-
O Ile a Tšollela Pelo ea Hae ho Molimo ha a RapelaMolula-Qhooa—2010 | July 1
-
-
ANNA o ile a iphathahanya ka ho lokisetsa leeto e le hore a se ke a touta. Ena e ne e lokela ho ba nako e monate; e ne e le nako eo monna oa hae, Elkana, a neng a tloaetse ho nka leeto le lelapa la hae kaofela selemo le selemo ho ea rapela tempeleng Shilo. Jehova o ne a lokiselitse hore linako tse joalo e be tse thabisang. (Deuteronoma 16:15) Ha ho pelaelo hore Anna o ne a thabela mekete eo ho tloha ha e sa le ngoana. Empa morao tjena lintho li ne li fetohile.
-
-
O Ile a Tšollela Pelo ea Hae ho Molimo ha a RapelaMolula-Qhooa—2010 | July 1
-
-
Ho ne ho phethesela ka tlung lihoreng tsa hoseng. Batho kaofela, ho akarelletsa le bana, ba ne ba itokisetsa ho kena leetong. Lelapa leo le leholo le ne le tla tsamaea lik’hilomithara tse fetang 30 ho ea Shilo, le haola naheng ea Efraime e tletseng meepa.c Leeto leo le ne le ka nka letsatsi kapa a mabeli haeba ho tsamauoa ka maoto. Anna o ne a tseba hore na mohalitsong oa hae o tl’o itšoara joang. Leha ho le joalo, Anna ha aa ka a sala hae. Ka hona, o behetse barapeli ba Molimo mohlala o motle ho fihlela le kajeno. Ke booatla ho lumella boitšoaro bo fosahetseng ba ba bang hore bo re thibele ho sebeletsa Molimo. Haeba re ka etsa joalo, re tla fetoa ke lintho tsa bohlokoahali tse re matlafatsang hore re khone ho mamella.
-
-
O Ile a Tšollela Pelo ea Hae ho Molimo ha a RapelaMolula-Qhooa—2010 | July 1
-
-
c Bolelele ba leeto bo thehiloe tabeng ea hore motse oo Elkana a neng a lula ho oona e ka ’na eaba e ne e le Rama, e leng sebaka seo mehleng ea Jesu se neng se bitsoa Arimathea.
-