-
U ka Lula U Hloekile Lefatšeng la Boitšoaro bo BobeMolula-Qhooa—2000 | July 15
-
-
Lebaka leo ka lona matla a ho nahana e leng a bohlokoa ho bolokeng boitšoaro bo hloekileng lefatšeng le sa hloekang ke la hore litsela tsa motho ea boitšoaro bo bobe lia eka. Solomone oa lemosa: “Molomo oa mosali osele o ntse o rotha joaloka khekhe ea linotši, le mahalapa a hae a boreleli ho feta oli. Empa phello e tsoang ho eena e baba joaloka lengana; e bohale joaloka sabole e sehang ka nģa tse peli.”—Liproverbia 5:3, 4, NW.
-
-
U ka Lula U Hloekile Lefatšeng la Boitšoaro bo BobeMolula-Qhooa—2000 | July 15
-
-
Litholoana tsa boitšoaro bo bobe li baba joaloka lengana ’me li bohale joaloka sabole e sehang ka nģa tse peli—li bohloko ebile lia bolaea. Letsoalo le sehang, boimana bo sa batloeng, kapa boloetse bo tšoaetsanoang ka ho kopanela liphate hangata ke liphello tse babang tsa boitšoaro bo joalo. Hape, nahana ka bohloko bo boholo ba maikutlo bo utluoang ke molekane oa lenyalo oa motho ea sa tšepahaleng. Ketso e le ’ngoe ea ho se tšepahale e ka baka bohloko bo tebileng hoo bo ka bang teng bophelo bohle. Ha ho pelaelo hore boitšoaro bo bobe boa lematsa.
-