Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w89 11/1 leq. 5
  • ‘Ho Arabela ka Tsela e Tobileng’

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • ‘Ho Arabela ka Tsela e Tobileng’
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1989
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Tsamaea ‘Tseleng ea ho Loka’
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2001
  • Ho Sebelisa Bibele ha U Araba
    Rua Molemo Thutong ea Sekolo sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo
  • Baholo, Ahlolang ka ho Loka
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1992
  • Buka ea Bibele ea 20—Liproverbia
    “Lengolo Lohle le Bululetsoe ke Molimo ’me le Molemo”
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1989
w89 11/1 leq. 5

‘Ho Arabela ka Tsela e Tobileng’

THUTONG ea Thabeng, Jesu o ile a bua ka ‘Molao le Baprofeta.’ Karolo ea boraro ea Mangolo a Seheberu e ne e le Mengolo, e neng e akarelletsa libuka tsa lithothokiso, tse kang Lipesaleme le Liproverbia. ( Mattheu 7:12; Luka 24:44, NW) Tsena, le tsona, li ne li tšetse bohlale ba Molimo.

Ka mohlala, maele a ile a lemosa baahloli Iseraeleng ea boholo-holo: “Ea reng ho ea khopo: ‘U lokile,’ batho ba tla mo nyonya, lihlopha tsa lichaba li mo nyatse. Empa ho ba mo khalemelang ho tla ba monate, ’me ba tla tleloa ke lehlohonolo le molemo. O tla aka melomo ea ea arabelang ka tsela e tobileng.”—Liproverbia 24:24-26, NW.

Haeba moahloli a ne a inehela likhatellong tsa tjotjo kapa ho llelana ha mali ’me a re ea khopo o lokile, ba bang ba ne ba tla mo talima a sa tšoanelehe bakeng sa boemo ba hae. Koana, esita le litho tsa “lihlopha tsa lichaba” tsa Balichaba tse utloileng ka ketso e mpe joalo ea moahloli li ne li tla itšoara ka tsela e nyelisang! Ka lehlakoreng le leng, haeba moahloli a ne a khalemetse motho ea khopo ka sebete ’me a arabetse ka tsela e tobileng nyeoeng e tšoeroeng, o ne a tla ikhapela tlhompho le lerato ho batho. Batho ka kakaretso ba ne ba tla susumelletseha ho mo lakaletsa “lehlohonolo le molemo.” Joalokaha maele a tsoela pele ho bontša: “O tla aka melomo ea ea arabelang ka tsela e tobileng.”

Kako e joalo e ne e bontša ho hlomphana—pakeng tsa moeletsi le ba bonang khalemelo ea hae e tobileng. Mohlomong esita le motho ea khalemeloang ka boeena o ne a tla arabela hamolemo ’me a bontše lerato ho moahloli. Liproverbia 28:23 e re: “Ea khalemelang batho, hamorao o tla ratoa haholo ho fetisa ea ba qekisang.” Ka hona ba sebeletsang e le baholo ba phutheho kajeno ba tlameha ho qoba ho lumella setsoalle kapa likamano tsa lelapa ho khopamisa kahlolo ea bona. Ka ho fana ka ho toba ka keletso e hlokahalang, baholo ba tla hapa tlhompho ea phutheho.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela