Buka eo U ka e Tšepang—Karolo ea 4
Medo-Persia Historing ea Bibele
Sehlooho sena ke sa bone letotong la tse supileng tse hlahang makasineng ea “Tsoha!” tse tšohlang mebuso e supileng e matla ea lefatše eo ho buuoang ka eona historing ea Bibele. Sepheo sa sona ke ho bontša hore Bibele e ka tšeptjoa le hore e bululetsoe ke Molimo ’me molaetsa oa eona o fana ka tšepo ea hore mahlomola a bakiloeng ke puso e mpe ea batho a tla fela.
LITHAKO tsa matlo le mabitla a boreneng li fana ka tlhasenyana feela ea botle bo hlollang, matla le leruo la ’muso oa boholo-holo o neng o kopanetsoe ke Media le Persia. Pele mebuso eo e ’meli e kopana, Media e ne e le ’muso o ka sehloohong. Empa ka 550 B.C.E., Bamede ba ile ba oela tlas’a puso ea Morena Cyruse II oa Persia, eo ka mor’a moo a ileng a busa ’musong oa Medo-Persia. ’Muso oo o moholohali oo setsi sa oona se neng se le ka leboea ho Kou ea Persia, o ile oa qetella o busa ho tloha Leoatleng la Aegean ho isa Egepeta le karolong e ka leboea-bophirimela ea India, ho akarelletsa le Judea.
Medo-Persia e ile ea busa sechaba sa Bajuda ka lilemo tse fetang 200—ho tloha ha e ketola Babylona ka 539 B.C.E. ho fihlela ha eona Medo-Persia e hlōloa ke Bagerike ka 331 B.C.E. Libuka tse ngata tsa Bibele li bua ka liketsahalo tsa bohlokoa tse ileng tsa etsahala nakong eo.
Histori e ka Tšeptjoang
Bibele e re bolella hore Morena Cyruse II o ile a lokolla Bajuda ba neng ba le botlamuoeng Babylona, a ba lumella hore ba khutlele Jerusalema ’me ba tsosolose tempele ea Molimo, eo Bababylona ba neng ba e sentse ka 607 B.C.E. (Esdrase 1:1-7; 6:3-5) Tokomane e ngotsoeng moqomong oa letsopa o tsejoang ka hore ke Moqomo oa Cyruse, o sibolotsoeng ka 1879 lithakong tsa Babylona ea boholo-holo, e lumellana le tlaleho eo. Tokomane eo e bolela Cyruse ka lebitso ’me e hlalosa leano la hae la ho khutlisetsa batšoaruoa le thepa ea bona ea bolumeli linaheng tsa habo bona. Mongoli oa Bibele Esaia o ile a tlaleha mantsoe a Jehova a boprofeta mabapi le Cyruse, a reng: “‘O tla phetha ka ho feletseng sohle seo ke se thabelang’; esita le ha ke re ka Jerusalema, ‘E tla tsosolosoa,’ le ka tempele, ‘Motheo oa hao o tla raloa.’”—Esaia 44:28.
Ha e le hantle, Esdrase 6:3, 4 e bolela hore Cyruse o ile a laela hore chelete ea ho tsosolosa tempele e “fanoe ho tsoa ntlong ea morena.” Tlaleho ena e hlollang e lumellana le libuka tsa histori. Buka ea Persia and the Bible e re: “Marena a Persia a ne a e-na le leano la hore a kenye letsoho ho tsosoloseng libaka tse halalelang tsa ba pusong ea ’ona.”
Bibele e re bolella hore hamorao batho ba hanyetsang Bajuda ba ile ba ngolla Dariuse e Moholo (eo hape a neng a bitsoa Dariuse I) ba belaella Bajuda ha ba re Cyruse o laetse hore tempele e tsosolosoe. Dariuse o ile a laela hore ho batloe tokomane ea qalong eo ho neng ho ngotsoe taelo eo ho eona. Phello e ile ea e-ba efe? Ho ile ha fumanoa moqolo o nang le taelo eo ea Cyruse, motse-moholo Ekbatana. Ka mor’a moo, Dariuse o ile a ngola, a re: “’Na, Dariuse, ke fana ka taelo. [Tsosoloso ea tempele] e ke e phethoe ka potlako.” Ka mor’a moo, bahanyetsi ba ile ba khaotsa ho hanyetsa mosebetsi oo.a—Esdrase 6:2, 7, 12, 13.
Libuka tsa histori li lumellana le lintlha tsena. Ka mohlala, Ekbatana e ne e le sebaka seo Cyruse a lulang ho sona nakong ea lehlabula ’me e ka ’na eaba o ile a ntša taelo eo a le moo. Lintho tsa khale tse sibolotsoeng le tsona li bontša hore marena a Medo-Persia a ne a thahasella litaba tsa bolumeli haholo tse amang batho ba libakeng tse pusong ea ’ona le hore a ile a ngola mangolo ho rarolla liqabang tseo ba neng ba e-ba le tsona.
Boprofeta bo ka Tšeptjoang
Torong e bululetsoeng ke Molimo, moprofeta Daniele o ile a bona libata tse ’nè li nyoloha leoatleng, ’me sebata ka seng se ne se emela ’muso o matla oa lefatše o tla latela. Sebata sa pele e ne e le tau e nang le mapheo, ’me se ne se emela Babylona. Sa bobeli se ne ‘se tšoana le bere.’ Tlaleho eo e tsoela pele, e re: “Sena ke seo ba neng ba se bolella sona, ‘Tsoha, u je nama e ngata.’” (Daniele 7:5) Bere eo e tšosang e ne e tšoantšetsa Medo-Persia.
Tumellanong le boprofeta ba Daniele, Medo-Persia e ile ea iponahatsa e e-na le takatso e meharo ea ho hapa mebuso e meng. Nakoana ka mor’a hore Daniele a be le pono eo, Cyruse o ile a hlōla Bamede a ntan’o loantša baahi ba libakeng tse ling tsa boahelani, e leng Lydia le Babylona. Mora oa hae ea bitsoang Cambyses II o ile a hlōla Egepeta. Ha nako e ntse e ea, babusi ba Medo-Persia ba ile ba atolosetsa puso ea bona libakeng tse ling.
Re ka kholiseha joang hore tlhaloso ee e nepahetse? Ponong e ’ngoe e tšoanang le eo, Daniele o ile a bona pheleu “e khorohela ka bophirimela le ka leboea le ka boroa.” Boprofeta boo bo ile ba phethahala ha Medo-Persia “e khorohela” lichaba tse ling, tse akarelletsang Babylona e matla. Lengeloi la Molimo le ile la hlalosetsa Daniele pono eo, la re: “Pheleu eo u e boneng e e-na le linaka tse peli e emela marena a Media le Persia.”—Daniele 8:3, 4, 20.
Ho feta moo, lilemo tse ka bang makholo a mabeli pele Babylona e hlōloa, moprofeta Esaia o ne a boletse esale pele lebitso la morena oa Persia ea neng a tla e hlōla—eo ka nako eo a neng a e-s’o tsoaloe—le leqheka leo a neng a tla le sebelisa ho hapa Babylona. Esaia o ile a ngola a re: “Sena ke seo Jehova a se buileng ho motlotsuoa oa hae, ho Cyruse, eo ke tšoereng letsoho la hae le letona, hore ke hlōle lichaba ka pel’a hae, . . . hore ke bule ka pel’a hae menyako e nang le mamati a mabeli, hoo le liheke li ke keng tsa koaloa.” (Esaia 45:1) Esaia le Jeremia ba ile ba bolela esale pele hore “linōka” tsa Babylona kapa likotopo tse fepeloang ke Nōka ea Eufrate, tse neng li etsa liforo tse khōlō tse e sireletsang, li ne li tla psha. (Esaia 44:27; Jeremia 50:38) Bo-rahistori ba Bagerike, e leng Herodotus le Xenophon ba tiisa hore boprofeta boo ba Bibele bo nepahetse, ho akarelletsa ’nete ea hore ka bosiu boo Cyruse a ileng a hapa motse, Bababylona ba ne ba ithabisa. (Esaia 21:5, 9; Daniele 5:1-4, 30) Ka mor’a hore mabotho a Cyruse a fapose metsi a Nōka ea Eufrate, a ile a kena motseng ka liheke tse butsoeng tse pel’a nōka, a sa loane. Ka bosiu bo le bong feela, Babylona e matla e ile ea oa!
Ketsahalo ena, e ile ea lebisa ho phethahaleng ha boprofeta bo bong bo hlollang. Moprofeta Jeremia o ne a boletse esale pele hore batho ba Molimo ba ne ba tla ba botlamuoeng Babylona ka lilemo tse 70. (Jeremia 25:11, 12; 29:10) Boprofeta boo bo ile ba phethahala hantle ka nako, ’me batlamuoa ba ile ba lumelloa ho khutlela naheng ea habo bona.
Tšepiso eo U ka e Tšepang
Nakoana ka mor’a hore Medo-Persia e hape Babylona, Daniele o ile a tlaleha boprofeta bo re thusang ho utloisisa ketsahalo e ’ngoe ea bohlokoa ka ho fetisisa, e amanang le ho phethahala ha morero oa Molimo ka moloko oa batho. Lengeloi Gabriele le ile la bolella Daniele nako e tobileng eo Mesia—e leng “peō” e tšepisitsoeng ho Genese 3:15—a neng a tla hlaha ka eona! Lengeloi la Molimo le ile la re: “Ho tloha ha ho tsoa lentsoe la hore Jerusalema e tsosolosoe ’me e hahuoe hape ho fihlela ho Mesia Moeta-pele, ho tla ba le libeke tse supileng, le libeke tse mashome a tšeletseng a metso e ’meli,” e leng libeke tse 69 ka kakaretso. (Daniele 9:25) Libeke tsee tsa boprofeta li qalile neng?
Le hoja Cyruse a ile a lumella Bajuda hore ba khutlele naheng ea habo bona hang ka mor’a hore Babylona e oe, ho ile ha feta lilemo tse ngata Jerusalema le mabota a eona a ntse a e-s’o lokisoe. Ka 455 B.C.E., Morena Artaxerxese o ile a lumella moqhatsetsi oa hae oa Mojuda ea bitsoang Nehemia hore a khutlele Jerusalema ’me a etelle pele mosebetsi oa tsosoloso. (Nehemia 2:1-6) Seo se ile sa tšoaea ho qaleha ha libeke tse 69.
Leha ho le joalo, libeke tseo tse 69 e ne e se libeke tsa sebele tsa matsatsi a supileng, empa e ne e le libeke tsa lilemo. Ha e le hantle, liphetolelo tse ling tsa Bibele li re “libeke” tseo ke “libeke tsa lilemo.”b (Daniele 9:24, 25) Mesia o ne a tla hlaha ka mor’a “libeke” tse 69 tsa lilemo tse 7 beke ka ’ngoe—e leng kakaretso ea lilemo tse 483. Boprofeta boo bo ile ba phethahala ka 29 C.E. ha Jesu a ne a kolobetsoa, lilemo tse 483 hantle ho tloha ho 455 B.C.E.c
Ho phethahala ha boprofeta boo ba Daniele hantle ka nako e boletsoeng ho tlatsetsa bopaking bo bongata bo bontšang hore na Jesu ke mang. Bopaki bona bo boetse bo tiisa tšepo ea rōna ea nakong e tlang. Jesu e le Morena oa ’Muso oa Molimo oa leholimo, o tla felisa puso e hatellang ea batho. Ka mor’a moo, o tla phethahatsa boprofeta bo bong ba Bibele, ho akarelletsa bo bolelang esale pele hore bafu ba tla tsosetsoa bophelong bo sa feleng Paradeiseng lefatšeng.—Daniele 12:2; Johanne 5:28, 29; Tšenolo 21:3-5.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Bonyane ho na le marena a mararo a neng a bitsoa ka lebitso la Dariuse.
b Liphetolelo tse ling tsa Bibele tse fetolelang poleloana eo e le “libeke tsa lilemo” ke: Tanakh—A New Translation of the Holy Scriptures, The Complete Bible—An American Translation le The Bible—Containing the Old and New Testaments, ea James Moffatt.
c Ho fumana lintlha tse eketsehileng ka boprofeta bona, hammoho le setšoantšo se hlalosang libeke tseo tse 69 tsa lilemo, sheba leqephe la 197-199 bukeng ea Ha e le Hantle ke Eng Seo Bibele e se Rutang?
[Chate/Litšoantšo tse leqepheng la 18]
(Ha u batla ho bona boitsebiso bo hlophisitsoeng hantle, sheba sengoliloeng)
455 B.C.E. 29 C.E.
Ho tloha nakong eo ho neng ho ntšoa taelo ea hore Jerusalema e tsosolosoe ho fihlela Mesia a bonahala, ho ile ha feta lilemo tse 483
[Setšoantšo se maqepheng a 16, 17]
Lebitla la Cyruse le ntse le bonahala lithakong tsa Pasargadae ea boholo-holo, Iran ea kajeno
[Setšoantšo se leqepheng la 17]
Moqomo oa Cyruse o hlalosang leano la ho khutlisetsa batlamuoa linaheng tsa habo bona
[Litlhaloso Tsa Moo Litšoantšo li Nkiloeng Teng tse leqepheng la 17]
Page 16, top, time line: Egyptian wall relief and bust of Nero: Photograph taken by courtesy of the British Museum; Persian wall relief: Musée du Louvre, Paris; bottom, Cyrus Cylinder: Photograph taken by courtesy of the British Museum; page 17, Cyrus’ tomb: © Richard Ashworth/age fotostock