Ho Fumana Hore na ke Bofokoli, Bokhopo, Kapa Pako
SEBE ke ntho eo Bakreste ba e hloileng—ho se finyelle litekanyetso tse lokileng tsa Jehova. (Ba-Heberu 1:9) Ka masoabi, kaofela ha rōna re etsa sebe nako le nako. Kaofela ha rōna re loana le bofokoli le ho se phethahale tsa tlhaho. Leha ho le joalo, maemong a mangata, haeba re bolela libe tsa rōna ho Jehova ’me ka tieo re leka ho se li phete, re ka mo atamela ka letsoalo le hloekileng. (Ba-Roma 7:21-24; 1 Johanne 1:8, 9; 2:1, 2) Re leboha Jehova hore ebe, motheong oa sehlabelo sa thekollo, o amohela tšebeletso ea rōna e halalelang ho sa tsotellehe bofokoli ba rōna.
Haeba e mong a oela sebeng se tebileng ka lebaka la bofokoli ba nama, ka potlako o hloka bolisa tumellanong le mokhoa o hlalositsoeng ho Jakobo 5:14-16: “E mong har’a lōna ha a baba [moeeng], a bitse baholo ba kereke . . . ’Me ekare ha a entse libe, o tla tšoareloa tsona. Bolellanang litšito tsa lōna, ’me le rapellane, le tle le fole.”
Ka hona, ha Mokreste ea inehetseng a etsa sebe se tebileng haholo, ho hlokahala ho fetang feela hore motho a ipolele ho Jehova. Baholo ba lokela ho nka mehato e itseng, kaha bohloeki kapa khotso ea phutheho e soketsoe. (Mattheu 18:15-17; 1 Ba-Korinthe 5:9-11; 6:9, 10) Baholo ba ka ’na ba tlameha ho fumana: Na motho eo o bakile? Ke eng se lebisitseng sebeng? Na e ne e le phello ea bofokoli bo itseng bo ikhethang? Na e ne e le tloaelo ea ho etsa sebe? Ho fumana seo hase kamehla ho leng bobebe kapa ho hlakileng ka ho feletseng ’me ho hloka temoho e khōlō.
Leha ho le joalo, ho thoe’ng haeba sebe seo se bile teng ka lebaka la ho phehella tsela ea ho etsa phoso le boitšoaro ba bokhopo? Joale, boikarabelo ba baholo bo hlakile. Ha a ne a laela ho sebetsana le taba e tebileng phuthehong ea Korinthe, moapostola Pauluse o itse: “Tlosang e mobe har’a lōna.” (1 Ba-Korinthe 5:13) Batho ba khopo ha ba na sebaka ka phuthehong ea Bokreste.
Ho Lekanyetsa Bofokoli, Bokhopo, le Pako
Baholo ba ka tseba joang ha motho a bakile?a Ena hase potso e bonolo. Ka mohlala, nahana ka Morena Davida. O ile a etsa bofebe ’me ka lebaka leo phello ea e-ba ho bolaea. Leha ho le joalo, Jehova o ile a mo lumella ho tsoela pele a phela. (2 Samuele 11:2-24; 12:1-14) Joale nahana ka Ananiase le Safira. Ka leshano ba ile ba leka ho thetsa baapostola, ka boikaketsi ba iketsa eka ba seatla se bulehileng ho feta kamoo ba neng ba hlile ba le kateng. Na e ne e le ntho e tebileng? E. Na e ne e le ntho e mpe joaloka polao le bofebe? Che! Leha ho le joalo, Ananiase le Safira ba ile ba lefa ka bophelo ba bona.—Liketso 5:1-11.
Ke hobane’ng ha ho bile le likahlolo tse fapaneng? Davida o ile a oela sebeng se tebileng ka lebaka la bofokoli ba nama. Ha a tojoa ka seo a se entseng, o ile a baka, ’me Jehova a mo tšoarela—le hoja a ile a khalemeloa haboima ka mathata ka lelapeng la hae. Ananiase le Safira ba ile ba etsa sebe ka hore ka boikaketsi ba ile ba ba bua leshano, ba leka ho thetsa phutheho ea Bokreste ’me ka hona ba ‘etsa leshano ho moea o halalelang le ho Molimo.’ Seo se ile sa ipaka ho ba bopaki ba pelo e khopo. Ka hona, ba ile ba ahloloa habohloko ho feta.
Liketsahalong tseo ka bobeli Jehova o ile a etsa kahlolo, ’me kahlolo ea hae e ne e nepahetse hobane a ka khona ho hlahloba lipelo. (Liproverbia 17:3) Baholo ba batho ba ke ke ba etsa seo. Kahoo ke joang baholo ba ka khonang ho fumana hore na sebe se tebileng ke bopaki ba bofokoli ho feta ho ba ba bokhopo?
Ha e le hantle, sebe se seng le se seng ke bokhopo, empa hase baetsalibe bohle ba leng khopo. Libe tse tšoanang e ka ba bopaki ba bofokoli ho motho e mong ’me ea e-ba bopaki ba bokhopo ho e mong. Ka sebele, hangata ho etsa sebe ho ama tekanyo e itseng ea bofokoli le bokhopo ka bobeli ka lehlakoreng la motho ea etsang sebe. Tšobotsi e ’ngoe ea ho fumana ke kamoo moetsalibe a talimang seo a se entseng kateng le seo a rerang ho se etsa mabapi le sona. Na o bontša moea oa pako? Baholo ba hloka temoho ho hlokomela sena. Ba ka fumana temoho eo joang? Moapostola Pauluse o ile a tšepisa Timothea: “Tsoela pele u nahana ka seo ke se bolelang; Morena ka sebele o tla u neha temoho linthong tsohle.” (2 Timothea 2:7, NW) Haeba ka boikokobetso baholo ba ‘tsoela pele ho nahana’ ka mantsoe a bululetsoeng a Pauluse le bangoli ba bang ba Bibele, ba tla fumana temoho e hlokahalang ho talima ka ho loketseng ba etsang sebe ka phuthehong. Joale, qeto ea bona e tla bontša monahano oa Jehova, eseng oa bona.—Liproverbia 11:2; Mattheu 18:18.
See se etsoa joang? Tsela e ’ngoe ke ka ho hlahloba kamoo Bibele e hlalosang batho ba khopo kateng le ho bona hore na tlhaloso eo e sebetsa ho motho eo ho sebetsanoang le eena.
Ho Nka Boikarabelo le ho Baka
Batho ba pele ba ileng ba khetha tsela ea bokhopo e ne e le Adama le Eva. Ho sa tsotellehe ho ba ba phethahetseng le ho ba le tsebo e feletseng ea molao oa Jehova, ba ile ba fetohela borena ba bomolimo. Ha Jehova a ba toba ka seo ba se entseng, boitšoaro ba bona bo ne bo lokela ho hlokomeloa—Adama o ile a beha Eva molato, ’me Eva o ile a beha noha molato! (Genese 3:12, 13) Bapisa sena le boikokobetso bo tebileng ba Davida. Ha a tojoa ka libe tsa hae tse tebileng, o ile a amohela boikarabelo ’me a kōpa tšoarelo, a re: “Ke sitetsoe Jehova.”—2 Samuele 12:13; Pesaleme ea 51:4, 9, 10.
Baholo ba etsa hantle ho nahana ka mehlala ena e ’meli ha ba sebetsana le litaba tsa sebe se tebileng, haholo-holo ka lehlakoreng la motho e moholo. Na moetsalibe—joaloka Davida ha a ne a kholisitsoe ka sebe sa hae—ka ho tobileng o amohela ho ba molato ’me ka ho bontša pako o talima ho Jehova bakeng sa thuso le tšoarelo, kapa na o batla ho nyenyefatsa seo a se entseng, mohlomong o beha molato ho motho e mong osele? Ke ’nete hore motho ea entseng sebe a ka ’na a rata ho hlalosa hore na ke eng se lebisitseng liketsong tsa hae, ’me ho ka ’na ha e-ba le maemo, mohlomong a nako e fetileng kapa hona joale, ao ho ka ’nang ha hlokahala hore baholo ba a nahanele ha ba rera hore na ba tla mo thusa joang. (Bapisa le Hosea 4:14.) Empa o lokela ho amohela hore ke eena ea entseng sebe le hore ke eena ea ikarabellang ka pel’a Jehova. Hopola: “Jehova o haufi le ba pelo tse robehileng, o thusa ba meea e tetelitsoeng.”—Pesaleme ea 34:18.
Ho Tloaela ho Etsa Bobe
Bukeng ea Lipesaleme, ho na le litšupiso tse ngata ka batho ba khopo. Mangolo a joalo a ka thusa baholo ka ho eketsehileng ho lemoha hore na ha e le hantle motho o khopo kapa oa fokola. Ka mohlala, nahana ka thapelo e bululetsoeng ea Morena Davida: “U se ke ua ntlosa hammoho le ba babe [le ba tloaetseng ho etsa se kotsi] le ba etsang bokhopo, ba bolelang khotso ho bahabo, athe bolotsana bo ka lipelong tsa bona.” (Pesaleme ea 28:3, bapisa le NW.) Hlokomela hore batho ba khopo ba boleloa ba tšoana le “ba tloaetseng ho etsa se kotsi.” Motho ea etsang sebe ka lebaka la bofokoli ba nama ho ka etsahala hore a khaotse hang ha a hlaphoheloa kelellong. Leha ho le joalo, haeba motho e mong a ‘tloaetse ho etsa’ bobe hoo bo fetohang karolo ea bophelo ba hae, sena e ka ba bopaki ba pelo e khopo.
Davida o boletse tšobotsi e ’ngoe e hlahelletseng ea bokhopo temaneng eo. Joaloka Ananiase le Safira, motho ea khopo o bua lintho tse molemo ka molomo oa hae empa o na le lintho tse mpe ka pelong ea hae. E ka ’na ea e-ba moikaketsi—joaloka Bafarisi ba mehleng ea Jesu bao ‘ho batho ba ba talimang kantle ho neng ho le joalo ka ha eka ba lokile, athe ka hare ho bona ba tletse boikaketsi le bokhopo.’ (Mattheu 23:28; Luka 11:39) Jehova o hloile boikaketsi. (Liproverbia 6:16-19) Haeba ka boikaketsi motho a leka ho latola libe tsa hae tse tebileng esita le ha a buisana le komiti ea boahloli, kapa ka lekhonono a lumela feela se seng se tsejoa ke ba bang, a hana ho ipolela ka ho feletseng, sena e ka ba bopaki bo hlakileng ba pelo e khopo.
Ho se Hlomphe Jehova ka Boikhohomoso
Lintho tse ling tse khethollang motho ea khopo li hlalositsoe ho Pesaleme ea 10. Moo rea bala: “Boikhohomosong ba hae ea khopo ka bohale o lelekisa ea mahlomoleng; . . . o hlompholotse Jehova.” (Pesaleme ea 10:2, 3, NW) Re lokela ho talima Mokreste ea inehetseng ea ikhohomosang le ea hlomphollang Jehova joang? Ka sebele, bona ke boikutlo ba kelello ba bokhopo. Hang feela ha a hlokomela sebe sa hae kapa se tlisoa tlhokomelong ea hae, motho ea etsang sebe ka lebaka la bofokoli o tla baka ’me a loanele ka thata ho sokolla bophelo ba hae. (2 Ba-Korinthe 7:10, 11) Ka ho fapaneng, haeba motho a etsa sebe ka lebaka la ho hloka tlhompho ka ho feletseng ho Jehova, ke eng se tla mo thibela ho khutlela ka makhetlo-khetlo tseleng ea hae ea boetsalibe? Haeba a ikhohomosa ho sa tsotellehe ho fuoa keletso ka moea o bonolo, ke joang a ka bang le boikokobetso bo hlokahalang ba hore a bake ka botšepehi le ka ’nete?
Joale nahana ka mantsoe a Davida hamoraonyana hona pesalemeng eo: “Na ea khopo o nyelisetsa’ng [hlomphollela’ng, NW] Molimo, ha a re pelong ea hae: Ha u batlisise?” (Pesaleme ea 10:13) Boemong ba phutheho ea Bokreste, motho ea khopo o tseba phapano pakeng tsa se lokileng le se fosahetseng, empa ha a tsila-tsile ho etsa se fosahetseng haeba a nahana hore a ka khona ho lula a sa ahloloe. Hafeela ho se na tšabo ea ho pepeseha, o itsoella ka bolokolohi bo feletseng litšekamelong tsa hae tsa boetsalibe. Ho fapana le Davida, haeba libe tsa hae li hlahella leseling, o tla rera ho qoba taeo. Motho ea joalo o hlompholla Jehova ka ho fetisisa. “Ho tšaba Jehova ha ho eo pel’a mahlo a hae. . . . Ha a na ho hloea bobe.”—Pesaleme ea 36:1, 4.
Ho Ntša ba Bang Kotsi
Ka tloaelo, sebeng ha ho amehe motho a le mong. Ka mohlala, mofebi o siteloa Molimo; o hlasela mosali oa hae le bana; haeba eo a etsang sebe le eena a nyetsoe, o hlasela lelapa la hae; ’me o silafatsa lebitso le letle la phutheho. O talima seo sohle joang? Na o bontša ho soaba ho tsoang pelong hammoho le pako ea sebele? Kapa na o bonahatsa moea o hlalositsoeng ho Pesaleme ea 94: “Ba bua tsa boikhohomoso, ba ithorisa, e le bohle ba etsang bolotsana. Jehova, ba hatakela sechaba sa hao, ba hlorisa lefa la hao; ba bolaea mohlolohali le molichaba; ba timetsa likhutsana; ba ntoo re: Jehova ha a bone; Molimo oa Jakobo ha o lemohe”?—Pesaleme ea 94:4-7.
Ho ka etsahala hore libe tseo ho sebetsanoang le tsona ka phuthehong li ke ke tsa akareletsa bokoeta le polao. Leha ho le joalo moea o bonahatsoang mona—moea oa ho itokisetsa ho hlasela ba bang bakeng sa melemo ea botho—o ka ’na oa totobala ha baholo ba batlisisa phoso. Sena le sona ke boikakaso, letšoao la motho ea khopo. (Liproverbia 21:4) Ke se khahlanong ka ho feletseng le moea oa Mokreste oa ’nete, ea ikemiselitseng ho itella moena oa hae.—Johanne 15:12, 13.
Ho Sebelisa Melao-motheo ea Bomolimo
Litataiso tsena tse ’maloa ha lia rereloa ho beha melao. Leha ho le joalo, li hlile li fana ka khopolo ea lintho tseo kannete Jehova a li talimang li le khopo. Na ho na le ho hana ho amohela boikarabelo bakeng sa phoso e entsoeng? Na ea entseng sebe o hlokomolohile ka ho tella keletso e fanoeng pele tabeng eona ee? Na ho na le tloaelo e tiileng ea ho etsa phoso e tebileng? Na mofosi o bonahatsa ho hloka tlhompho ka ho feletseng bakeng sa molao oa Jehova? Na o entse maqiti a ho leka ho pata phoso, mohlomong a bile a silafatsa ba bang ka nako e tšoanang? (Juda 4) Na boiteko bo joalo bo mpa bo ipha matla ha phoso e hlahella leseling? Na mofosi o bontša ho hlokomoloha ka ho feletseng kotsi eo a e etselitseng ba bang le lebitso la Jehova? Ho thoe’ng ka boikutlo ba hae? Ka mor’a hore ho fanoe ka keletso e mosa ea Mangolo, na oa ikhohomosa kapa oa ikakasa? Na ha a na takatso e tsoang pelong ea ho qoba ho pheta phoso? Haeba baholo ba hlokomela lintho tse joalo, tseo ka matla li bontšang ho hloka pako, ba ka ’na ba etsa qeto ea hore libe tse entsoeng li fana ka bopaki ba bokhopo ho e-na le bofokoli feela tjee ba nama.
Esita leha ho sebetsanoa le motho ea bonahalang a e-na le litšekamelo tsa bokhopo, baholo ha ba khaotse ho mo khothatsa ho phehella ho loka. (Ba-Heberu 3:12) Batho ba khopo ba ka ’na ba baka ’me ba fetoha. Haeba ho ne ho se joalo, ke hobane’ng ha Jehova a ile a khothaletsa Baiseraele: “Molotsana a furalle tsela ea hae, ea khopo a tlohele mehopolo ea hae, a sokolohele ho Jehova, ’me o tla mo hauhela; a sokolohele ho Molimo oa rōna, hobane o tšoarela haholo”? (Esaia 55:7) Mohlomong, le nakong ea ha ho mametsoe taba ea boahloli, baholo ba tla hlokomela phetoho e bonahalang boemong ba pelo ea hae joalokaha bo bonahatsoa boitšoarong le boikutlong ba pako.
Esita le nakong ea ho khaola motho, baholo, joaloka balisa, ba tla mo khothaletsa ho baka le hore a leke ho khutlela kamohelong ea Jehova. Hopola “monna ea khopo” oa Korinthe. Ka ho hlakileng o ile a fetola tsela ea hae, ’me hamorao Pauluse o ile a buella ho khutlisetsoa ha hae. (2 Ba-Korinthe 2:7, 8, NW) Hape nahana ka Morena Manasse. Ka sebele o ne a le khopo haholo, empa qetellong ha a baka, Jehova o ile a amohela pako ea hae.—2 Marena 21:10-16; 2 Likronike 33:9, 13, 19.
Ke ’nete hore ho na le sebe se ke keng sa tšoareloa—sebe se khahlanong le moea o halalelang. (Ba-Heberu 10:26, 27) Ke Jehova feela ea lekanyetsang hore na ke mang ea entseng sebe seo. Batho ha ba na matla a ho etsa joalo. Boikarabelo ba baholo ke ho boloka phutheho e hloekile le ho thusa ho khutlisetsa baetsalibe ba bakileng. Haeba ba etsa joalo ka temoho le boikokobetso, ba etsa hore liqeto tsa bona li bonahatse bohlale ba Jehova, joale Jehova o tla hlohonolofatsa tšobotsi ena ea bolisa ba bona.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Bakeng sa boitsebiso bo eketsehileng, bona Molula-Qhooa oa February 15, 1982, maqephe a 25-7; Insight on the Scriptures, Moqolo oa 2, maqephe a 772-4.
[Setšoantšo se leqepheng la 29]
Ananiase le Safira ka boikaketsi ba ile ba etsa leshano ho moea o halalelang, ba bontša bokhopo ba pelo