-
Ho Nyehela Mahlabelo a Amohelehang ho JehovaMolula-Qhooa—1999 | February 1
-
-
Ka mor’a nako e itseng, mohlomong ha e se e le batho ba baholo, ka bomong Kaine le Abele ba ile ba etsetsa Jehova sehlabelo. Kaha Abele e ne e le molisa, hase ho makatsang hore ebe o ile nyehela “a mang a matsibolo a mohlape oa hae, esita le likarolo tsa ’ona tse nonneng.” Ho fapana le hoo, Kaine o ile a nyehela “tse ling tsa litholoana tsa mobu.” Jehova o ile a amohela sehlabelo sa Abele, empa “ha aa ka a talima Kaine le nyehelo ea hae ka mokhoa leha e le ofe o bontšang kamohelo.” (Genese 4:3-5, NW) Hobane’ng?
Ba bang ba bontša hore sehlabelo sa Abele se ne se entsoe ka “matsibolo a mohlape oa hae,” ha sa Kaine e ne e mpa feela e le “tse ling tsa litholoana tsa mobu.” Empa bothata e ne e se boleng ba litholoana tseo Kaine a ileng a li nyehela, hobane tlaleho e re Jehova o ile a talima “Abele le nyehelo ea hae” ka mokhoa o bontšang kamohelo, ’me ha aa ka a talima “Kaine le nyehelo ea hae” ka mokhoa o bontšang kamohelo. Ka hona, Jehova o ile a talima ka ho khetheha boemo ba pelo ea morapeli. Ka ho etsa joalo, o ile a lemoha eng? Baheberu 11:4 e bolela hore Abele o ile a nyehela sehlabelo sa hae “ka tumelo.” Ka hona, ho bonahala hore Kaine o ne a hloka tumelo e ileng ea etsa hore sehlabelo sa Abele se amohelehe.
Tabeng ena, hoa hlokomeleha hore nyehelo ea Abele e ne e akarelletsa ho tšolla mali. Ho ka etsahala hore ebe ka nepo o ile a etsa qeto ea hore tšepiso ea Molimo mabapi le peō e neng e tla longoa serethe e ne e tla akarelletsa ho etsa bophelo sehlabelo. Kahoo nyehelo ea Abele e ne e tla ba kōpo e tiileng ea ho koahela libe, ’me e ne e bontša tumelo ea hore Molimo o ne a tla fana ka sehlabelo sa poelano bakeng sa libe ka nako e loketseng.
-
-
Ho Nyehela Mahlabelo a Amohelehang ho JehovaMolula-Qhooa—1999 | February 1
-
-
Bibele ha e bolele hore na Jehova o ile a bontša joang hore o amohela sehlabelo sa Abele. Ba bang ba bontša hore se ile sa chesoa ke mollo o tsoang leholimong. Ho sa tsotellehe hore na boemo e ne e le bofe, ha a hlokomela hore nyehelo ea hae ha ea amoheloa, “Kaine o ile a tuka ke bohale, le sefahleho sa hae sa qala ho sosobana.” (Genese 4:5, NW) Kaine o ne a lebile tlokotsing.
-