Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Lenyalo le Fumantšang Limillione Tse Phelang Hona Joale Molemo
    Molula-Qhooa—1989 | July 1
    • 12. Taba ee e ile ea phethoa joang lapeng la habo Rebeka?

      12 Ka thabo Rebeka a mathela hae ho ea bolella lelapa la habo. Hamorao, ha ntate oa Rebeka le khaitseli ea hae ba utloa ho tsoa molomong oa Eliezere morero oa leeto la hae le kamoo Jehova a arabetseng thapelo ea hae, ba ile ba lumela ba sa tsila-tsile hore Rebeka e lokela ho ba mosali oa Isaaka. “Eare ha mohlanka oa Abrahama a utloa litaba tsa bona, a khumama fatše pel’a Jehova. Eaba mohlanka o ntša mekhabo ea silevera le mekhabo ea gauda, le meaparo, a e nea Rebeka; ’me a nea khaitselie le ’m’ae mesebetsi ea bohlokoa.”—Genese 24:52, 53.

  • Lenyalo le Fumantšang Limillione Tse Phelang Hona Joale Molemo
    Molula-Qhooa—1989 | July 1
    • 16. (a) Ke joang, ka ho loketseng, mohlanka oa Abrahama a tšoantšetsang moea o halalelang oa Molimo? (b) Ho ka ’na ha botsoa lipotso life mabapi le moea le monyaluoa? (Liketso 7:51)

      16 Lebitso la Eliezere le bolela hore “Molimo Oa Ka Ke Mothusi.” Ka lebitso le ka ketso, ka ho loketseng o tšoantšetsa moea o halalelang oa Abrahama e Moholoanyane, Jehova Molimo, Ea ileng a o romela naheng ena e hōle, lefatše la rōna, ho tla tla khethela Isaaka e Moholoanyane, Jesu Kreste, monyaluoa ea tšoanelehang. (Johanne 14:26; 15:26) Sehlopha sa monyaluoa ke “phutheho,” e entsoeng ka barutuoa ba Jesu ba tsoetsoeng ka moea o halalelang e le bara ba moea ba Molimo. (Ba-Efese 5:25-27, NW; Ba-Roma 8:15-17) Feela joalokaha Rebeka a ile a amohela limpho tsa bohlokoahali, ho joalo le ka litho tsa pele tsa phutheho ea Bokreste ka letsatsi la Pentekonta ea 33 C.E. li ile tsa amohela ka mohlolo limpho e le bopaki ba ho bitsoa ha tsona ke Molimo. (Liketso 2:1-4) Ho tšoana le Rebeka, li ile tsa ithaopela ho tlohela likamano tsohle tsa lefatše le tsa nama e le hore qetellong li ka kopanngoa le Monyali oa tsona oa leholimo. Ho tloha nakong eo litho tsa sehlopha sa monyaluoa li bitsoang ka bonngoe ho fihlela lefung la tsona, li tlameha ho lebela boroetsana ba tsona ba moea ha li ntse li le leetong ho pholletsa le lefatše lena le kotsi la Satane, le ekang. (Johanne 15:18, 19; 2 Ba-Korinthe 11:3; Jakobo 4:4) Se tletse moea o halalelang, sehlopha sa monyaluoa ka botšepehi se mema ba bang ho inkela litokisetso tsa Jehova hore ba tle ba pholohe. (Tšenolo 22:17) Na u latela mohlala oa sona ka hore le uena u arabele tataisong ea moea oo?

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela