-
“Jehova ka Boeena o Fana ka Bohlale”Molula-Qhooa—1999 | November 15
-
-
Ka mantsoe a lerato a ntate, Morena Solomone ea bohlale oa Iseraele ea boholo-holo o re: “Mora oa ka, haeba u tla amohela lipolelo tsa ka ’me u ipolokele litaelo tsa ka, e le hore u ele hloko bohlale ka tsebe ea hao, hore u sekamisetse pelo ea hao temohong; ho feta moo, haeba u hoeletsa kutloisiso ’me u bitsa temoho, haeba u ntse u li batla joalokaha u batla silevera, ’me u ntse u li tsoma joalokaha u tsoma matlotlo a patiloeng, tabeng eo u tla utloisisa ho tšaba Jehova, ’me u tla fumana tsebo ea Molimo.”—Liproverbia 2:1-5, NW.
-
-
“Jehova ka Boeena o Fana ka Bohlale”Molula-Qhooa—1999 | November 15
-
-
Ho ela hloko bohlale ho akarelletsa ho ba le temoho le kutloisiso. Ho latela Webster’s Revised Unabridged Dictionary, temoho ke “matla ao ka ’ona kelello e khethollang ntho e ’ngoe ho e ’ngoe.” Temoho ea bomolimo ke matla a ho khetholla se nepahetseng ho se fosahetseng ebe ho khethoa tsela e nepahetseng. Ntle le hore re ‘sekamisetse lipelo tsa rōna’ temohong kapa re chesehele ho e fumana, ke joang re ka lulang ‘tseleng e isang bophelong’? (Matheu 7:14; bapisa le Deuteronoma 30:19, 20.) Ho ithuta Lentsoe la Molimo le ho le sebelisa ho fana ka temoho.
Ke joang re ka ‘hoeletsang kutloisiso,’—tsebo ea ho bona hore na lintlha tsa taba li amana joang le hore na li amana joang le taba ka kakaretso? Ha e le hantle, ho hōla le phihlelo, ke lintho tse ka re thusang hore re be le kutloisiso e khōloanyane—empa ha ho joalo kamehla. (Jobo 12:12; 32:6-12) Mopesaleme o itse: “Ke itšoara ka kutloisiso ho feta banna ba baholo, kahobane ke bolokile litaelo tsa hao [Jehova].” O ile a boela a bina: “Ho senoloa ha mantsoe a hao ho fana ka leseli, ho etsa hore ba se nang phihlelo ba utloisise.” (Pesaleme ea 119:100, 130, NW) Jehova ke “Moholo oa matsatsi,” ’me kutloisiso eo a nang le eona e phahametse ea moloko oohle oa batho ka mokhoa o fetisisang. (Daniele 7:13) Molimo a ka fa motho ea se nang phihlelo bohlale, a mo nolofalletsa hore esita le bona ba mo fetang ka lilemo a ba phahamele ka tšoaneleho eo. Ka lebaka leo, re lokela ho khothala ha re ithuta le ho sebelisa Lentsoe la Molimo, Bibele.
Poleloana e pheta-phetoang e reng, “haeba u” e fumanoang karolong e qalang ea khaolo ea bobeli ea Liproverbia e lateloa ke lipoleloana tse kang ‘u amohela,’ ‘u ipolokela,’ “u hoeletsa,” ‘u ntse u batla,’ ‘u ntse u tsoma.’ Ke hobane’ng ha mongoli a sebelisa lipolelo tsee tse eketsang matla? Buka e ’ngoe ea litšupiso e re: “[Mona] monna ea bohlale o hatisa bohlokoa ba ho etsa lintho ka tieo ha motho a phehella bohlale.” E, ka tieo re tlameha ho phehella bohlale le litšoaneleho tse amanang le bona—e leng temoho le kutloisiso.
-