Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g89 3/8 maq. 11-13
  • Lefereho le Atlehileng—Le Bohlokoa Hakae?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Lefereho le Atlehileng—Le Bohlokoa Hakae?
  • Tsoha!—1989
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Nako ea Tlhahlobo
  • Nka Nako ea Hao!
  • Nako ea ho Nahana ka ho Hōlileng
  • Batho ba Ratanang ba ka Etsa Qeto e Nepahetseng Joang?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2024
  • Ho Itokiselletsa Lenyalo le Atlehileng
    Lekunutu la Thabo ea Lelapa
  • Nka Ntšetsa Pele Joang Lefereho le Atlehileng?
    Tsoha!—1989
  • U ka Fumana Molekane Joang?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2024
Bala Tse Ling
Tsoha!—1989
g89 3/8 maq. 11-13

Bacha Baa Botsa . . .

Lefereho le Atlehileng—Le Bohlokoa Hakae?

EBANG lenyalo e tla ba le thabileng kapa che hangata ho lekanyetsoa lilemong tse ’maloa tse qalang. Ka 1979, banyalani ba 52-000 ba United States ba ile ba hlalana le pele ba qeta selemo sa bona sa pele lenyalong. ’Me banyalani ba bangata ba ile ba hlalana selemong ka seng sa lilemo tse ’maloa tse latelang.

Ke joang ho ka etsahalang hore batho ba babeli ba nahane ka ho haha kamano ea bophelo bohle e be joale, ka likhoeli tse seng kae feela kapa lilemo tse peli kapa tse tharo, ba hlokomele hore lenyalo la bona lea hlōleha?

“Manyalo a mangata a hlōlehang ke mafereho a hlōlehang,” ho hlalosa Paul H. Landis, ’matlisisi ea hlomphuoang oa bophelo ba lelapa. “Ntlha ena ke ea bohlokoa haholo.” Linaheng tseo ho tsona ka tloaelo batho ba ikhethelang balekane ba bona ba lenyalo, lefereho ke nako eo ka eona batho ba babeli ba tsebanang hamolemo ka tebello ea hore ba ka nyalana. Ke hobane’ng ha nako ee e le ea bohlokoa hakana?

Nako ea Tlhahlobo

Lenyalo le thabileng le hloka boiteko bo matla. Ka mor’a hore a eletse banyalani ba sa thabang, mongoli Nancy Van Pelt, bukeng ea hae The Compleat Courtship, o botsitse: “Ke hobane’ng ha manyalo a mangata a sa atlehe? Ho na le mabaka a mangata, empa lebaka le leholo ke ho haella ha tokisetso . . . Ke halefisoa ke ho hlokomoloha ha bona boholo ba mosebetsi ona.”

Monna le mosali ba etsa kano ka pel’a Molimo hore ba tla tšepahala e mong ho e mong bophelo bohle ba bona. Bibele e bontša hore ho etsa kano ke taba e tebileng haholo, ha e re: “Ke leraba ho motho ho khethela Molimo ntho ka potlako, le ho belaela ho se ho annoe.” (Liproverbia 20:25) Ha motho a utloa tšusumetso e itseng a ka etsa tšepiso ea bohlokoa empa hamorao a hlokomele hore e ne e kopanyelletsa ho hongata ho feta seo a neng a lumellane ka sona. Empa nako ea ho “belaela” ke pele u etsa kano, e seng ka morao.

Lefereho le nea batho ba babeli monyetla oa ho etsa tlhahlobo kapa patlisiso e joalo. Ha le sebelisoa ka ho nepahetseng, lefereho ha le thuse batho ba babeli ho lekanyetsa feela haeba ba hlile ba tšoaneleha empa hape le ka ba lokisetsa liphephetso tsa bophelo ba lenyalo.

Lefereho ke nako ea hore motho a hlahlobe pelo ea hae, ho batlisisa hore na litlhoko tsa hae tsa bohlokoa tsa maikutlo ke life. Ha Steve a ne a qala ho laetsana le Barbara, o ile a qala ho nahana ka tsela eo a hōtseng ka eona ’me a etsa qeto: “Ke tla hloka monna ea tla ’mamella haholo.” O ekelitse: “Steve o ne a e-na le mamello, a mamella lintho tse ngata tseo ke neng ke mo etsa tsona, ’me o ne a nahanela haholo. O ne a ’mamella ka mehla ho sa tsotellehe seo ke neng se bua. Ka lebaka la sena, thahasello ea ka ho eena e ile ea tsoela pele ho eketseha le ho teba.” Ka lebaka la hobane e mong a ne a khotsofatsa litlhoko tsa maikutlo tsa e mong, lefereho la bona le ile la lebisa lenyalong le thabileng.

Kahoo nakong ea lefereho, ipotse: Na ke motho oa mofuta ofe? Litlhoko tsa ka tsa bohlokoa tsa maikutlo ke life? Hape, litšoaneleho tse matla tsa botho le bofokoli ba ka le ba motsoalle oa ka ke life? Ka mohlala, mohlankana e mong o boletse tjena ka kharebe ea hae: “O na le botsitso bo bong boo ke bo hlokang. Ha kea tsitsa ’me ke etsa lintho ka booatla. Ke nahana hore o na le tšusumetso e tsitsitseng, le e bonolo.”

Tlhahlobo ea bohlokoa ea baratani ba sekete ba lebeletsaneng, eo ho eona ho bileng le lipuisano le ba bangata ka mor’a lilemo tse seng kae tsa lenyalo, e fumane hore ho phethahatsoa ha litlhoko tse joalo tsa maikutlo “ho bonahala e le ho bohlokoa haholo manyalong a kajeno.” (Courtship, Engagement and Marriage, ka Burgess, Wallin, le Shultz) Leha lerato e le la bohlokoa, ho ba le lipheo tse tšoanang le ho tseba ho khotsofatsa litlhoko tsa e mong tsa maikutlo ke ha bohlokoa haholo bakeng sa kamano e sa feleng.

Nka Nako ea Hao!

Se boleloang ho Liproverbia 21:5 se ka sebelisoa ka ho nepahetseng leferehong: “Ea potlakang o tla oela bofumeng.” U ka qetella u utloile bohloko haholo—maikutlong, moeeng, le ’meleng.

Ka mohlala, Evelyn o boletse: “Ha ke batle ho lumela, empa ke ile ka potlakela ho nyaloa ke monna eo ke neng ke sa mo tsebe hantle. Ke ne ke tatetse ho nyaloa, ’me ka nahana hore lintho li tla tsamaea hantle. Ke ile ka mo tlohela ka mor’a likhoeli tse tharo.”

Tlhahlobo e ’ngoe ea basali ba 51 ba bileng lenyalong ka lilemo tse ngata e ile ea bapisa nako eo ba bileng leferehong ka eona le tsela eo ba thabileng ka eona hajoale. Phello? Ho tlalehiloe hore ba bileng leferehong ka nako telele ba na le ‘khotsofalo e khōloanyane lenyalong.’ Ha ba botsoa, “Ke hangata hakae u itšolang ka ho nyaloa?” le, “Ke hangata hakae uena le molekane oa hao ‘le halefisanang’?” ba laetsaneng ka nako e khutšoanyane ba ne ba “sa thaba ka manyalo a bona,” ho tlalehile sehlopha sa babatlisisi koranteng ea Family Relations (1985). Lebaka e ne e le lefe?

“Nako e khutšoanyane ea ho laetsana e ka bolela hore batho ha ba fumane nako e lekaneng ea ho ba le mathata, ’me hamorao ha liphapang tse ke keng tsa qojoa li hlaha, li baka mathata a maholo lenyalong,” ho hlalositse babatlisisi ba Univesithi ea Naha ea Kansas. “Ka ho fapaneng, banyalani ba bileng le phihlelo e joalo pele ho lenyalo ba ka nka phihlelo eo e le karolo ea bophelo ba bona, e seng ntho eo ba ka ikhathatsang haholo ka eona.” Ha lefereho le se le qalile, le ka fetoha nako e molemo ha monna le mosali ba loanela ho hapa lerato la e mong. Empa ha lefereho le fuoa nako e lekaneng, litloaelo le litšekamelo tse sa thabiseng lia itlhahisa. Batho ba babeli ba nkang nako leferehong ho ka etsahala hore ba fumane tokiso e bonolo ka mor’a lenyalo, le bang le limakatso tse seng kae tse nyahamisang.

Kahoo lefereho le atlehileng le lokela ho nka nako e telele ka ho lekaneng e le hore batho ba babeli ba tloaelane hantle. Ntho ea bohlokoa haholo hase hore lefereho le nka likhoeli kapa lilemo tse ngata hakae empa ke se finyelloang nakong eo.

Leha ho le joalo, ho thoe’ng haeba ho bonahala lefereho le nka nako e ngata haholo?

Nako ea ho Nahana ka ho Hōlileng

Batho ba bang, ha ba batla ho boloka kamano e mofuthu, ba qoba ho buisana ka lenyalo. Ba bea lebaka: “Ke hobane’ng ha re sa boloke boemo kamoo bo leng kateng hona joale?” Ka litsela tse ling hona ho tšoana le motho ea eang tlung ea ho jela ’me a lula tafoleng. Moapehi, ka mor’a hore a tlise metsi, bohobe, le lethathamo la lijo tse ngotsoeng, o ema ka tebello ea ho nka odoro. Empa moreki o tsoela pele hore, “Che, ke lokile ka tsela ena. Ha ke e-s’o batle ho odora letho.” Ke hobane’ng ha u kena tlung ea lijo haeba u sa batle ho ja? Ho joalo le ka lefereho, ke hobane’ng ha u kena kamanong e joalo haeba u sa batle ho nyala kapa ho nyaloa?

Ho nahana ka tsela e hōlileng ho tla susumetsa batho ba babeli ho nahanisisa le ho buisana ka bokamoso ba kamano. Ha ho hotle kapa ho bontša lerato ho hōlisa litebello tsa e mong haeba morero e se ho tsoela pele ka ketso eo le ho kena lenyalong. “Tšepo ha e lieha ho phethahala, e babisa pelo,” ho bolela Liproverbia 13:12. Ke ho hlakileng hore, katamelano le boitlamo li teba butle-butle ’me li ke ke tsa potlakisoa. Empa, haholo-holo nakong ea lefereho, motho o lokela hore ‘lerato la hae le hloke boikaketsi’ e le hore motsoalle oa hae, eo a lebelletseng hore kamano ea hae le eena e lebise lenyalong, a se ke a utloa bohloko ho sa hlokahale.—Ba-Roma 12:9.

Ha batho ba babeli ba nahanisisa ka ho teba ka lenyalo, lefereho le lona le ba fa nako ea ho bua ka bolokolohi ka litekanyetso tsa bona tsa bohlokoa le lipheo. Lefereho le boetse le ba fa nako ea ho tloaela hamolemo litho tsa habo e mong tsa lelapa le ho buisana kamoo ba tlang ho amana le bona.

Hangata lefereho le lebisa tebeletsanong, ha batho ba babeli ba etsa tšepiso ea molao ea ho nyalana. Tlhahlobo e boletsoeng pele ea baratani ba sekete ba lebelletsaneng e fumane hore tebelletso e atlehileng e ne e le pontšo e molemohali ea lenyalo le khotsofatsang. Empa hase ka mehla tebeletsano e atlehileng e bolelang hore e hloka mathata ka ho felletseng. Ha batho ba babeli ba qeta nako e ngatanyana ba le bang, ho iketsa ea molemo hoa fela. Lenyalo le tlang le lona le ka ’na la khathatsa batho ba babeli maikutlong. Ka lebaka leo, ho ka ’na ha hlaha ho se lumellane, le likomang. Ho rarolla liphapang tse joalo ho ka bontša tsebo ea batho ba babeli ea ho lokisa litaba.

Ho sa tsotellehe nako e telele eo tebelletsano e e nkang, batho ba babeli ba Bakreste ba lokela ho qoba ho atamelana ka ho fetelletseng ka lipontšo tsa lerato. (1 Ba-Thessalonika 4:3-8) Ka tsela ena, ba tla boloka letsoalo le hloekileng ka pel’a Molimo. Hape ba tla qoba leraba la ho lumella khoheli ea botona kapa botšehali ho ba etsa hore ba hlokomolohe litaba tsa bohlokoa.

Batho ba babeli ba rerang ho nyalana hangata ba tla fumana ho le molemo ho batla keletso ea mohlanka oa Mokreste kapa banyalani ba hōlileng ba thabileng. Keletso e joalo ea pele ho lenyalo e ka ba thusa ho qoba mathata a mang ka mor’a lenyalo.—Liproverbia 15:22.

Lefereho le atlehileng le hlahisa likhopolo tse ngata tse thabisang ’me le rala motheo o motle oa lenyalo le thabileng. Sehloohong se latelang ho tla buuoa ka tsela ea ho tsoela pele ka lefereho le joalo.

[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 12]

Patlisiso e bontšitse hore lefereho la nako e telele hangata le lebisa tokisong e ntle ea lenyalo

[Setšoantšo se leqepheng la 13]

Ke ha bohlokoa bakeng sa ba rerang ho nyalana ho batla keletso ho banyalani ba hōlileng ba thabileng

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela