Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Jehova ke Molimo ea Joang?
    U ka Thaba ka ho sa Feleng!—Lenaneo la ho Ithuta Bibele
    • 2. A mang a makhabane a Jehova ke afe?

      Le hoja Jehova a sa bonahale, o teng ’me o na le makhabane ao batho ba mo tsebang ba a ratang. Bibele e re: “Jehova o rata toka, a ke ke a tlohela ba tšepahalang ba hae.” (Pesaleme ea 37:​28) E boetse e re “o na le lerato le mofuthu haholo ’me o mohau,” haholo-holo ho batho ba hlorisoang. (Jakobo 5:​11) “Jehova o haufi le ba lipelo li robehileng, o pholosa ba sithabetseng moeeng.” (Pesaleme ea 34:​18) Na u ne u tseba hore lintho tseo re li etsang li ka thabisa Jehova kapa tsa mo utloisa bohloko? Motho ea khethang ho etsa lintho tse fosahetseng o soabisa Jehova ebile o mo utloisa bohloko. (Pesaleme ea 78:​40, 41) Empa motho ea khethang ho etsa lintho tse nepahetseng o thabisa Jehova.​—Bala Liproverbia 27:11.

  • Re ka Bontša Jehova Joang Hore Rea mo Rata?
    U ka Thaba ka ho sa Feleng!—Lenaneo la ho Ithuta Bibele
    • Re ka Bontša Jehova Joang Hore Rea mo Rata?

      Na u ikutloa u le haufi le Molimo ho feta ha u ne u qala ho ithuta Bibele? Na u ka rata hore setsoalle sa hao le eena se ’ne se tiee le ho feta? Haeba ho joalo, hopola hore ha Jehova a bona u ntse u mo rata le ho feta, o tla u rata a be a u hlokomele le ho feta. U ka mo bontša joang hore oa mo rata?

      1. Re ka bontša Jehova joang hore rea mo rata?

      Re ka bontša hore re rata Jehova ka ho mo mamela. (Bala 1 Johanne 5:3.) Ha a qobelle mang kapa mang hore a mo mamele. Ho fapana le hoo, o fa e mong le e mong oa rona monyetla oa hore a ikhethele hore na o tla mo mamela kapa che. Hobane’ng? Hobane Jehova o batla hore re mo mamele “ho tloha pelong.” (Baroma 6:​17) Sena se bolela hore o batla hore u mo mamele hobane u mo rata, eseng hobane u tlamehile. Karolo ea 3 le ea 4 tsa buka ena li etselitsoe ho u thusa ho bona hore u ka bontša hore u rata Jehova ka ho etsa lintho tse mo thabisang le ho qoba ho etsa lintho tse ka mo koatisang.

      2. Ke hobane’ng ha ho ka ’na ha e-ba thata ho bontša hore re rata Jehova?

      “Litlokotsi tsa ea lokileng li ngata.” (Pesaleme ea 34:​19) Kaofela ha rona ha rea phethahala hape re ka ’na ra ba le mathata a lichelete, ra tšoaroa hampe kapa ra ba le mathata a mang. Ha re e-na le mathata, re ka ’na ra utloa ho le thata ho etsa seo Jehova a se batlang. Lebaka ke hore ho ka ’na ha e-ba bonolo ho etsa se fosahetseng ho e-na le ho khahlisa Jehova. Haeba u tšepahalla Jehova ka ho etsa lintho tseo a reng u li etse, u tla be u bontša hore u mo rata ho feta ntho leha e le efe hape u tla be u bontša hore oa mo tšepahalla. Kahoo, le eena o tla u tšepahalla. A ke ke a u lahla le ka mohla.​—Bala Pesaleme ea 4:3.

      ITHUTE LINTLHA TSE LING

      Ithute hore na ke hobane’ng ha Jehova a tsotella hore na oa mo mamela kapa che le hore na u ka thusoa ke’ng hore u lule u mo tšepahalla.

      3. Qoso e u amang

      Ho ea ka buka ea Jobo, Satane o qositse Jobo hammoho le bohle ba batlang ho sebeletsa Jehova. Bala Jobo 1:​1, 6–​2:​10 ebe le buisana ka lipotso tsena:

      • Ho ea ka Satane, ke hobane’ng ha Jobo a ne a mamela Jehova? (Sheba Jobo 1:​9-​11.)

      • Satane o qositse batho bohle ka eng? (Sheba Jobo 2:4.)

      Bala Jobo 27:5b ebe le buisana ka potso ena:

      • Jobo o ile a bontša joang hore o rata Jehova e le kannete?

      Satane o qosa Jehova. O belaella botšepehi ba Jobo, ea tsoileng mathopa, le ba morali’abo rona ea sebeletsang Jehova kajeno.

      Jobo o ile a bontša hore o rata Jehova ka ho lula a mo tšepahalla

      Re ka bontša hore re rata Jehova ka ho lula re mo tšepahalla

      4. Thabisa pelo ea Jehova

      Bala Liproverbia 27:​11 ebe le buisana ka lipotso tsena:

      • Jehova o ikutloa joang ha u le bohlale ebile u mo mamela? Ke hobane’ng ha a ikutloa joalo?

      5. U ka khona ho tšepahalla Jehova

      Tsela eo re ratang Jehova ka eona e re susumeletsa hore re bolelle batho ba bang ka eena. Kaha rea mo tšepahalla, re etsa joalo leha ho le thata. Bapala VIDEO ebe le buisana ka lipotso tse latelang:

      VIDEO: Emela Seo U se Lumelang Leha U Hanyetsoa (5:09)

      • Na u ee u utloe ho le thata ho bolella batho ba bang ka Jehova?

      • Videong ee, ke eng e thusitseng ntate Grayson hore a be sebete?

      Ho bonolo ho tšepahalla Jehova ha re rata lintho tseo a li ratang re bile re hloile tseo a li hloileng. Bala Pesaleme ea 97:​10 ebe le buisana ka lipotso tsena:

      • Ho latela seo u ithutileng sona, Jehova o rata’ng? Tse ling tsa lintho tseo a li hloileng ke life?

      • U ka etsa’ng hore u rate se setle, u hloee se sebe?

      6. Ho mamela Jehova ho re tsoela molemo

      Ho mamela Jehova ho molemo kamehla. Bala Esaia 48:​17, 18 ebe le buisana ka lipotso tsena:

      • Na u nahana hore Jehova o lula a tseba lintho tse ka re tsoelang molemo? Ke hobane’ng ha u cho joalo?

      • U fumane melemo efe ka ho ithuta ka Molimo oa ’nete Jehova le ka ho ithuta Bibele?

      BATHO BA BANG BA RE: “Molimo ha a tsotelle hore na ke etsa’ng.”

      • U ka sebelisa lengolo lefe ho bontša hore lintho tseo re li etsang li ama maikutlo a Jehova?

      KAKARETSO

      Re ka bontša hore re rata Jehova ka ho mo mamela le ho mo tšepahalla leha ho le thata.

      Re Ithutile’ng?

      • U ithutile’ng mohlaleng oa Jobo?

      • U tl’o bontša joang hore u rata Jehova?

      • U tla thusoa ke’ng hore u lule u tšepahalla Jehova?

      Seo U ka se Etsang

      BATLA

      Bona hore na u ka etsa’ng hore u tšepahalle Jehova le phutheho ea hae.

      “Ho ea Tšepahalang U Tla Etsa ka Botšepehi” (16:49)

      Ithute haholoanyane ka seo Satane a qosang batho ka sona.

      “Jobo o Lula a Tšepahala” (Bibele​—E na le Molaetsa Ofe? Karolo ea 6)

      Bona kamoo bana le bona ba ka bontšang hore ba rata Jehova.

      Thabisa Jehova (8:​16)

      Bacha ba ka lula ba tšepahalla Jehova joang leha lithaka tsa bona li ba hatella?

      Hanela Khatello ea Lithaka! (3:​59)

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela