Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Phomolo ea Molimo ke Eng?
    Molula-Qhooa—2011 | July 15
    • 1, 2. Re ka etsa qeto efe ha re bala phetolelo e nepahetseng ea Genese 2:3, hona ho hlaha lipotso life?

      HO TLOHA khaolong ea pele ea Genese, re ithuta hore Molimo o ile a lokisa lefatše ka matsatsi a tšeletseng a tšoantšetso hore motho a tle a lule ho lona. Qetellong ea letsatsi ka leng o ile a bua mantsoe ana: “Ea e-ba mantsiboea ’me ea e-ba hoseng.” (Gen. 1:5, 8, 13, 19, 23, 31) Leha ho le joalo, ha Bibele e bua ka letsatsi la bosupa e re: “Molimo a hlohonolofatsa letsatsi la bosupa ’me a le halaletsa, hobane o phomotse ka lona mosebetsing oohle oa hae oo Molimo a o bōpileng.”—Gen. 2:3.

      2 Hlokomela sebōpeho sa leetsi le reng “o phomotse.” Le fana ka maikutlo a hore letsatsi la bosupa—e leng “letsatsi” la Molimo la phomolo—le ne le ntse le tsoela pele ka 1513 B.C.E. ha Moshe a ngola buka ea Genese. Na letsatsi la Molimo la phomolo le ntse le tsoela pele? Haeba ho joalo, na re ka kena phomolong ea Molimo kajeno? Likarabo tsa lipotso tsena ke tsa bohlokoa haholo ho rōna.

  • Phomolo ea Molimo ke Eng?
    Molula-Qhooa—2011 | July 15
    • 5. Morero oa letsatsi la bosupa e ne e le ofe, ’me o tla phethahala ka botlalo neng?

      5 E le hore re arabe potso eo, re lokela ho hopola morero oa letsatsi la bosupa. Genese 2:3 e re hlalosetsa hore na morero oo ke ofe ha e re: “Molimo a hlohonolofatsa letsatsi la bosupa ’me a le halaletsa.” Jehova o ile a “halaletsa” letsatsi leo—a le khetha—e le hore a phethe morero oa hae. Morero oo ke hore lefatše le ahoe ke banna le basali ba ikokobelitseng ba tla le hlokomela ba be ba hlokomele le lintho tsohle tse phelang ho lona. (Gen. 1:28) Jehova Molimo le Jesu Kreste, “Morena oa sabatha,” ba ’nile ba “tsoela pele ho sebetsa ho fihlela joale,” e le hore ba phethe morero oo. (Mat. 12:8) Letsatsi la Molimo la phomolo le tla tsoela pele ho fihlela morero oa hae mabapi le lona o phethahetse ka botlalo qetellong ea Puso ea Kreste ea Lilemo Tse Sekete.

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela