Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Lipotso tse Tsoang ho Babali
    Molula-Qhooa—1991 | August 1
    • Buka ea Liproverbia e na le litemana tse ngata tse emeng li le ling joaloka lipoleloana tsa keletso, empa Liproverbia 27:23, (NW) ke karolo ea sehlopha sa litemana: “U tlameha ho tsebisisa ponahalo ea mohlape oa hao. Beha pelo ea hao mohlapeng oa hao; hobane letlotlo le ke ke la hlola ka ho sa feleng, le moqhaka e ke ke ea e-ba oa meloko kaofela. Joang bo botala bo shoele, ’me joang bo bocha bo hlahile, le limela tsa lithaba li se li bokelletsoe. Lipheleu tse nyenyane ke tsa liaparo tsa hao, ’me lipotsanyane ke moputso oa tšimo. ’Me ho na le lebese la lipoli le lekaneng bakeng sa lijo tsa hao, bakeng sa lijo tsa lelapa la hao, le mokhoa oa bophelo oa makhabunyane a hao.”—Liproverbia 27:23-27, NW.

  • Lipotso tse Tsoang ho Babali
    Molula-Qhooa—1991 | August 1
    • “Letlotlo” kapa leruo le fumanoang ka merero e potlakileng ea khoebo le fellang ka botumo (“moqhaka”), li ka fela habonolo, joalokaha ba bangata ba tla tiisa sena. Ke kahoo ho nang le ho hongata ho ka buuoang ka bophelo bo itekanetseng, bo kang bo neng bo lateloa ke balisa ba boholo-holo ha ba hlokomela liphoofolo tse ruiloeng. Tsela e joalo ea bophelo e ne e sa itekanela ka kutloisiso ea ho ba e sa hlokomeleng. Molisa o ne a lokela hore a behe tlhokomelo mohlapeng oa hae, a tiisehe hore linku li sireletsehile. (Pesaleme ea 23:4) Haeba, nakong eo a li fang tlhokomelo, a fumana nku e kulang kapa e tsoileng kotsi, o ne a ka ’na a e tlotsa ka oli e thobang. (Pesaleme ea 23:5; Ezekiele 34:4; Zakaria 11:16) Mabakeng a mangata molisa ea khothetseng ea behang pelo ea hae mohlapeng oa hae o ne a tla bona boiteko ba hae bo hlahisa litholoana—mohlape oa hae o ntseng o eketseha butle-butle.

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela