-
Na U se U Itokiselitse ho Kolobetsoa?U ka Thaba ka ho sa Feleng!—Lenaneo la ho Ithuta Bibele
-
-
5. U ka etsa’ng hore u hlole lintho tse ka u sitisang hore u kolobetsoe?
Kaofela ha rona re kopana le mathata ha re etsa qeto ea ho inehela ho Jehova le ho kolobetsoa. E le hore u bone mohlala oa sena, bapala VIDEO ebe le buisana ka potso e latelang.
Videong ee, Narangerel o ile a lokela ho hlola litšitiso life e le hore a sebeletse Jehova?
Ho rata Jehova ho ile ha mo thusa joang hore a hlole litšitiso tseo?
Bala Liproverbia 29:25 le 2 Timothea 1:7 ebe le buisana ka potso ena:
Ke’ng e re fang sebete sa hore re hlole litšitiso?
-
-
U ka Khona ho Lula U Tšepahala Leha U HlorisoaU ka Thaba ka ho sa Feleng!—Lenaneo la ho Ithuta Bibele
-
-
Re lokela ho etsa lintho tse tla re thusa hore re tšepe Jehova hona joale. Iphe nako ea ho rapela le ho bala Bibele letsatsi le letsatsi. E-ea libokeng kamehla. Lintho tsena kaofela li tla u fa matla a hore u eme ka sebete ha u kopana le mahloriso esita le a tsoang ho ba lelapa. Moapostola Pauluse eo hangata a neng a hlorisoa o ile a re: “Jehova ke mothusi oa ka; nke ke ka tšaba.”—Baheberu 13:6.
Ntho e ’ngoe e ka re thusang hore re be sebete ke hore re bolelle batho litaba tse molemo. Ho bolella batho ba bang litaba tse molemo, ho re thusa hore re tšepe Jehova ’me re se ke ra tšaba batho. (Liproverbia 29:25) Ho etsa joalo ho tla re thusa hore re be sebete ’me re tsoele pele ho bolela litaba tse molemo leha mebuso e ka thibela mosebetsi oa rona.—1 Bathesalonika 2:2.
-