-
Tšaba Jehova ’Me U Tla ThabaMolula-Qhooa—1987 | May 15
-
-
Mamela Bohlale
Bala Liproverbia 1:1–2:22. “Ho tšaba Jehova” ke oona ’moko oa tsebo. Haeba re amohela taeo, re ke ke ra ikopanya le baetsalibe ho etseng phoso. Ho ba tšabang Jehova, o ba fa bohlale bo ba sireletsang ho bafosi.
◆ 1:7—“Ho tšaba Jehova” ke eng?
Ke tlhompho e tletseng boikokobetso le e tebileng, le tšabo e hahang ea ho tšaba ho mo koatisa hobane re ananela mosa oa hae o lerato le molemo oa hae. “Ho tšaba Jehova” ho bolela ho lumela hore ke Moahloli ea Phahameng le ea Matla ’Ohle, ea nang le tokelo le matla a ho tlisa kotlo kapa lefu holim’a ba sa mo utloeng. Ho boetse ho bolela ho sebeletsa Molimo ka botšepehi, re mo tšepa ka ho feletseng, ’me re hloea se sebe mahlong a hae.—Pesaleme ea 2:11; 115:11; Liproverbia 8:13.
-
-
Tšaba Jehova ’Me U Tla ThabaMolula-Qhooa—1987 | May 15
-
-
Thuto ho Rōna: Haeba re tšaba Jehova, re tla amohela taeo eo a fanang ka eona ka Lentsoe la hae le mokhatlo oa hae o hlophisitsoeng. Ho hlōleha ho etsa joalo ho tla re bea sehlopheng sa “maoatla,” baetsalibe ba se nang Molimo. Kahoo a re amoheleng taeo ea hae e lerato.—Liproverbia 1:7; Ba-Heberu 12:6.
-