Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Molimo o Rera Hore Motho a Thabele Bophelo Paradeiseng
    Molula-Qhooa—1989 | August 1
    • 11 “Eaba Jehova Molimo o nka motho, a ’mea tšimong ea Edene, ho e lema le ho e lebela. Jehova Molimo a laela motho, a re: Ha e le lifate tsohle tsa tšimo, u tla li ja; empa ha e le sefate sa ho tseba botle le bobe, u se ke ua se ja, hobane mohla u se jang, u tla shoa.”—Genese 2:15-17.

  • Molimo o Rera Hore Motho a Thabele Bophelo Paradeiseng
    Molula-Qhooa—1989 | August 1
    • 13. Motho oa pele o ne a e-na le tebello efe, hona hobane’ng?

      13 Ka ho sa feleng? Ena e tlameha e ile ea e-ba khopolo eo ho neng ho batla ho le thata hore motho ea phethahetseng a e kholoe! Empa hobane’ng? ’Mōpi oa hae o ne a se na khopolo kapa morero oa ho senya serapa sena sa Edene se qapiloeng ka botsebi. Ke hobane’ng ha a ne a ka senya mosebetsi oa hae, ha o ne o le motle hakaalo ’me o senola botsebi ba hae ba ho qapa? Ka ho utloahalang, o ne a ke ke a rera ho etsa joalo. (Esaia 45:18) ’Me kaha serapa sena seo ho neng ho se se ka bapisoang le sona se ne se lokela ho lula se ntse se lengoa, se ne se tla hloka molemi le mohlokomeli ea kang motho ea phethahetseng, Adama. ’Me haeba motho ea se hlokomelang a ne a ke ke a ja tholoana ea “sefate sa ho tseba botle le bobe” se thibetsoeng, o ne a ke ke a shoa le ka mohla. Motho ea phethahetseng o ne a ka phela ka ho sa feleng!

      14. Ke joang Adama a neng a ka fumana bophelo bo sa feleng Paradeiseng?

      14 Bophelo bo sa feleng serapeng sa Paradeise sa Edene bo ne bo behiloe ka pel’a Adama! Bo ne bo ka thabeloa ka ho sa feleng, haeba feela a ne a ka lula a utloa ’Mōpi oa hae ka mokhoa o phethahetseng, ho se mohla a jang tholoana e thibetsoeng ke ’Mōpi oa motho. E ne e le takatso ea Hae hore motho ea phethahetseng a lule a utloa ’me a lule a phela ka ho sa feleng. Ho thibeloa ha tholoana ea “sefate sa ho tseba botle le bobe” e ne e se letho le bolaeang. E ne e mpa e le teko ea kutlo ea motho e phethahetseng ho Ntat’ae. Ho ne ho fa motho monyetla oa ho paka lerato la hae ho Molimo, ’Mōpi oa hae.

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela