Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w92 11/1 maq. 8-9
  • Ho ea Silo—Bana ba Lokileng le ba Babe

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ho ea Silo—Bana ba Lokileng le ba Babe
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1992
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • O Ile “a Tsoela Pele ho Hōlela ho Jehova”
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2010
  • O Ile “a Tsoela Pele ho Hōlela ho Jehova”
    Etsisa Tumelo ea Bona
  • Samuele o Ntšetsa Pele Borapeli ba ’Nete
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso Oa Jehova—2007
  • Moshanyana o Sebeletsa Molimo
    Buka ea ka ea Lipale tsa Bibele
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1992
w92 11/1 maq. 8-9

Lintho tse ka Bonoang Naheng e Tšepisitsoeng

Ho ea Silo—Bana ba Lokileng le ba Babe

HA U nahana ka metse, litoropo, kapa mabatooa a Lefatše le Tšepisitsoeng, na u ee u hopole banna le basali ba itseng ba tsebahalang? Mohlomong ho joalo, hobane boholo ba litlaleho tsa Bibele bo akarelletsa batho ba baholo. Empa ho thoe’ng ka bana nakong eo? Na u ee u nahane ka bona ba hlahella litabeng tseo?

Setšoantšo se ka holimo se ka re thusa ho tsepamisa mohopolo litlalehong tse amang bacha, ba bang ba bona e le mehlala e metle bakeng sa Bakreste ’me ba bang e le mehlala e fanang ka temoso. Kamoo ho bonahalang ka teng thaba e chitja e hare ke kamoo Silo e neng e bonahala ka teng.a

Mohlomong u sa hopola hore ha Baiseraele ba kena Lefatšeng le Tšepisitsoeng, pele ba ile ba beha tabernakele ea Molimo Gilgale haufi le Jeriko. (Joshua 4:19) Empa ha lefatše le ne le aroloa, tente ena e halalelang—setsi sa borapeli ba Baiseraele—e ile ea tlosoa moo ea isoa Silo. (Joshua 18:1) Sebaka sena se ne se le ho ka etsang lik’hilomithara tse 30 ka leboea ho Jerusalema sebakeng se lithaba sa Efraime. Banna le basali ho tsoa Iseraele eohle ba ile ba ea Silo; batho ba bangata ba ne ba ka bokana khohlong e ka boroa ho moo ho bonahalang eka tabernakele e ne e eme teng. (Joshua 22:12) Na u ka inahanela feela u bona bana ba tla moo?

Ba bang ba ile ba fihla. Mohlala o hlokomelehang ka ho fetisisa oo re lokelang ho o tseba ke oa Samuele e monyenyane. Batsoali ba hae, Elkana le Anna, ba ne ba lula toropong e ka mose ho lithaba tseo ho ea ka bophirima. Selemo le selemo ba ne ba tla mona, mohlomong ba bile ba tla le bana ba Elkana ka mosali oa hae e mong. Qetellong Jehova a hlohonolofatsa Anna ka mora, ea ileng a reoa Samuele. Ka mor’a nako batsoali ba hae ba mo isa Silo hore a il’o lula teng e le hore a tle a sebeletse tabernakeleng le moprista ea phahameng Eli.—1 Samuele 1:1–2:11.

Moshemane eo o ne a e-na le mesebetsi eo a neng a e etsa ka tlung ea Molimo, ’me e tlameha ebe o ne a e-na le menyetla e mengata ea ho hloa lithaba tse haufi. (1 Samuele 3:1, 15) Tse ling tsa tsona li ne li batalletse ka holimo ’me li tletse lifate tsa mehloaare, joalokaha setšoantšo se leqepheng 9 se bontša. Hlokomela qhooa eo e nyenyane e ahiloeng ka lejoe. Balemi ba libakeng tse thōko kapa balisa ba ne ba khona ho alosa ba le qhooeng e kang eo, empa u ka nahana Samuele e monyenyane a e-hloa ho ea bona le eena. (Bapisa le 2 Likronike 20:24.) Sena e ne e ka ba sebaka se phahameng hantle seo liphoofolo tse hlaha li ka talingoang ho tsoa ho sona.

Nakong eo ho ne ho e-na le lifate tse ngata ho feta hona joale, esita le meru eo liphoofolo tse hlaha li neng li solla ho eona. (Joshua 17:15, 18) Re tseba sena ka baka la se ileng sa etsahala ha Elisha e ne e se e le moprofeta e moholo oa Molimo. Elisha o ne a le tseleng e tsoang Jeriko a ea a lebile Bethele, kahoo o ne a le sebakeng sena, ho ka etsang lik’hilomithara tse 16 ka boroa ho Silo. Ke kamohelo ea mofuta ofe eo a neng a tla e fumana ho tsoa ho batho ba Bethele, eo e neng e fetohile setsi sa borapeli ba namane ea gauda? (1 Marena 12:27-33; 2 Marena 10:29) Ho bonahala eka batho ba baholo ba ne ba le khahlanong le moprofeta oa Jehova, ’me boitšoaro ba bona ho bonahala eka bo ile ba fetela baneng ba bona.

Marena a Bobeli 2:23, 24 e re bolella hore sehlopha sa bacha se ile sa soma moprofeta oa Molimo: “Lefatla tooe, nyoloha! Lefatla tooe, nyoloha!” Ha Elisha a arabela, o ile “a ba biletsa bomalimabe ka lebitso la Jehova. Eaba ho tsoa libere tse peli tse tšehali morung, tsa harola bana ba mashome a mane a metso e ’meli.” Libere tse kang tseo tse sootho tsa Syria li ne li ka ba kotsi ha li tšosoa kapa ha malinyane a tsona a ne a bonahala a sokeloa. (2 Samuele 17:8; Liproverbia 17:12; 28:15) Molimo o ile a li sebelisa ho tlisa toka ea bomolimo khahlanong le ba neng ba nyatsa hampe moemeli oa hae ’me kahoo ba nyatsa Jehova ka boeena.

Hore ebe ngoana o ne a ka kopana le liphoofolo tse joalo tse hlaha lithabeng tse potolohileng Silo ho lokela ho re thusa ho ananela haholoanyane tumelo eo batsoali ba Samuele ba ileng ba e bontša ka ho mo tlisa hore a sebeletse tabernakeleng.

Morapeli e mong oa ’nete o ne a ile a bontša tumelo e tšoanang le boinehelo pejana—Moahloli Jafeta. O ne a lula naheng e lithaba ea Gileade ka lehlakoreng le ka bochabela la Jordane. Jafeta a le mafolo-folo bakeng sa Jehova khahlanong le Baamone bao e neng e le lira, o ile a ikana hore oa pele ea tla tsoa tlung ea hae ho tla mo khahlanyetsa o ne a tla mo etsa sehlabelo ho Jehova. Morali oa hae oa moroetsana ea e-ba eena. Kahoo o ile a isa ngoana oa hae ea mong sehalalelong sa Molimo se Silo, moo a ileng a phela le ho sebeletsa ka botšepehi ka lilemo tse ngata.—Baahloli 11:30-40.

Boinehelo bo tšepahalang boo Samuele le morali oa Jafeta ba ileng ba bo bontša sebakeng sa Silo ka sebele ke bo fapaneng hakaakang le mohlala o seng motle oa litlokotsebe tsane tse 42 tse ileng tsa soma moprofeta oa Molimo sebakeng se tšoanang.—Bapisa le 1 Ba-Korinthe 10:6, 11.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a Bakeng sa setšoantšo se seholoanyane, bona Almanaka ea Lipaki tsa Jehova ea 1992.

[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng e leqepheng la 8]

Pictorial Archive (Near Eastern History) Est.

[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng e leqepheng la 9]

Pictorial Archive (Near Eastern History) Est.

[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng e leqepheng la 9]

Safari Zoo, Ramat-Gan, Tel Aviv

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela