-
“U Phethe Boitlamo Boo U bo Etsang”Molula-Qhooa (O Ithutoang)—2017 | April
-
-
7. (a) Anna o ne a tšepisitse Jehova eng, hona hobane’ng? Ho ile ha etsahala’ng?(b) Boitlamo ba Anna bo ne bo tla ama Samuele joang? (Sheba naletsana.)
7 Anna ke e mong oa bao ka botšepehi ba ileng ba phetha boitlamo boo ba bo etselitseng Jehova. O ile a etsa tšepiso nakong eo ka eona a neng a le mahlomoleng ka lebaka la hore o ne a sa be le bana ’me a songoa. (1 Sam. 1:4-7, 10, 16) Kahoo Anna o ile a bolella Molimo mabinabine a pelo ea hae,’me a itlama, a re: “Jehova oa mabotho, haeba ruri u tla talima mahloreho a lekhabunyane la hao ’me u nkhopole, ’me u ke ke ua lebala lekhabunyane la hao ’me u tla fa lekhabunyane la hao ngoana e motona, ke tla mo fa Jehova ka matsatsi ’ohle a bophelo ba hae, ’me ha ho lehare le tla feta hloohong ea hae.”a (1 Sam. 1:11) Kopo ea Anna e ile ea arajoa eaba o ba le ngoana oa moshanyana. O ile a thaba haholo. Leha ho le joalo, ha aa ka a lebala boitlamo ba hae. Kahoo ha a e-ba le mora o ile a re: “Ke mo kōpile ho Jehova.”—1 Sam. 1:20.
-