-
“Ke Ikemiselitse ho Tsamaea”Molula-Qhooa (Ea Batho ka Kakaretso)—2016 | No. 3
-
-
Rebeka ha aa ka a tšella likamele tseo metsinyana feela, empa o ile a li tšella metsi a lekaneng hore li khotsofale. Kamele e le ’ngoe e nyoriloeng e ka noa lilithara tse fetang 95 tsa metsi! Haeba likamele tseo tse leshome li ne li nyoriloe kaofela, Rebeka o ne a tla lokela ho qeta lihora tse ngata a ntse a li khella metsi. Leha ho le joalo, ha ho bonahale eka li ne li nyoriloe haholo.a Empa na Rebeka o ne a tseba seo? Che. O ne a ikemiselitse ho etsa sohle seo a ka se khonang ho thusa monna-moholo eo. Le eena o ile a amohela thuso ea Rebeka. O ne a shebile Rebeka ka hloko ha a ntse a ea holimo le tlaase a tšela metsi ka senoelong.—Genese 24:20, 21.
Rebeka o ne a khothetse a bile a rata baeti
-
-
“Ke Ikemiselitse ho Tsamaea”Molula-Qhooa (Ea Batho ka Kakaretso)—2016 | No. 3
-
-
Rebeka o ile a hlokomela tsela eo monna-moholo a neng a mo shebile ka eona. O ne a sa mo sheba ka tsela e litšila, empa o ne a mo shebile ka ho makala, a hloletsoe a bile a thabile. Monna-moholo eo o ile a fa Rebeka lifaha tse ntle le masale hobane a mo thusitse. Eaba o re: “U morali oa mang? Na ho na le sebaka ka tlung ea ntat’ao e le hore re hlole bosiu teng?” O ile a thaba le ho feta ha Rebeka a mo bolella ka lelapa labo. Rebeka o ile a re: “Re na le joang le furu e ngata, le sebaka sa ho hlola bosiu.” O ne a bontša hore o nahanela batho ba tsamaeang le monna-moholo eo le likamele tsa bona. Ka mor’a moo, a potlakela lapeng ho ea bolella ’m’ae ka se etsahetseng.—Genese 24:22-28, 32.
-