Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Le be le Tumelo e Kang ea Abrahama!
    Molula-Qhooa—2001 | August 15
    • 10. Ho ile ha hlaha bothata bofe lipakeng tsa balisa ba Abrame le ba Lota, ’me ke hobane’ng ha ho ne ho hlokahala hore bo rarolloe kapele?

      10 “Joale Lota, ea neng a tsamaea le Abrame, le eena o ne a e-na le linku le likhomo le litente. Kahoo naha ha ea ka ea ba lumella hore ba lule hammoho, hobane thepa ea bona e ne e le ngata ’me ba ne ba sa khone ho lula hammoho. Eaba ho tsoha qabang pakeng tsa balisa ba liphoofolo tse ruiloeng tsa Abrame le balisa ba liphoofolo tse ruiloeng tsa Lota; ’me ka nako eo Bakanana le Bapereze ba ne ba lula naheng eo.” (Genese 13:5-7) Naha e ne e se na metsi a lekaneng le lekhulo le lekaneng ho phelisa mehlape ea Abrame hammoho le Lota. Kahoo, balisa ba ile ba hloeana le ho halefelana. Ho tjolietsana ho joalo ho ne ho sa lokela barapeli ba Molimo oa ’nete. Ha qabang ena e ne e ka tsoela pele, ba ne ba ka ’na ba arohana ka ho sa feleng. Ebe Abrame o ne a tla sebetsa boemo boo joang? O ne a nkile Lota ka mor’a lefu la ntat’a Lota, mohlomong a mo hōlisa joaloka ngoana oa hae. Kaha Abrame e ne e le eena e moholo, na o ne a sa lokela ho inkela se molemohali?

      11, 12. Abrame o ile a bulela Lota monyetla ofe ka bolokolohi, ’me ke hobane’ng ha khetho ea Lota e ne e le booatla?

      11 Empa “Abrame a re ho Lota: ‘Ka kōpo, ho se ke ha tsoela pele ho e-na le qabang leha e le efe pakeng tsa ka le uena le pakeng tsa balisa ba ka le balisa ba hao, etsoe re bara ba motho. Na naha eohle ha ea u bulehela? Ke kōpa hore re arohane. Haeba u e-ea ka ho le letšehali, ke tla ea ka ho le letona; empa haeba u e-ea ka ho le letona, joale ke tla ea ka ho le letšehali.’” Haufi le Bethele ho na le se ’nileng sa bitsoa “e ’ngoe ea liqhooa tse khōlō tsa Palestina.” Mohlomong ke hona moo “Lota a [ileng a] phahamisa mahlo ’me a bona Setereke sohle sa Jordane, hore kaofela ha sona e ne e le sebaka se noselitsoeng hantle pele Jehova a felisa Sodoma le Gomora, se tšoana le serapa sa Jehova, se tšoana le naha ea Egepeta ho ea fihla Zooare.”—Genese 13:8-10.

  • Le be le Tumelo e Kang ea Abrahama!
    Molula-Qhooa—2001 | August 15
    • 13. Mohlala oa Abrame o thusa Bakreste ba ka ’nang ba ameha litsekisanong tsa lichelete joang?

      13 Leha ho le joalo, Abrame o ile a bontša tumelo tšepisong ea Jehova ea hore qetellong peō ea hae e ne e tla rua naha eo eohle; ha aa ka a tlatsa lerata ka karolo e nyenyane ea eona. O ile a sebetsa ka bolokolohi tumellanong le molao-motheo oo hamorao o neng o tla ngoloa ho 1 Bakorinthe 10:24: “E mong le e mong a ’ne a batle, eseng se molemo ho eena, empa se molemo ho motho e mong.” Ena ke khopotso e ntle bakeng sa ba ka ’nang ba ameha litsekisanong tsa chelete le balumeli-’moho le bona. Ho e-na le hore ba latele keletso e ho Matheu 18:15-17, ba bang ba isitse barab’abo bona khotla. (1 Bakorinthe 6:1, 7) Mohlala oa Abrame o bontša hore ho molemo ho mamella ho etsoa hampe litabeng tsa lichelete ho e-na le ho tlisetsa lebitso la Jehova thohako kapa ho senya khotso ea phutheho ea Bokreste.—Jakobo 3:1.

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela