Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g88 6/8 maq. 27-29
  • Tumelo e mo Susumelelitse Ketsong!

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Tumelo e mo Susumelelitse Ketsong!
  • Tsoha!—1988
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Ho Arabela Taelong
  • Ho Tloha Ure ho ea Kharane
  • Ho Tšela Eufrate
  • Abrahama—Mohlala oa Tumelo
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2001
  • ‘’Ntate oa Bohle ba Nang le Tumelo’
    Etsisa Tumelo ea Bona
  • Le be le Tumelo e Kang ea Abrahama!
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2001
  • Abrahama—Mohlala oa Bohle ba Batlang Botsoalle ba Molimo
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1989
Bala Tse Ling
Tsoha!—1988
g88 6/8 maq. 27-29

Tumelo e mo Susumelelitse Ketsong!

MAHARENG a Kou ea Persia le motse oa Baghdad ho na le qubu e sa boheheng ea majoe a mobu. E tšoana le lesole le hlorileng le lebetseng lesabasaba la lehoatata le sa beheng. Lithako tse otliloeng ke lerole la lifefo le ho chesoa ke letsatsi le bohale, li khathatsoa feela ke sello sa liphoofolo bosiu. Sena ke sona feela se setseng motseng o kileng oa e-ba matla oa Ure.

Empa boela morao makholo a mane a lilemo a fetileng. Moo pele e neng e le lebōpo la bochabela la Nōka ea Eufrate, Ure ke motse o atlehileng! Matlo a ferefuoeng ka bosoeu le mabenkele li etsa mola o potolohang literata. Bahoebi le bareki ba lumellana ka litheko tsa lintho ka mabenkeleng. Basebetsi ba sebetsa motšehare le bosiu ba ntša tšoele e tšoeu lishobeng tsa boea. Makhoba a tsamaea holim’a likou tse lerata tsa likepe, a jarisitsoe matlotlo a boima mahetleng.

Moferefere ona kaofela o etsahala ka tlas’a moriti oa tora ea tempele e laolang ponahalo ea naha. Barapeli ba tla sebakeng sena sa borapeli ho tla etsetsa molimo oa bona oo ba lumelang hore o atlehisitse Ure litšebeletso—molimo oa khoeli Nanna, kapa Sin.

Leha ho le joalo, ho monna a le mong monkho oa lihlabelo tse etsetsoang ka holim’a tora ena e khōlō ke o mobe. Lebitso la hae ke Abrame (hamorao Abrahama). Ka nako e ’ngoe, ntat’ae Terah, e ka ’na eaba o ile a kopanela borapeling bona ba litšoantšo. (Bapisa Joshua 24:2, 14, 15.) Empa joale Abrame a tseba Molimo oa ’nete, Jehova. Joang? Mohlomong ka ho kopana le Shema, mophonyohi ea tsofetseng oa Moroallo oa Noe.

Kapelenyana Abrame o bontša hore tumelo ea hae ho Jehova hase ea lefeela. Ka mokhoa o mong, Molimo joale o ‘ipontša’ ho Abrame. (Liketso 7:2-4) Jehova oa laela: “Tloha lefatšeng la heno, le ho mofuta oa hao, le tlung ea ntat’ao, u ee lefatšeng leo ke tlang ho u bontša lona. Ke tla u etsa sechaba se seholo, ke u hlohonolofatse, ’me ke tla holisa lebitso la hao, ’me u tla fetohela ba bang lehlohonolo. Ke tla hlohonolofatsa ba u hlohonolofatsang, ke rohake ba u rohakang, ’me mefuta eohle ea lefatše e tla hlohonolofalla ho uena.”—Genese 12:1-3.

Ho Arabela Taelong

Ke tlohele Ure e atlehileng ea Bakalde? Matlo a mang Ure ke mehaho e metle ea mekato e ’meli e potolohileng lebala a nang le likamore tse ka bang 14! Ha ho pelaelo ha rahistori oa Fora Henri Gaubert a nahanne hore Abrame e ne e le moleleri feela ’me a fumana ho le thata ho lumela hore a ka be a tlohetse “ntlo Ure e nang le likamore tse nang le libethe le mesamo, bolulo ba hae bo monate, bo pholileng lehlabula ’me bo futhumetse mariha, kamore eo a beang joala ho eona, seliba sa hae sa metsi a pholileng.” A tlohela lintho tsena tsohle ho phela joaloka moleleri? Ha ho kholoehe!

’Me ho thoe’ng ka litho tsa lelapa la Abrame—na ho na le ba ileng ba siuoa morao? Bochabela bo Hare, litlamo tsa lelapa li matla hoo ho lelekoa lapeng ho lekanang le ho ahloleloa lefu. Ke joang Abrame a lebeletsoeng ho tlohela lintho tsena tsohle bakeng sa tšepiso feela? Ha e le hantle, ke joang Molimo o ka etsang monna enoa—ea se nang bana—“sechaba se seholo”? Lefatše lena la tšepiso le hokae?

Leha ho le joalo, Abrame ke monna oa tumelo ’me o na le “tšepiso e tiileng ea lintho tse lebeletsoeng.” (Ba-Heberu 11:1) O tseba ka lintho tse fetileng—joaloka Moroallo oa lefatše—hore kamehla Lentsoe la Molimo ke ’nete. Abrame ha a khathatseha hobane ha a tsebe hantle hore na ke joang, ke neng, kapa ke hokae litšepiso tseo tsa Molimo li tlang ho phethahatsoa. Ho eena, ha ho ntlo e ntle, bophelo bo sireletsehileng, kapa litlamo tsa lelapa tse bohlokoa joaloka botsoalle ba Jehova. Joale, ho Abrame qeto e ’ngoe feela: Ho mamela Molimo le ho tloha Ure!

Na ka ho tšoanang tumelo ea hao e u susumeletsa ketsong? Hangata re khothaletsoa ho atolosa ho kopanela ha rōna mosebetsing oa ho bolela. Ba bang ba etsa joalo ka ho ba bahoeletsi ba nako e tletseng ba ’Muso. Empa Bakreste ba bang ba tsoafa ka hobane ba belaela ka lekunutung tšepiso ea Molimo ea ho thusa bao ba batlang ’Muso pele? (Mattheu 6:33) Tumelo ea Abrame e mo susumelelitse ketsong. O tšehelitse bokamoso ba hae litšepisong tsa Molimo!

Ho Tloha Ure ho ea Kharane

Abrame ha a mong ha a tloha. Joaloka Lipaki tse ngata tsa Jehova kajeno, ha ho pelaelo hore o kopanela linnete le litho tsa lelapa la hae. Kahoo ha ho makatse hore mosali oa Abrame Sarai le motsoal’ae oa khutsana Lota ka ho tšoanang ba susumeletsoa ho mamela taelo ea Molimo.a Esita le ntate oa Abrame, Terah—eo ba bang ba neng ba lumela hore o ne a etsa litšoantšo tse rapeloang—le eena oa tloha!—Genese 11:31.

Qetellong, lelapa la Abrame le mohlape li ka ntle ho marako a Ure. Ho fanoa ka letšoao la ho tloha, ’me mokhopi o tsamaeang ka likamela o kena leetong le hlophisitsoeng. Ba latela tsela e iphaphatang le lebōpo le ka bochabela la Nōka ea Eufrate, ba tsamaea ka tlas’a letsatsi le chesang, mohlomong ba tsamaisana le molumo oa litšepe tse llang tse tlameletsoeng melaleng ea likamele.

Ba ea ba lebile leboea-bophirimela, ba latela tsela e thinyang le nōka ea Eufrate. Kamor’a matsatsi a mangata ba tsamaile sebaka sa lik’hilomithara tse 960. Batsamai ba khathetseng ba hlolloa ke ho bona matlo a kang a linotši a potolohile motse oa Kharane. Ke sebaka sa ho qetela sa hore ba emise.—Genese 11:31.

Ho Tšela Eufrate

Abrame o lula Kharane, a nahanela Terah ea tsofetseng. Empa ka tlhohonolofatso ea Jehova, Abrame o ba le leruo le lengata haholo. (Bapisa Moeklesia 5:19.) Ke hangata hakae kajeno Molimo ka ho tšoanang o fanang ka litlhoko tsa nama ho bao ba ‘tlohelang mahae, baena kapa likhaitseli’ ka lebaka la ’Muso!—Mareka 10:29, 30.

Kharane, Abrame o boetse o ‘rua batho’—sehlopha sa makhoba. (Genese 12:5) Phetolelo ea Searame ea Jerusalema le Poleloana ea Bakalde li hlalosa hore o ile a fetola tumelo ea bona, kapa ‘a ba kokobeletsa molaong.’ (Bapisa Genese 18:19.) E, tumelo ea hae e mo susumeletsa ho bolela ho ba bang, joaloka ha Lipaki tsa Jehova li etsa kajeno.

“Litšiu tsa Terah ea e-ba lilemo tse makholo a mabeli a metso e mehlano; Terah a ntoo shoela Kharane.” (Genese 11:32) Abrame a utloa bohloko ke ho shoa ha ntat’ae. Empa ha nako ea ho lla e fetile, a boela a lokisetsa ho tloha. “Lilemo tsa Abrame, ha a tloha Kharane, li ne li le mashome a supileng a metso e mehlano.”—Genese 12:4.

“Abrame a nka Sarai, mosali oa hae, le Lota mora oa moen’ae, le leruo lohle la bona leo ba neng ba le ruile le batho bao ba neng ba ba ruile Kharane, ’me ba tloha ho ea lefatšeng la Kanana.” (Genese 12:5) Kamor’a hore ba tsamaee lik’hilomithara tse 89 ba lebile boroa ho Kharane, ho bonahala Abrame a ile a emisa sebakeng se ka mose ho Eufrate ho tloha setsing sa boholo-holo sa khoebo sa Karkemise. Mona mokhopi o tsamaeang ka likamele o tloaetse ho tšela.

E ne e le ka letsatsi lefe? Nisane 14, 1943 B.C.E. Ka lona letsatsi leo lilemo tse 430 hamorao, bana ba Abrame ba ne ba tla lokolloa bokhobeng Egepeta. (Exoda 12:40, 41) ’Me ka lona letsatsi leo lilemo tse ka bang makholo a mabeli hamorao, Peō ea hae, Jesu Kreste, o ne a tla etsa “selekane . . . bakeng sa ’muso,” seo ka sona “mefuta eohle ea lefatše” e neng e tla itlhohonolofatsa ho sona!—Luka 22:1, 28, 29,2 NW.

Ka ketso ea tumelo—ho tšela ha Abrame Eufrate—litšepiso tsa Molimo tsa qala ho ba le liphello ho eena. Abrame o ne a ka bona “motse o nang le motheo,” ’muso o lokileng holim’a batho. E, ka bopaki bo seng bokae, Abrame o qalile ho lemoha lipontšo tsa morero oa Molimo oa ho lopolla batho ba shoang. Malakabe a boprofeta a bonesitse tlhase ea tšepo ka kelellong ea hae!—Ba-Heberu 11:10.

Lipaki tsa Jehova kajeno li na le motheo o moholo oa tumelo ho feta Abrame. Bopaki bo hōlang bo paka hore “motse,” kapa ’muso oa leholimo, oo Abrame a neng a o emetse joale ke ntho ea sebele! Empa na ho lumela ho oona ho u susumeletsa ho bolela ka cheseho ho ea ka tataiso e fanoeng ke Molimo, ho u susumetsa ho phehella lipakane tsa moea ho e-na le bophelo bo mabotho-botho ba lintho tse bonahalang? Re tšepa hore ho etsa joalo, hobane tumelo ea Abrame e ne e le ea mofuta oo. Tumelo ea hae e mo susumelelitse ketsong!

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a Moena oa Abrame Nakore eena a sala, mohlomong ho qetella ho hlokomela mesebetsing e itseng kapa lintho tsa botho. Empa hamorao bana ba Nakore le bona ba tloha Ure ho ea rapela Jehova Kharane.—Genese 11:31; 24:1-4, 10, 31; 27:43; 29:4.

[’Mapa/Litšoantšo tse leqepheng la 28]

(Sheba boitsebiso bo hlophisitsoeng hantle khatisong)

Leeto la Abrahama

Ure

Kharane

Karkemise

KANANA

Leoatle la Mediterranean

[Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]

E theiloe ’mapeng o hatisitsoeng ke Pictorial Archive (Near Eastern History) Est. and Survey of Israel

[Setšoantšo]

Nōka ea Eufrate haufi le Ure

[Setšoantšo]

Kharane kajeno

[Setšoantšo]

Nōka ea Eufrate haufi le Karkemise

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela