Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Ke Hobane’ng ha Molimo a Lumella Mahlomola?
    Molula-Qhooa—2014 | January 1
    • Seipati: Ho lokile. “Joale noha e ne e le seli ka ho fetisisa har’a libata tsohle tsa naha tseo Jehova Molimo a li entseng. Kahoo ea qala ho re ho mosali: ‘Na ehlile Molimo o itse le se ke la ja tsa sefate se seng le se seng se serapeng?’ Eaba mosali o re ho noha: ‘Re ka ja litholoana tsa lifate tse serapeng. Empa ha e le ho ja litholoana tsa sefate se har’a serapa, Molimo o itse, ‘Le se ke la ja tsa sona, che, le se ke la li ama e le hore le se ke la shoa.’” Eaba noha e re ho mosali: ‘Ka sebele le ke ke la shoa. Etsoe Molimo oa tseba hore letsatsing leo ka lona le jang tsa sona mahlo a lōna a tla tutuboloha ’me le tla ba joaloka Molimo, le tsebe botle le bobe.’”

  • Ke Hobane’ng ha Molimo a Lumella Mahlomola?
    Molula-Qhooa—2014 | January 1
    • Mampho: E, ho bonahala joalo. Empa ho ne ho e-na le ntho e ’ngoe qosong ena ea Satane. Ke kōpa o shebe temana ea 5 hape. Na u hlokomela se seng seo Satane a ileng a se bolella Eva?

      Seipati: O ile a re ha a ka ja tholoana, mahlo a hae a tla tutuboloha.

      Mampho: E, le hore o tla ‘ba joaloka Molimo, a tsebe botle le bobe.’ Kahoo, Satane o ne a bolela hore ho na le ntho e molemo eo Molimo a e patelang batho.

      Seipati: Kea utloisisa.

      Mampho: Le eona eo e ne e le qoso e khōlō.

      Seipati: U bolela’ng?

      Mampho: Ka mantsoe ao, Satane o ne a bolela hore Eva—ho akarelletsa le batho bohle—ba ne ba tla phela hamolemo ha ba sa busoe ke Molimo. Le tabeng ena, Jehova o ne a tseba hore tsela e molemohali ea ho rarolla bothata bona ke hore a lumelle Satane hore a pake seo. Kahoo Molimo o lumeletse Satane hore a buse lefatše lena ka nakoana. Ke kahoo re bonang mahlomola a mangata hakana lefatšeng—hobane Satane ke eena ’musi oa lefatše, eseng Molimo.d Empa ho na le litaba tse monate.

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela