Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Sebe sa Tšimolohong e ne e le Eng?
    Tsoha!—2006 | June
    • Ha Molimo a bōpa Adama le Eva, o ile a ba beha serapeng se setle se neng se tletse ka limela tse jeoang le lifate tse behang litholoana. E ne e le sefate se le seng feela seo ba neng ba sa lokela ho se ja—“sefate sa tsebo ea botle le bobe.” Kaha ba ne ba e-na le bolokolohi ba ho iketsetsa khetho, Adama le Eva ba ne ba ka khetha ho mamela Molimo kapa ho se mo mamele. Leha ho le joalo, Adama o ne a lemositsoe: “Ka letsatsi leo ka lona u jang tsa [sefate sa tsebo] ka sebele u tla shoa.”—Genese 1:29; 2:17.

      Thibelo e Utloahalang

      Thibelo ena e le ’ngoe e ne e sa bake mathata a letho; Adama le Eva ba ne ba ka ja litholoana tsa lifate tse ling tsohle tse serapeng. (Genese 2:16) Ho feta moo, thibelo eo e ne e sa bolele hore ho na le ho hong ho phoso ka banyalani bao, leha e le hona hore e ne e ba theola seriti. Haeba Molimo a ne a thibetse lintho tse mpe tse kang ho robala le phoofolo kapa ho bolaea, ba bang ba ne ba ka ’na ba re e tlameha ebe batho bao ba phethahetseng ba ne ba e-na le tšekamelo e fosahetseng e neng e tlameha ho thibeloa. Leha ho le joalo, ho ja e ne e le ntho ea tlhaho le e loketseng.

      Na tholoana e hanetsoeng e ne e le ho kopanela liphate, joalokaha ba bang ba nahana joalo? Maikutlo ana ha a tšehetsoe ke Mangolo. Taba ea pele ke hore ha Molimo a ne a behathibelo ena, Adama o ne a le mong ’me ho hlakile hore o ile a lula e le lesoha nako e telele. (Genese 2:23) Ea bobeli, Molimo o ile a bolella Adama le Eva hore ba ‘ate ba ngatafale ba tlale lefatše.’ (Genese 1:28) Ho hlakile hore o ne a ke ke a ba laela hore ba tlōle molao oa hae ebe joale ha ba o tlōla o ba ahlolela lefu! (1 Johanne 4:8) Ea boraro, Eva o ile a ja tholoana pele ho Adama ’me hamorao a e fa monna oa hae. (Genese 3:6) Ha ho potang hore tholoana eo e ne e se ho kopanela liphate.

      Ba Leka ho Ipusa

      Sefate sa tsebo e ne e le sefate sa sebele. Leha ho le joalo, se ne se emela tokelo ea Molimo e le ’Musi ea ho etsetsa batho bao a ba bōpileng qeto ka se setle le se sebe. Ka hona, ho ja tholoana ea sefate seo e ne e se feela hore ke bosholu—ho nka seo e leng sa Molimo—empa hape e ne e le ho leka ho inkela boipuso ka boikhohomoso kapa ho iketsetsa borata. Hlokomela hore ka mor’a hore Satane a thetse Eva ka hore ha eena le monna oa hae ba ja tholoana eo, ‘ka sebele ba ke ke ba shoa,’ o ile a tiisa seo ka ho re: “Etsoe Molimo oa tseba hore letsatsing leo ka lona le jang tsa sona mahlo a lōna a tla tutuboloha ’me le tla ba joaloka Molimo, le tsebe botle le bobe.”—Genese 3:4, 5.

  • Sebe sa Tšimolohong e ne e le Eng?
    Tsoha!—2006 | June
    • Ka ho bontša hore baa ipusa, Adama le Eva ba ile ba senya ka tsela e ke keng ea lokisoa kamano ea bona le Jehova ’me ha sebe se kena ’meleng ea bona, sa thophothela ho ea fihla liphatseng tsa bona tsa lefutso. Ke ’nete hore ba ile ba phela lilemo tse makholo, empa ba ile ba qala ho shoa “ka letsatsi leo” ba entseng sebe ka lona, ka tsela e tšoanang le eo lekala le khaohileng sefateng le shoang ka eona. (Genese 5:5) Ho feta moo, ka lekhetlo la pele ba ile ba ikutloa ba hloka khotso ea kelello. Ba ile ba ikutloa ba le feela ’me ba leka ho ipatela Molimo. (Genese 3:7, 8) Ba ile ba boela ba ikutloa ba le molato, ba sa sireletseha ba bile ba le lihlong. Sebe sa bona se ile sa ba hlokisa khutso ea kelello, ba khebethoa ke letsoalo ka lebaka la phoso eo ba e entseng.

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela