Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Matla a Thapelo
    Molula-Qhooa—2000 | March 1
    • ELIEZERE o lumela matleng a thapelo. Ka tumelo e ikhethang e kang ea ngoana, e bontšang tšepo, ka boikokobetso oa kōpa: ‘Jehova, Molimo oa Abrahama, mong a ka, ak’u mphihlisetse botle kajeno, ’me u etsetse Abrahama, mong a ka, ka mohau. Bona, ke eme pel’a seliba sa metsi, ’me barali ba batho ba motse ba ea tsoela ho kha metsi. A e ke e re, moroetsana eo ke reng ho eena, ‘Ak’u kokobetse nkho ea hao, nke ke noe, ’me a re: Noa, ’me ke tla noesa le likamele tsa hao; e ke e be eena eo u mo laoletseng lsaka, mohlanka oa hao, ’me ke tle ke tsebe ka hoo hobane u etselitse mong a ka ka mohau.’—Genese 24:12-14.

  • Matla a Thapelo
    Molula-Qhooa—2000 | March 1
    • Re ka ithuta ho hongata thapelong ea Eliezere. E ile ea bontša hore o na le tumelo e ikhethang, boikokobetso le kameho e se nang boithati ka litlhoko tsa ba bang. Thapelo ea Eliezere e ile ea boela ea bontša hore o ikokobelletsa tsela ea Jehova ea ho sebetsana le moloko oa batho. Ha ho pelaelo hore o ne a hlokomela lerato le ikhethang la Molimo ho Abrahama hammoho le tšepiso ea Hae ea hore litlhohonolofatso tsa nakong e tlang li ne li tla tlela moloko oa batho ka Abrahama. (Genese 12:3) Kahoo, Eliezere o ile a qala thapelo ea hae ka mantsoe ana: “Jehova, Molimo oa Abrahama, mong a ka.”

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela