Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • bm karolo 9 leq. 12
  • Baiseraele ba Batla Morena

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Baiseraele ba Batla Morena
  • Bibele—E na le Molaetsa Ofe?
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • “Ntoa ke ea Jehova”
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (Ea Batho ka Kakaretso)—2016
  • Ho Qala ha Borena Iseraeleng
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1985
  • Buka ea Bibele ea 9—1 Samuele
    “Lengolo Lohle le Bululetsoe ke Molimo ’me le Molemo”
  • “Nthute ho Etsa Thato ea Hao”
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2012
Bala Tse Ling
Bibele—E na le Molaetsa Ofe?
bm karolo 9 leq. 12

Karolo 9

Baiseraele ba Batla Morena

Saule, morena oa pele oa Iseraele ha a mamele Jehova. O hlahlangoa ke Davida, eo Jehova a etsang selekane sa ’muso oa ka ho sa feleng le eena

KA MOR’A mehla ea Samsone, Samuele e ile ea e-ba moprofeta le moahloli naheng ea Iseraele. Baiseraele ba ile ba mo emella ka hore ba batla ho tšoana le lichaba tse ling ’me ba be le morena. Le hoja sena se ne se utloisa Jehova bohloko, o ile a laela Samuele hore a etse seo ba se batlang. Jehova o ile a khetha monna ea ikokobelitseng ea bitsoang Saule hore e be morena. Leha ho le joalo, hamorao Saule o ile a ikhohomosa eaba o khaotsa ho mamela Jehova, ’me a mo tlosa boreneng eaba o bolella Samuele hore a khethe morena e mong—e leng mohlankana ea bitsoang Davida. Empa ho ile ha feta lilemo tse ngata pele Davida a busa.

Ho ka etsahala hore ebe ke nakong eo Davida a neng a kena bohlankaneng ha a etela barab’abo ba neng ba le lebothong la Saule. Lebotho lohle le ne le tšaba mohlabani oa ba lireng e leng seqhenqha se bitsoang Goliathe, ea ileng a tsoela pele ho le soma ’me a soma le Molimo oa lona. Davida o ile a halefisoa ke sena ’me a itlhahisa ha seqhenqha sena se batla motho eo se ka loanang le eena. Mohlankana enoa o ne a hlometse ka letjeketjane feela le majoe a seng makae, eaba o kopana le sera sena sa hae se bophahamo ba limithara tse ka bang 3. Ha Goliathe a mo soma, Davida o ile a bolella seqhenqha sena hore o hlometse ho se feta, hobane eena o loana ka lebitso la Jehova Molimo! Davida o ile a liha Goliathe ka lejoe le le leng feela a ntan’o khaola hlooho ea seqhenqha sena ka sabole ea sona. Lebotho la Bafilista le ile la tšoha eaba le qela ho leoto.

Qalong, sebete sa Davida se ile sa hlatsoa Saule pelo hoo a bileng a mo etsa mookameli oa lebotho la hae. Empa katleho ea Davida e ile ea etsa hore Saule a be mōna haholo. Davida o ile a tlameha ho baleha e le hore a pholose bophelo ba hae ’me ea e-ba mophaphathehi ka lilemo-lemo. Ho ntse ho le joalo, Davida o ile a lula a tšepahala ho morena eo ea neng a leka ho mo bolaea, a bolela hore Morena Saule o khethiloe ke Jehova Molimo. Saule o ile a qetella a shoetse ntoeng. Kapele ka mor’a moo, Davida e ile ea e-ba morena joalokaha Jehova a ne a tšepisitse.

Ha Davida e se e le morena o ile a labalabela ho hahela Jehova tempele. Leha ho le joalo, Jehova a bolella Davida hore e tla hahoa ke e mong oa bana ba hae. Ngoana eo e ile ea e-ba Solomone, mora oa Davida. Leha ho le joalo, Molimo o ile a hlohonolofatsa Davida ka ho etsa selekane le eena se ileng sa mo thabisa: Baneng ba hae ho ne ho tla hlaha leloko la borena leo ho seng le tšoanang le lona. Qetellong lelokong leo ho ne ho tla hlaha Molopolli, kapa Peō e tšepisitsoeng Edene. E ne e tla ba Mesia, e bolelang “Motlotsuoa” ea khethiloeng ke Molimo. Molimo o ile a tšepisa hore Mesia e ne e tla ba ’Musi, ea neng a tla busa ’Musong o tla ba teng ka ho sa feleng.

Davida o ile a thaba haholo hoo a ileng a bokella thepa le majoe a bohlokoa bakeng sa ho haha tempele eo. O ile a ba a bululeloa hore a ngole lipesaleme tse ngata. Ha Davida a se a tla shoa, o ile a re: “Moea oa Jehova ke oona o buileng ka ’na, lentsoe la hae le ne le le lelemeng la ka.”—2 Samuele 23:2.

​—E thehiloe ho 1 le 2 Samuele; 1 Likronike; Esaia 9:7; Matheu 21:9; Luka 1:32; Johanne 7:42.

◼ Ke hobane’ng ha Jehova a ile a tlosa Morena Saule boreneng eaba o beha Davida?

◼ Davida o ne a e-na le makhabane afe esita le pele e e-ba morena?

◼ Peō e tšepisitsoeng, kapa Molopolli, eo ho ileng ha boleloa hore o tla hlaha lelokong la Davida ke mang?

Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 12]

“Ka sebele ke tla tiisa terone ea ’muso oa hae ka thata ho isa nakong e sa lekanyetsoang.”​—2 Samuele 7:13

[Chate e leqepheng la 12]

Genese

Exoda

Levitike

Numere

Deuteronoma

Joshua

Baahloli

Ruthe

● 1 Samuele

● 2 Samuele

1 Marena

2 Marena

● 1 Likronike

2 Likronike

Esdrase

Nehemia

Esthere

Jobo

Lipesaleme

Liproverbia

Moeklesia

Sefela sa Lifela

Esaia

Jeremia

Hagai

Zakaria

Malakia

Matheu

Mareka

Luka

Johanne

Liketso

Baroma

1 Bakorinthe

2 Bakorinthe

Bagalata

Baefese

Bafilipi

Bakolose

1 Bathesalonika

2 Bathesalonika

1 Timothea

2 Timothea

Tite

Filemone

Baheberu

Jakobo

1 Petrose

2 Petrose

1 Johanne

2 Johanne

3 Johanne

Juda

Tšenolo

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela