Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Ho Hong ho Hoholoanyane ho Feta Matlotlo a Egepeta
    Molula-Qhooa—2002 | June 15
    • Ka ho panya ha leihlo Miriame o ne a se a le pel’a eona. O ile a botsa: ‘Na nka u bitsetsa mosali oa Moheberu hore a u anyesetse ngoana eo?’ Ba bang ba utloa eka karolo ena ea ikhanyetsa. Khaitseli ea Moshe e hlaha e etsa se fapaneng le Faro, ea ileng a rera hammoho le baeletsi ba hae ho sebetsa Baheberu “ka masene.” Ka sebele, bophelo ba Moshe bo ile ba bolokeha feela ka mor’a hore khosatsana e lumellane le leano la khaitseli ea hae. Morali’a Faro o ile a re: “Tsamaea!” eaba Miriame hang-hang o bitsa ’mè oa hae. Tumellanong ena e makatsang, Jokebede o ile a lefuoa hore a hōlise ngoana oa hae ka tlas’a tšireletso ea borena.—Exoda 2:5-9.

  • Ho Hong ho Hoholoanyane ho Feta Matlotlo a Egepeta
    Molula-Qhooa—2002 | June 15
    • Litumellano Tsa Boanyesi

      Ka tloaelo batsoali ba ne ba anyesa bana ba bona. Leha ho le joalo, Brevard Childs, bukeng ea Journal of Biblical Literature, o re: “Maemong a mang, malapeng a borena [linaheng tse nang le mekhoa ea Bochabela] ho ne ho hiroa moanyesi. O ne a boetse a hiroa haeba ’mè oa ngoana a ne a sa khone ho mo anyesa kapa a sa tsejoe. Mosali ea anyesang o ne a ikarabella bakeng sa ho hōlisa ngoana haesita le ho mo anyesa ho fihlela nako e lekanyelitsoeng e fela.” Ho ’nile ha fumanoa litumellano tse ngata tse ngotsoeng pampiring ea loli tsa khiro ea baanyesi lipaleng tsa boholo-holo tsa Linaha tse Nang le Mekhoa ea Bochabela. Litokomane tsena li fana ka bopaki ba hore tloaelo ena e ne e atile ho tloha linakong tsa Basumere ho fihlela morao linakong tse amanang le histori ea Bagerike Egepeta. Litokomane tsena lia tšoana hobane li fupere lipolelo tsa batho ba neng ba ameha litumellanong tsena, bolelele ba nako ea tumellano, maemo a mosebetsi, litaelo tse khethehileng mabapi le phepo, litefiso tsa ba ileng ba hlōleha ho khomarela tumellano, meputso le kamoo meputso e neng e tla lefuoa kateng. Ka ho tloaelehileng, ho latela tlhaloso ea Childs, “ngoana o ne a hlokomeloa le ho koetlisoa ka lilemo tse peli kapa tse tharo. Moanyesi o ne a hōlisetsa ngoana ntlong ea hae, empa ka linako tse ling o ne a lokela ho mo khutlisetsa ho mong’a hae ho ea hlahlojoa.”

      [Litšoantšo tse leqepheng la 9]

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela