Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w12 9/1 leq. 22
  • Re U Lome Tsebe?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Re U Lome Tsebe?
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2012
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Re U Lome Tsebe?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2012
  • O Ile a Buella Batho ba Molimo
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2011
  • O Ile a Emela Batho ba Molimo
    Etsisa Tumelo ea Bona
  • Na U ne U Tseba?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2022
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2012
w12 9/1 leq. 22

Re U Lome Tsebe?

Mangolo a ne a romeloa joang mehleng ea Bibele?

Motsamaisi oa poso ea Mopersia

Motsamaisi oa poso oa Mopersia

’Muso oa Persia o ne o romela mangolo a mabapi le litaba tsa puso ka poso ea ’Muso. Ha buka ea Bibele ea Esthere e hlalosa kamoo mangolo a neng a tsamaisoa kateng Persia, e re: “[Mordekai] a ngola lebitsong la Morena Assueruse ’me a tiisa ka lesale la tiiso la morena ’me litokomane tse ngotsoeng a li romela ka matsoho a batsamaisi ba melaetsa ba lipere, ba palame lipere tsa ho tsamaisa melaetsa tse neng li sebelisoa tšebeletsong ea borena, lipetsana tse tona tsa lipere tse tšehali tse lebelo.” (Esthere 8:10) ’Muso oa Roma le oona o ne o tsamaisa mangolo a eang ho ba boholong kapa sesoleng ka tsela e tšoanang.

Mangolo a botho, a kang a neng a ngoloa ke moapostola Pauluse le ba bang, a ne a sa tšoanelehe hore a ka tsamaisoa ka tsela eo. Haeba motho e ne e le morui, o ne a ka roma lekhoba hore le mo tsamaisetse lengolo. Leha ho le joalo, ba bangata ba ne ba romela mangolo a bona ka batho ba ba tloaetseng, esita le ba neng ba sa ba tsebe ba neng ba e-ea sebakeng seo. Mangolo a ne a ka tsamaisoa ke ba lelapa, metsoalle, masole kapa bahoebi. Taba ea bohlokoa e ne e le hore na motho ea tsamaisang mangolo o ne a tšepahala hakae le hore na o ne a tla fetisa molaetsa joalokaha o le joalo. Bibele e bontša hore Pauluse o ne a romela a mang a mangolo a hae ka Bakreste-’moho le eena ba neng ba nka maeto.—Baefese 6:21, 22; Bakolose 4:7.

Ho reka le ho rekisa ho ne ho etsoa joang Iseraele ea boholo-holo?

Setšoantšo sa ’maraka oa litholoana

Setšoantšo sa ’maraka oa litholoana

Moruo oa sechaba sa Iseraele o ne o itšetlehile haholo ka temo, mehlape le ka ho fapanyetsana lintho thekisong. Bibele e bua ka limmaraka tse neng li le lihekeng tsa motse—e leng “Heke ea Linku,” “Heke ea Litlhapi” le ‘Heke ea Mangeta.’ (Nehemia 3:1, 3; Jeremia 19:2) Ho bonahala mabitso ana a bontša hore na ho ne ho rekisoa eng sebakeng ka seng. Bibele e boetse e bua ka ‘seterata sa baapehi’ se neng se le Jerusalema hammoho le lintho tse ling tse neng li rekoa le ho rekisoa.—Jeremia 37:21.

Theko ea lintho e ne e le joang? Buka e ’ngoe e hlalosang Bibele e re: “Theko ea lintho e ne e feto-fetoha ho theosa le makholo a lilemo ’me ho thata ho tseba hantle hore na ntho e itseng e ne e ja bokae sebakeng se itseng le ka nako e itseng.” Leha ho le joalo, boitsebiso bo tsoang mehloling ea khale le bo tsoang Bibeleng bo bontša hore esita le mehleng eo theko ea lintho e ne e ntse e nyoloha. Ka mohlala, makhoba a ne a rekoa le ho rekisoa ho ea ka hore na a lilemo li kae. Josefa o ile a rekisoa ka likotoana tse 20 tsa silevera tseo e ka ’nang eaba e ne e le lishekele, mohlomong lekhoba le le leng le ne le rekoa ka theko eo lekholong la bo18 la lilemo B.C.E. (Genese 37:28) Lilemo tse makholo a mararo hamorao theko ea lekhoba e ne e se e le lishekele tse 30. (Exoda 21:32) Lekholong la borobeli la lilemo B.C.E., theko ea lekhoba e ne e se e le lishekele tse 50. (2 Marena 15:20) Lilemo tse makholo a mabeli hamorao, nakong ea puso ea Persia, theko ea lekhoba e ne e se e nyolohile ho ba lishekele tse 90 kapa ho feta. Ho hlakile hore ho nyoloha ha theko ea lintho hase bothata ba matsatsi ana ao re phelang ho ’ona feela.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela