Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Mohlala oa ho Itela le ho Tšepahala
    Molula-Qhooa—1997 | November 1
    • Ha a memeloa ho etsa tšebeletso e khethehileng le Elija, hang-hang Elisha o ile a siea tšimo ea hae ho ea sebeletsa moprofeta oa Iseraele ea hlaheletseng. Ka sebele, mesebetsi ea hae e meng e ne e le tlaase, hobane o ile a tsebahala e le ea ‘neng a tšella Elija metsi matsohong.’c (2 Marena 3:11) Leha ho le joalo, Elisha o ile a talima mosebetsi oa hae e le tokelo, ’me ka botšepehi o ile a ba haufi-ufi lehlakoreng la Elija.

  • Mohlala oa ho Itela le ho Tšepahala
    Molula-Qhooa—1997 | November 1
    • c E ne e le tloaelo hore mohlanka a tšelle mong’a hae metsi matsohong ha a hlapa, haholo-holo ka mor’a lijo. Tloaelo ena e ne e tšoana le ho hlatsoa maoto, hoo e neng e le ketso ea ho amohela baeti ka mofuthu, ea tlhompho, ’me maemong a mang, e le ea boikokobetso.—Genese 24:31, 32; Johanne 13:5.

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela