likofuto tsa Molimo, joale li fanang ka eona ho bahalaleli ba inehetseng, lefatšeng ka bophara.
“Letlōle lena le sebelisoa ka linako tsohle ho romela, ntle ho tefo, likopi tse likete tsa ZION’S WATCH TOWER le OLD THEOLOGY TRACTS tse loketseng ka ho fetisisa ho babali ba bacha. Le boetse le thusa ho phatlalatsa likhatiso tse sekoahelo se bonolo tsa letoto la DAWN, ka ho thusa ba nang le tšekamelo ea ho li aba—barekisi ba libuka tsa bolumeli le ba bang. Le boetse le fana ka ‘letlōle la mafutsana’ leo ka lona bana leha e le bafe ba Morena, bao, ka baka la botsofali, kapa ho kula, kapa sesosa se seng, ba sitoang ho etsa lipeeletso bakeng sa MOLULA-QHOOA ba li romeloang ntle ho tefo, motheong oa hore ba romele lengolo kapa karete qalong ea selemo ka seng, e bontšang takatso ea bona le bofokoli ba bona.
“Le ka mohla ha ho motho ea khannoang ka morao hore a etse monehelo letlōleng lena: menehelo eohle e tlameha ho ba ea boithatelo. Re hopotsa babali ba rōna ka mantsoe a Moapostola (1 Ba-Kor. 16:1, 2) ’me re a chaela monoana ka ho re ba ka fanang le ba hlileng ba fanang bakeng sa ho phatlalatsa ’nete ka sebele ba tla buseletsoa melemo ea moea.”
Mosebetsi oa lefatše ka bophara oa Lipaki tsa Jehova oa ho bolela litaba tse molemo tsa ’Muso oa Molimo o ntse o tsoela pele ho tšehetsoa ka menehelo ea boithatelo. Ho phaella ho Lipaki ka botsona, batho ba bangata ba thahasellang ba nang le kananelo ba ho nka e le tokelo ho tšehetsa mosebetsi ona oa Bokreste ka menehelo ea bona ea boithatelo.
Ho Tšehetsa ka Lichelete Libaka tsa Liboka Sebakeng ka Seng
Phutheho ka ’ngoe ea Lipaki tsa Jehova e na le mabokose a loketseng a menehelo moo batho ba ka tšelang menehelo leha e le efe eo ba lakatsang ho e tšela—ha ba batla ho etsa joalo le ha ba khona. E tšoaroa ka tsela ea botho hoo hangata ba bang ba sa hlokomeleng seo motho a se etsang. Ke taba e pakeng tsa hae le Molimo.
Ha ho meputso e lokelang ho lefshoa, empa ho boloka sebaka sa liboka se le boemong bo botle ho hloka chelete. E le ho khotsofatsa tlhoko eo, litho tsa phutheho li lokela ho tsebisoa. Leha ho le joalo, lilemong tse fetang 70 tse fetileng, Molula-Qhooa o ile oa hlakisa hore mabapi le menehelo, batho ha baa lokela ho hapeletsoa kapa ho khannoa ka morao—litaba li lokela ho hlalosoa feela ka ho hlakileng le ka botšepehi. Tumellanong le pono ena, liboka tsa phutheho ha li akarelletse lipuisano tsa ka mehla tsa litaba tsa lichelete.
Leha ho le joalo, ka linako tse ling ho ba le litlhoko tse khethehileng. Ho ka etsahala hore ho ntse ho etsoa merero ea ho nchafatsa kapa ho atolosa Holo ea ’Muso kapa mohlomong ho haha e ncha. E le ho tiisa hore na ke chelete e kae e tlang ho fumaneha, baholo ba ka ’na ba kōpa phutheho ho ngola litlankane tsa seo ka bomong ba lebelletseng ho nehelana ka sona ho tšehetsa morero kapa, ha ho etsahala, seo ba tla etsa hore se fumanehe bakeng sa lilemo tse ’maloa. Ho phaella moo, baholo ba ka ’na ba kōpa hore batho ka bomong kapa malapa ba ngole litlankaneng seo ba ikutloang hore ba ka khona ho nehelana ka sona beke le beke kapa khoeli le khoeli, ho ea kamoo Jehova a ba hlohonolofalitseng ka teng. Ha ho ngoloe mabitso. Hase litlankane tsa tšepiso tse tlamang, empa li fana ka motheo bakeng sa tokisetso e bohlale.—Luka 14:28-30.
Tarma, Liberia, phutheho e ile ea fumana lichelete tse hlokahalang ka tsela e batlang e fapane. Ba bang ka har’a phutheho ba ile ba lema reisi bakeng sa Paki e ’ngoe tšimong ea eona ha eona e ile ea sebetsa selemo kaofela e rema lifate ’me e sakha mapolanka ka letsoho, ao joale a ileng a rekisoa bakeng sa ho fumana chelete ea morero oa bona oa kaho. Paramaribo, Suriname, le hoja thepa e ne e lokela ho rekoa, phutheho e ne e sa hloke chelete bakeng sa setša, hobane Paki e ’ngoe e ile ea nehelana ka setša sa eona bakeng sa Holo ea ’Muso ’me ea kōpa feela hore ntlo ea eona e fallisetsoe karolong e ka morao ho setša. Litefello tse phahameng ka ho fetisisa bakeng sa setša Tokyo, Japane, li ile tsa thatafalletsa liphutheho ho fumana setša bakeng sa ho haha Liholo tsa ’Muso. E le ho rarolla bothata bona, malapa a ’maloa a ile a ithaopela hore ho sebelisoe litša tseo matlo a tsona a hahiloeng ho tsona. Li ile tsa kōpa feela hore ha matlo a tsona a se a nketsoe sebaka ke Holo e ncha ea ’Muso, li fuoe likamore mokatong o ka holimo.
Ha liphutheho li ntse li hōla ’me li aroloa, hangata tse leng sebakeng se itseng li leka ho thusana e le hore li ka haha Liholo tsa ’Muso tse loketseng. Ho sa tsotellehe moea oo oa ho fana ka seatla se bulehileng, ho ne ho boetse ho hlokahala ntho e ’ngoe e itseng. Litefello tsa setša le litšenyehelo tsa kaho li ile tsa phahama ka tšohanyetso, ’me hangata liphutheho ka bomong li ile tsa fumana ho le thata ho sebetsana le tsona. Ho ne ho ka etsoa’ng?
Likopanong tsa Setereke tsa “Bonngoe ba ’Muso” ka 1983, Sehlopha se Busang se ile sa lokolisa tokisetso e hlokang hore ho sebelisoe molao-motheo o boletsoeng ho 2 Ba-Korinthe 8:14, 15 (NW), o khothalletsang hore phaello ea lintho eo ba bang ba nang le eona e koahele khaello ea ba bang e le hore “ho ka ba le ho leka-lekana ha lintho.” Ka hona ba nang le ho fokolang ba ke ke ba ba le ho fokolang hoo ba sitoang ho sebeletsa Jehova.
Phutheho ka ’ngoe e ile ea khothalletsoa ho lokisetsa lebokose le tšoailoeng “Menehelo Bakeng sa Letlōle la Mokhatlo la Liholo tsa ’Muso.” Sohle se tšeloang ka lebokoseng leo se ne se tla sebelisoa feela bakeng sa morero oo. Chelete e nehetsoeng naheng ka kakaretso e ne e tla fumaneha bakeng sa ho koahela khaello ea liphutheho tse hlokang Liholo tsa ’Muso ka matla empa li sa khone ho etsa litokisetso li ipapisitse le litlhokahalo tsa libanka sebakeng ka seng. Ka mor’a tlhahlobisiso e hlokolosi bakeng sa ho tiisa hore na ke hokae moo ho hlileng ho nang le tlhoko e potlakileng ka ho fetisisa, Mokhatlo o ile oa qala ho etsa hore chelete eo e fumanehe bakeng sa liphutheho tse hlokang ho haha kapa ho fumana Liholo tse ncha tsa ’Muso. Ha ho ntse ho amoheloa menehelo e eketsehileng ’me (linaheng tseo sena se ka etsoang) ho ntse ho khutlisoa chelete e alimiloeng, ho ne ho ka thusoa liphutheho tse eketsehileng.
Tokisetso ena e ile ea qala ho sebetsa United States le Canada, ’me ho tloha nakong eo e saballetse ho ea linaheng tse fetang 30 Europe, Afrika, Latin America, le Bochabela bo Hōle. Ka 1992, linaheng tse robeli feela ho tsena, ho ne ho se ho entsoe hore chelete e fumanehe bakeng sa ho thusa kahong ea Liholo tsa ’Muso tse 2 737, bakeng sa liphutheho tse 3 840.
Esita le linaheng tseo ho tsona ho sa sebelisoeng tokisetso ena, empa ho na le tlhoko e potlakileng ea Liholo tsa ’Muso tse ke keng tsa tšehetsoa ka lichelete sebakeng seo, Sehlopha se Busang se ile sa leka matsapa a ho etsa litokisetso tse ling bakeng sa ho tiisa hore ho fanoa ka thuso. Ka hona ho ile ha ba le ho leka-lekana ha lintho, e le hore ba nang le ho fokolang ba se ke ba ba le ho fokolang haholo.
Ho Hlokomela Katoloso Ntlo-khōlō ea Lefatše
Mosebetsi oa ntlo-khōlō ea lefatše le oona o ’nile oa hloka tšehetso ea lichelete. Ka mor’a Ntoa ea I ea Lefatše, ha Watch Tower Bible and Tract Society e fumana ho le molemo ho hatisa le ho itlhophisetsa libuka tsa eona, ho ile ha etsoa tokisetso eo ka eona ho ileng ha rekoa mechine e hlokahalang ka lebitso la batho ba itseng—bahlanka-’moho ba Jehova. Ho e-na le ho lefa phaello k’hamphaning ea khoebo bakeng sa ho etsa libuka, Mokhatlo o ile oa sebelisa chelete ena khoeli le khoeli bakeng sa ho fokotsa molato oa thepa. Ha ho hlokomeloa melemo ea sena, litefiso tsa libuka tse ngata tse eang ho batho bohle li ile tsa fokotsoa ka lehare. Se etsoang e ne e le molemong oa ho ntšetsa pele boboleli ba litaba tse molemo, e seng ho ruisa Mokhatlo oa Watch Tower.
Ka mor’a lilemo tse seng kae, ho ile ha totobala hore ho hlokahala meaho e meholoanyane ntlo-khōlōng ea lefatše e le ho hlokomela mosebetsi oa lefatše ka bophara oa boboleli ba ’Muso. Khafetsa, ha mokhatlo o hlophisitsoeng o ntse o hōla ’me mosebetsi oa boboleli o ntse o matlafala, ho ’nile ha hlokahala hore ho eketsoe meaho ena. Ho fapana le ho ea libankeng bakeng sa lichelete tse hlokahalang tsa ho atolosa le ho hlomella liofisi le lifektheri tsa ntlo-khōlō hammoho le meaho ea basebetsi e New York le mathōkong a eona, Mokhatlo o ’nile oa hlalosetsa baena tlhoko ena. Sena se ’nile sa etsoa, eseng khafetsa, empa ka makhetlo a 12 feela nakong ea lilemo tse 65.
Ha ho mohla ho kileng ha qeloa lichelete. Bohle ba batlang ho etsa menehelo ba ’nile ba khothalletsoa ho etsa joalo. Ba khethileng ho kalimana ka lichelete ba ile ba tiisetsoa hore ha ho hlaha tlhoko e sa lebelloang le e potlakileng, chelete eo ba kalimaneng ka eona e tla khutlisoa ha ho amoheloa kōpo ea eona e tsoang ho bona. Ka hona tseleng eo Mokhatlo o tsamaisang litaba ka eona, o ’nile oa leka ho qoba ho imetsa batho le liphutheho tse fanang ka lichelete. Tšehetso e fanoang ke Lipaki tsa Jehova ka menehelo ea tsona ka linako tsohle e ’nile ea nolofalletsa Mokhatlo ho khutlisa lichelete tseo o li alimileng. Menehelo e joalo e romeloang ho Mokhatlo ha e khelloe fatše. Ho isa bohōleng bo ka khonehang, e lebohuoa ka mangolo le litlhaloso tse ling tsa kananelo.
Mosebetsi oa mokhatlo o hlophisitsoeng ha o tšehetsoe ke menehelo ea sehlopha se itseng sa ba ruileng. Menehelo e mengata e tsoa ho batho ba nang le mokhoa o fokolang feela oa boipheliso—ba bangata ho bona, ba na le matlotlo a fokolang haholo a lefatše lena. Har’a bona ke bana ba batlang ho kenya letsoho ka tsela ena ho tšehetseng mosebetsi oa ’Muso. Lipelo tsa bana bohle ba etsang menehelo li susumetsoa ke kananelo e tebileng bakeng sa molemo oa Jehova le takatso ea ho thusa ba bang ho ithuta ka litokisetso tsa hae tse lereko.—Bapisa le Mareka 12:42-44.
Ho Tšehetsa Meaho ea Makala ka Lichelete
Ha mosebetsi oa boboleli ba ’Muso o ntse o atoloha likarolong tse sa tšoaneng tsa lefatše, ho ’nile ha hlokahala hore ho atolosoe meaho ea makala ea mokhatlo o hlophisitsoeng. Sena se etsoa tlas’a tataiso ea Sehlopha se Busang.
Ka hona, ka mor’a ho hlahlobisisa lipuello tse tsoang lekaleng la Jeremane, ho ile ha fanoa ka litaelo ka 1978 bakeng sa ho fumana setša se loketseng le ho haha moaho o mocha ka ho felletseng. Na Lipaki tsa Jeremane li ne li tla hlokomela litšenyehelo tse amehang? Li ile tsa fuoa monyetla. Ha morero oo o phethoa ka 1984, Selters, karolong e ka bophirimela ho Lithaba tsa Taunus, ofisi ea lekala e ile ea tlaleha: “Lipaki tsa Jehova tse mashome a likete—tse ruileng le tse futsanehileng, tse ncha le tse hōlileng—li ile tsa nehelana ka lidolara tse limillione bakeng sa ho thusa ho lefella moaho o mocha. Ka baka la ho fana ha tsona ka seatla se bulehileng, morero ona oohle o ne o ka phethoa ntle le ho alima chelete mekhatlong ea lefatše kapa ho ikenya likolotong.” Ho phaella moo, hoo e ka bang Paki e le ’ngoe ho tse ling le tse ling tse supileng Rephabliking e Kopaneng ea Jeremane li ne li kentse letsoho mosebetsing oa kaho ea sebele Selters/Taunus.
Linaheng tse ling, boemo ba sebaka ba moruo kapa ba lichelete ba Lipaki tsa Jehova bo entse hore ho be thata, esita le hore ho se khonehe, ho haha liofisi tse hlokahalang tsa makala bakeng sa ho hlokomela mosebetsi kapa lifektheri tseo ho tsona ho tla hatisoa lingoliloeng tsa Bibele ka lipuo tsa sebaka ka seng. Lipaki ka har’a naha li ’nile tsa fuoa monyetla oa ho etsa seo li ka se khonang. (2 Ba-Kor. 8:11, 12) Empa khaello ea lichelete ka har’a naha ha e lumelloe ho sitisa ho phatlalatsoa ha molaetsa oa ’Muso moo haeba lichelete tse hlokahalang li fumaneha libakeng tse ling.
Ka hona, le hoja Lipaki tsa sebakeng ka seng li etsa seo li ka se khonang, karolong e khōlō ea lefatše boholo ba chelete e hlokahalang bakeng sa meaho ea makala e fanoa ka menehelo e etsoang ke Lipaki tsa Jehova linaheng tse ling. Ho bile joalo ka meaho e meholo e phethiloeng Afrika Boroa ka 1987, Nigeria ka 1990, le Philippines ka 1991. Ho boetse ho bile joalo Zambia, moo meaho e reriloeng ea khatiso e neng e ntse e tsoela pele ho hahoa ka 1992. Ka ho tšoanang ho bile joalo ka merero e mengata e batlang e le menyenyane, joaloka e phethiloeng India ka 1985; Chile ka 1986; Costa Rica, Ecuador, Guyana, Haiti, le Papua New Guinea ka 1987; Ghana ka 1988; le Honduras ka 1989.
Leha ho le joalo, linaheng tse ling baena ba ’nile ba makatsoa ke seo ba khonneng ho se finyella sebakeng sa bona ka tlhohonolofatso ea Jehova boitekong ba bona bo kopaneng. Ka mohlala, mathoasong a bo-1980 lekala le leng Spain le ne le habile ho etsa katoloso e khōlō ea meaho ea lona. Lekala le ile la kōpa Sehlopha se Busang ho fana ka lichelete tse hlokahalang. Empa ka baka la litšenyehelo tse boima tse neng li lebisitsoe libakeng tse ling nakong eo, thuso e joalo e ne e sa fumanehe nakong eo. Na Lipaki tsa Spain, ho sa tsotellehe meputso ea tsona e batlang e fokola, li ne li ka fana ka lichelete tse lekaneng bakeng sa morero o joalo oa kaho ha li fuoa monyetla?
Li ile tsa hlalosetsoa boemo. Ka thabo li ile tsa tlisa mabenyane a tsona, masale, le lipetja e le hore li ka rekisoa ’me ho fumanoe chelete. Ha Paki e ’ngoe e seng e hōlile e botsoa hore na e kholisehile hore e batla ho nehelana ka sepetja se nang le tekanyo e khōlō ea gauda seo e nehelaneng ka sona, e ile ea arabela: “Moena, se tla finyella molemo o moholo haholo ha se lefella Bethele e ncha ho feta ha se le letsohong la ka!” Khaitseli e mong ea seng a hōlile o ile a ntša pokello ea chelete ea pampiri e tsofetseng eo a neng a e patile tlas’a fuluru ka tlung ea hae ka lilemo-lemo. Banyalani ba ile ba etsa menehelo ka chelete eo ba ipoloketseng eona bakeng sa maeto. Bana ba ile ba romela chelete eo ba ipoloketseng eona. Mocha e mong ea neng a rera ho reka katara o ile a nehelana ka chelete eo bakeng sa morero oa kaho ea lekala. Ho tšoana le Baiseraele nakong ea ha ho hahoa tabernakele lefeelleng, Lipaki tsa Spain li ile tsa ipaka e le bafani ba seatla se bulehileng le ba tletseng boithatelo ho sohle se neng se hlokahala ka tsela ea nama. (Ex. 35:4-9, 21, 22) Joale li ile tsa ithaopa—motheong oa nako e tletseng, nakong ea phomolo, ka mafelo-beke—bakeng sa ho etsa mosebetsi. Li ile tsa tla ka likete li tsoa likarolong tsohle tsa Spain. Lipaki tse ling tse tsoang Jeremane, Sweden, Great Britain, Greece, le United States, ha re bolela tse seng kae, li ile tsa ikopanya le tsona bakeng sa ho phetha seo qalong ho neng ho bonahala eka ke mosebetsi o ke keng oa etsoa.
Na Lingoliloeng li Tlisa Phaello?
Ka 1992, lingoliloeng tsa Bibele li ne li hatisoa ntlo-khōlō ea lefatše le makaleng a 32 lefatšeng ka bophara. Tse ngata li ne li fuoa Lipaki tsa Jehova hore li li abe. Empa li ne li sa abeloe ho fumana phaello ea khoebo. Liqeto tse mabapi le lipuo tseo lingoliloeng li tla hatisoa ka tsona le linaha tseo li tla romeloa ho tsona li ne li sa etsoe molemong ofe kapa ofe oa khoebo empa ka morero feela oa ho phetha mosebetsi oo Jesu Kreste a o abetseng balateli ba hae.
Hoo e ka bang mathoasong a July 1879, ha ho hatisoa tokollo ea pele feela ea Molula-Qhooa (oa Senyesemane), e ne e e-na le tsebiso e bolelang hore ba futsanehileng haholo hore ba ka lefella peeletso (eo e neng e le feela 50¢, U.S., ka selemo nakong eo) ba ne ba ka e fumana ntle ho tefo haeba ba ngola ’me ba etsa kōpo. Morero o moholo e ne e le ho thusa batho ho ithuta ka morero oa Jehova o moholo.
Ho finyella seo, ho tloha ka 1879 lingoliloeng tse ngata tsa Bibele li ’nile tsa isoa ho batho ntle ho tefo. Ka 1881 le ka mor’a moo, hoo e ka bang likopi tse 1 200 000 tsa Food for Thinking Christians li ile tsa abjoa ntle ho tefo. Tse ngata ho tsona e ne e le buka e maqephe a 162; tse ling, li le ka sebōpeho sa koranta. Lipampitšana tse ngata tsa boholo bo sa tšoaneng li ile tsa hatisoa lilemong tse latelang. Tse ngata haholo ho tsona (ha e le hantle likopi tse makholo a limillione) li ile tsa abjoa ntle ho tefo. Lenane la lipampitšana le lingoliloeng tse ling tse tsamaisitsoeng le ’nile la hōla. Ka 1915 feela, tlaleho e bontšitse hore likopi tse 50 000 000 tsa lipampitšana ka lipuo tse ka bang 30 li ne li fanoa ntle ho tefo bakeng sa kabo lefatšeng ka bophara. Chelete ea see sohle e ne e tsoa hokae? Haholo-holo e ne e tsoa menehelong ea boithatelo e tšehetsang Tract Fund ea Mokhatlo.
Hape ho ne ho e-na le lingoliloeng tse fanoang ka monehelo o itseng lilemong tse qalang tse mashome historing ea Mokhatlo, empa sekepele sa monehelo se ne se bolokoa se le tlaase kamoo ho ka khonehang. Lingoliloeng tsena li ne li akarelletsa libuka tse sekoahelo se thata tse maqephe a 350 ho ea ho 744. Ha barekisi ba libuka tsa Mokhatlo (kamoo baboleli ba nako e tletseng ba neng ba tsejoa ka teng nakong eo) ba fana ka tsona ho batho, ba ne ba bolela sekepele se behiloeng e le monehelo. Leha ho le joalo, morero oa bona e ne e se ho bokella chelete empa hore batho ba fumane linnete tsa bohlokoa tsa Bibele. Ba ne ba batla hore batho ba bale lingoliloeng ’me ba rue molemo ho tsona.
Ba ne ba ikemiselitse haholo ho neha motho lingoliloeng (ba lefa monehelo oa tsona ka bobona) haeba mong’a ntlo a hloka. Empa ho ne ho hlokometsoe hore batho ba bangata ba na le tšekamelo ea ho bala sengoliloeng haeba ba se lefelletse, ’me ha e le hantle seo ba se nehetseng se ne se ka sebelisoa bakeng sa ho hatisa lingoliloeng tse eketsehileng. Leha ho le joalo, ha le hatisa hore Liithuti tsa Bibele ha li batle phaello ea chelete, leqetšoana la Mokhatlo la litaelo tsa tšebeletso, Bulletin, la October 1, 1920, le itse: “Matsatsi a leshome ka mor’a ho fana ka bukana [e nang le maqephe a 128], khutlela ho batho bao hape ’me u tiise hore na ba e balile kapa che. Haeba ba sa e bala, ba kōpe hore ba khutlise buka eo ’me u ba khutlisetse chelete ea bona. Ba bolelle hore ha u mohoebi oa libuka, empa hore u thahasella ho fana ka molaetsa ona oa matšeliso le thabo ho bohle, le hore haeba ba sa thahaselle ka ho lekaneng ’nete e ba amang haufi-ufi . . . , u lakatsa ho fana ka buka eo ho motho e mong ea thahasellang.” Lipaki tsa Jehova ha lia tsoela pele ho sebelisa mokhoa oo, hobane li fumane hore ka linako tse ling litho tse ling tsa lelapa li inkela lingoliloeng tseo ebe li rua molemo ho tsona; empa se neng se etsoa morao koana se totobatsa morero oa sebele oa Lipaki.
Ka lilemo tse ngata li ne li bua ka kabo ea tsona ea lingoliloeng e le “thekiso.” Empa lentsoe lena le ne le baka pherekano e itseng, kahoo ho qala ka 1929, le ile la lahloa hanyane ka hanyane. Lentsoe lena le ne le sa tšoanele hantle mosebetsi oa tsona, hobane mosebetsi oa tsona e ne e se oa khoebo. Morero oa tsona e ne e se ho bokella chelete. Sepheo sa tsona se felletseng e ne e le ho bolela litaba tse molemo tsa ’Muso oa Molimo. Ka baka la sena, ka 1943 Lekhotla le ka Holimo-limo la United States le ile la tiisa hore Lipaki tsa Jehova li ke ke tsa hlokoa hore li fumane lengolo la tumello ea thekiso ea khoebo pele li aba lingoliloeng tsa tsona. ’Me ka mor’a moo lekhotla la ketsa-molao Canada le ile la qotsa le ho amohela tlhaloso e boletsoeng ke Lekhotla le ka Holimo-limo la U.S. qetong eo.b
Linaheng tse ngata ka mehla Lipaki tsa Jehova li ’nile tsa fana ka lingoliloeng tsa tsona ka monehelo o itseng. Sekepele sa monehelo se ’nile sa ba tlaase haholo, ha ho bapisoa le libuka le limakasine tse ling, hoo batho ba bangata ba ’nileng ba ithaopela ho nehela ho eketsehileng. Empa mokhatlo o hlophisitsoeng o ’nile oa etsa boiteko bo boholo ba ho boloka sekepele sa monehelo se le tlaase e le hore batho ba bangata ba limillione ba nang le matlotlo a fokolang haholo a lefatše lena empa ba thabela ho amohela Bibele kapa lingoliloeng tsa Bibele ba ka khona ho li lefella. Leha ho le joalo, morero oa ho beha sekepele sa monehelo hase lebitsong la ho ruisa mokhatlo o hlophisitsoeng oa Lipaki tsa Jehova.
Moo molao o hlalosang kabo leha e le efe ea lingoliloeng tsa Bibele e le ea khoebo haeba motho ea li abang a bolela sekepele sa monehelo bakeng sa lingoliloeng, ka thabo Lipaki tsa Jehova li li siela e mong le e mong ea bontšang thahasello e hlokang boikaketsi ’me a tšepisa hore o tla li bala. Ba batlang ho etsa monehelo o itseng bakeng sa ho ntšetsa pele mosebetsi oa thuto ea Bibele ba ka fana ka eng kapa eng eo ba e ratang. Ka mohlala, ke sona se etsoang Japane. Switzerland, ho fihlela morao tjena, menehelo bakeng sa lingoliloeng e ne e amoheloa, empa e ne e amoheloa feela ho fihlela sekepeleng se itseng sa chelete se behiloeng; kahoo haeba beng ba matlo ba batla ho fana ka e eketsehileng, Lipaki li ne li e khutlisa kapa li fa mong’a ntlo lingoliloeng tse eketsehileng. Takatso ea tsona e ne e se ho bokella chelete, empa e ne e le ho bolela litaba tse molemo tsa ’Muso oa Molimo.
Ka 1990, ka baka la tšebeliso e mpe ea lichelete e ileng ea phatlalatsoa ka ho pharalletseng malumeling a mang a Bokreste-’mōtoana, hammoho le tšekamelo e ntseng e eketseha ea mebuso ea ho kopanyelletsa mosebetsi oa bolumeli morerong oa khoebo, Lipaki tsa Jehova li ile tsa etsa liphetoho tse itseng mosebetsing oa tsona e le ho qoba ho hloka kutloisiso leha e le hofe. Sehlopha se Busang se ile sa laela hore United States, lingoliloeng tsohle tseo Lipaki li li abang—Libibele, hammoho le lipampitšana, libukana, limakasine, le libuka tse sekoahelo se thata tse hlalosang Bibele—li nehoe batho feela motheong oa hore ba tla li bala, ho sa behoe sekepele sa monehelo. Mosebetsi oa Lipaki tsa Jehova hase oa khoebo le hanyenyane, ’me tokisetso ena e ile ea boela ea bontša phapang e eketsehileng ho lihlopha tsa bolumeli tse fetotseng bolumeli khoebo. Ha e le hantle, batho ba bangata baa hlokomela hore ho hatisa lingoliloeng tse joalo ho hloka chelete, ’me ba ananelang tšebeletso e etsoang ke Lipaki ba ka ’na ba batla ho nehelana ka ho itseng bakeng sa ho thusa mosebetsing ona. Batho ba joalo baa hlalosetsoa hore mosebetsi oa lefatše ka bophara oa thuto ea Bibele o etsoang ke Lipaki tsa Jehova o tšehetsoa ka menehelo ea boithatelo. Menehelo e amoheloa ka thabo, empa ha e qeloe.
Ba kopanelang tšebeletsong ea tšimo ha ba kopanele ka morero oa ho fumana phaello ea chelete. Ba nehelana ka nako ea bona, ’me ba itefella litšenyehelo tsa lipalangoang. Haeba motho ea itseng a bontša thahasello, ba lokisetsa hore ba khutlele beke le beke, ntle ho tefo, bakeng sa ho fana ka thuto ea botho ea Bibele. Ke lerato bakeng sa Molimo le batho ba bang feela le ka ba susumetsang hore ba tsoele pele ho kopanela mosebetsing o joalo, hangata tlas’a ho iphapanya le khanyetso e tobileng.
Lichelete tse fumanoang ntlo-khōlō ea lefatše ea Lipaki tsa Jehova kapa liofising tsa eona tsa lekala lia sebelisoa, eseng bakeng sa ho ruisa mokhatlo o hlophisitsoeng kapa motho leha e le ofe, empa bakeng sa ho ntšetsa pele boboleli ba litaba tse molemo. Morao koo ka 1922, Molula-Qhooa (oa Senyesemane) o ile oa tlaleha hore ka baka la boemo ba moruo Europe, libuka tse hatisoang moo bakeng sa Mokhatlo li ne li lefelloa haholo-holo ke ofisi ea Amerika ’me hangata li sieloa batho ka chelete e tlaase ho feta eo li hatisitsoeng ka eona. Le hoja hona joale Lipaki tsa Jehova li tsamaisa litsi tsa khatiso linaheng tse ngata, linaha tse ling tseo lingoliloeng li romeloang ho tsona ha li khone ho romela chelete ka ntle ho naha bakeng sa ho koahela litšenyehelo. Menehelo ea boithatelo e etsoang ka seatla se bulehileng ke Lipaki tsa Jehova linaheng tseo ho tsona li nang le matlotlo a lekaneng e thusa ho koahela khaello e leng linaheng tseo li nang le ho fokolang.
Ka mehla Mokhatlo oa Watch Tower o ’nile oa leka ho sebelisa matlotlo ’ohle ao o nang le ’ona bakeng sa ho ntšetsa pele boboleli ba litaba tse molemo. Ka 1915, e le mopresidente oa Mokhatlo, Charles Taze Russell, o itse: “Mokhatlo oa rōna ha oa batla ho ipokellela maruo a lefatše, empa ho fapana le hoo e bile mokhatlo o sebelisang seo o nang le sona ho finyella ho itseng. Eng kapa eng eo tataiso ea Molimo e re romeletseng eona ntle le ho qela re ’nile ra batla ho e sebelisa ka bohlale kamoo ho ka khonehang tumellanong le Lentsoe le Moea oa Morena. Khale koana re ile ra tsebisa hore ha lichelete li ka fela, mesebetsi ea Mokhatlo e tla fela ka tekanyo e lekanang; le hore ha lichelete li ntse li eketseha, mesebetsi ea Mokhatlo e tla atolosoa.” Mokhatlo o ’nile oa tsoela pele ho etsa feela joalo.
Ho theosa ho fihlela kajeno, mokhatlo o hlophisitsoeng o sebelisa lichelete tse teng bakeng sa ho romela balebeli ba tsamaeang ho matlafatsa liphutheho le ho li khothatsa tšebeletsong ea tsona ea phatlalatsa. O tsoela pele ho romela baromuoa le liithuti tse qetileng Sekolong sa Koetliso ea Bosebeletsi linaheng tseo ho nang le tlhoko e khethehileng. O boetse o sebelisa lichelete leha e le life tse teng ho romela bo-pula-maliboho ba khethehileng libakeng tseo ho tsona ho entsoeng boboleli bo fokolang ba molaetsa oa ’Muso kapa moo bo e-s’o etsoe ho hang. Joalokaha ho tlalehiloe ho 1993 Yearbook of Jehovah’s Witnesses, selemong sa tšebeletso se ka pele, ho sebelisitsoe $45 218 257,56 (U.S.) ka litsela tsena.
Ha ho Sebeletsoe Phaello ea Botho
Litho leha e le life tsa Sehlopha se Busang, liofisiri tsa mekhatlo ea sona ea molao, kapa batho ba bang ba hlahelletseng ba kopanelang le mokhatlo o hlophisitsoeng ha ba etse phaello ea chelete ka baka la mosebetsi oa Lipaki tsa Jehova.
Mabapi le C. T. Russell, ea sebelelitseng e le mopresidente oa Mokhatlo oa Watch Tower ka lilemo tse fetang 30, e mong oa metsoalle ea hae o ngotse: “E le ho hlahloba hore na tsela ea hae e lumellana le Mangolo, hape e le tsela ea ho bontša ho hloka boikaketsi ha hae, o ile a etsa qeto ea ho hlahlobisisa kamohelo ea Morena ka litsela tse latelang: (1) Ho nehela bophelo ba hae tumelong eo a e buellang; (2) Ho sebelisa leruo la hae bakeng sa ho phatlalatsa mosebetsi; (3) Ho hanela ho amoheloa ha likoleke libokeng tsohle; (4) Ho itšetleha ka menehelo e sa qeloang (eo e leng ea boithatelo ka ho felletseng) bakeng sa ho ntšetsa mosebetsi pele ka mor’a hore leruo la hae le phophothehe.”
Ho e-na le ho sebelisa mosebetsi oa bolumeli bakeng sa ho ipokellela leruo la lintho tse bonahalang, Moena Russell o ile a sebelisa matlotlo a hae kaofela mosebetsing oa Morena. Ka mor’a lefu la hae ho ile ha tlalehoa ho Molula-Qhooa (oa Senyesemane): “O ile a sebelisa leruo la hae la botho ka ho felletseng ho tšehetseng tumelo eo a nehetseng bophelo ba hae ho eona. O ne a amohela chelete e nyenyane ea $11,00 ka khoeli bakeng sa litšenyehelo tsa hae tsa botho. O ile a shoa, a sa siee matlotlo leha e le afe.”
Mabapi le ba neng ba tla ntšetsa mosebetsi oa Mokhatlo pele, Moena Russell o boletse sena lengolong la hae la thato ea mofu: “Mabapi le puseletso ea litšenyehelo, ke nahana hore ke bohlale ho boloka tsela ea Mokhatlo ea nakong e fetileng mabapi le meputso—hore ho se be le ba lefshoang; hore ba sebeletsang Mokhatlo kapa mosebetsing oa oona ka mokhoa leha e le ofe ba fuoe feela cheletana e fokolang bakeng sa ho koahela litšenyehelo.” Ba neng ba tla sebeletsa mahaeng a Mokhatlo a Bethele, liofising, le lifekthering, hammoho le baemeli ba oona ba tsamaeang, ba ne ba lokela ho fuoa feela lijo, bolulo, le cheletana e itekanetseng bakeng sa ho koahela litšenyehelo—e lekaneng bakeng sa litlhoko tse potlakileng empa “ho se be le tokisetso . . . ea ho bokella chelete.” Tekanyetso eo e ntse e sebetsa le kajeno.
Ba amoheloang bakeng sa tšebeletso e khethehileng ea nako e tletseng ntlo-khōlō ea Lipaki tsa Jehova kaofela ba khomarela kano ea bofutsana, joalokaha ho le joalo ka litho tsohle tsa Sehlopha se Busang le litho tsohle tsa lelapa la Bethele moo. Sena ha se bolele hore ba phela bophelo bo bosula, bo se nang boiketlo bo itseng. Empa se bolela hore ba kopanela, ntle ho khethollo, litokisetsong tse etsetsoang bohle ba leng tšebeletsong e joalo tse itekanetseng tsa lijo, bolulo, le cheletana ea ho koahela litšenyehelo.
Ka hona mokhatlo o hlophisitsoeng o ntšetsa mosebetsi oa oona pele o itšetlehile ka ho felletseng ka thuso e fanoang ke Molimo. Ka thabo Lipaki tsa Jehova li sebelisa matlotlo a tsona ho phetha mosebetsi oo Jehova, Ntate oa tsona oa leholimo e moholo, a li fileng oona hore li o etse li sa qobelloe empa e le pontšo ea boena ba sebele ba moea bo fihlang likarolong tsohle tsa lefatše.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Bona Molula-Qhooa (oa Senyesemane), September 1, 1944, leqephe 269; December 15, 1987, maqephe 19-20.
b Murdock v. Commonwealth of Pennsylvania, 319 U.S. 105 (1943); Odell v. Trepanier, 95 C.C.C. 241 (1949).
[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 340]
“Lichelete tse qetsoeng ha lia laeloa ke Mokhatlo ona ebile ha oa li lumella”
[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 342]
Haholo-holo ho hatisoa bohlokoa ba ho arolelana ’nete le ba bang
[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 343]
Ho hlalosa litaba ka ho hlakileng, le ka botšepehi
[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 344]
Liphutheho li thusana ho fumana Liholo tsa ’Muso tse hlokahalang
[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 345]
Menehelo e mengata e tsoa ho batho ba nang le mokhoa o fokolang feela oa boipheliso
[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 348]
Lingoliloeng tse ngata tse abjoang ntle ho tefo—ke mang ea li lefellang?
[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 349]
Ka thabo li siea lingoliloeng ho batho leha e le bafe ba bontšang thahasello e hlokang boikaketsi ’me ba tšepisa ho li bala
[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 350]
Ho etsoa’ng ka chelete e neheloang?
[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 351]
“O ile a sebelisa leruo la hae la botho ka ho felletseng ho tšehetseng tumelo eo a nehetseng bophelo ba hae ho eona”
[Lebokose le leqepheng la 341]
Molimo ha a Qele
“Ea itseng, ‘Hola kea lapa, ke be nke ke ka u bolella; hobane lefatše ke la ka, le tse ho lona kaofela. . . . Nke ke ka lata lipohoana sakeng la hao, leha e le lipheleu merakeng ea hao; hobane liphoofolo tsohle tsa meru ke tsa ka, le ’ona makhomo a fulang lithabeng ka likete’ (Pes. 50:12, 9, 10), a ka ntšetsa mosebetsi oa hae o moholo pele ntle le ho kōpa lichelete ebang ke lefatšeng kapa ho bana ba hae. Ebile a ke ke a qobella bana ba hae ho tela ntho leha e le efe tšebeletsong ea hae, leha e le hore a ka amohela ntho leha e le efe ho bona haeba e se nyehelo e sa etsoang ka thabo, ea boithatelo.”—“Zion’s Watch Tower,” September 1886, leq. 6.
[Lebokose le leqepheng la 347]
Hase ka Mehla Menehelo e Neng e le Chelete
Lipaki tse leboea le hōle Queensland li ile tsa lokisetsa le ho romela li-“semitrailer” tse ’nè tse laetseng mapolanka ao nakong eo a neng a lekanyetsoa pakeng tsa A$60 000 le A$70 000 setšeng sa kaho sa Watch Tower Sydney, Australia.
Ha fektheri ea Watch Tower Elandsfontein, Afrika Boroa, e atolosoa, moena e mong oa Moindia o ile a letsa ’me a kōpa hore ba mpe ba late monehelo oa mekotla e 500 (lik’hilogramo tse 50 o le mong) ea samente—nakong eo ka eona e neng e fokola haholo ka har’a naha. Ba bang ba ile ba nehelana ka literaka tsa bona hore Mokhatlo o li sebelise. Khaitseli e mong oa Moafrika o ile a lefa feme bakeng sa ho isa lehlabathe le hahang la li-“cubic meters” tse 15.
Netherlands ha ho hahoa moaho o mocha oa lekala Emmen, ho ile ha nehelanoa ka lithulusi le liaparo tsa mosebetsi tse ngata. Khaitseli e mong, le hoja a ne a kula haholo, o ile a rōkela basebetsi bohle likausi tsa boea nakong ea mariha.
E le ho haha ofisi e ncha ea lekala le seo e tlang ho ba setsi sa khatiso Lusaka, Zambia, thepa ea kaho e ile ea rekoa ka chelete e fanoeng ke Lipaki linaheng tse ling. Thepa ea kaho le lisebelisoa tse sa fumaneheng sebakeng seo e ile ea isoa Zambia ka literaka e le monehelo mosebetsing o etsoang moo.
Paki e ’ngoe Ecuador, ka 1977, e ile ea nehelana ka setša sa lihekthere tse 34. Mona ho ile ha hahoa Holo ea Kopano le moaho o mocha oa lekala.
Lipaki tsa Panama li ile tsa bula mahae a tsona bakeng sa ho amohela basebetsi ba baithaopi; ba bang ba nang le libese ba ile ba fana ka lipalangoang; ba bang ba ile ba kopanela ho faneng ka lijo tse 30 000 tse neng li lokisetsoa setšeng sa kaho.
Bakeng sa basebetsi morerong oa kaho Arboga, Sweden, phutheho e ’ngoe e ile ea baka likuku tse 4 500 ’me ea li romela teng. Tse ling li ile tsa romela mahe a linotši, litholoana, le jeme. Molemi e mong haufi le setša sa kaho, le hoja e se Paki, o ile a fana ka litone tse peli tsa lihoete.