-
‘Ke Tseba Hantle Bohloko Boo ba bo Utloang’Molula-Qhooa—2009 | March 1
-
-
Ka letsatsi le leng ha Moshe a ntse a lisitse linku o ile a bona pono e sa tloaelehang—sehlahla se meutloa se ne se tuka empa “se sa che.” (Temana ea 2) A hloletsoe ke sena, Moshe o ile a atamela e le hore a bone hantle se etsahalang. A sebelisa lengeloi, Jehova o ile a bua le Moshe a le ka har’a mollo a re: “U se ke ua atamela mona. Rōla meqathatso ea hao, hobane sebaka seo u emeng ho sona ke mobu o halalelang.” (Temana ea 5) Nahana feela—kaha Molimo o ne a le teng moo ka tsela ea tšoantšetso, esita le mobu o ile oa halalela!
-
-
‘Ke Tseba Hantle Bohloko Boo ba bo Utloang’Molula-Qhooa—2009 | March 1
-
-
Qenehelo ea Molimo e etsa hore re be le tšepo. Ka thuso ea Jehova, re ka leka ho phela ka melao ea hae e hloekileng le hoja re sa phethahala ’me ra ba ba amohelehang ho eena. (1 Petrose 1:15, 16) Morali e mong oabo rōna ea neng a e-na le bothata ba ho sithabela maikutlo le ho nyahama o ile a khothatsoa ke phihlelo eo Moshe a ileng a ba le eona ha a le sehlahleng se meutloa. O re: “Haeba Jehova a ka etsa hore le mobu feela o halalele, mohlomong ho na le tšepo bakeng sa ka. Khopolo ena e nthusitse haholo.”
-