Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w08 12/15 leq. 30
  • Na U sa Hopola?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Na U sa Hopola?
  • Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2008
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Etsang Hore Lenyalo le Lule e le “Thapo e Meloho e Meraro”
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2008
  • Na U Bua “Puo e Hloekileng” Bolacha?
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2008
  • Lenyalo—Mpho e Tsoang ho Molimo ea Lerato
    “Le Ipoloke Leratong la Molimo”
  • Ho Phelela Boitlamo ba Lōna ba Lenyalo
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2008
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2008
w08 12/15 leq. 30

Na U sa Hopola?

Na u thabetse ho bala litokollo tsa morao-rao tjee tsa Molula-Qhooa? Bona hore na ebe u ka araba lipotso tse latelang:

• Ke joang re ka buang bolacha ‘puo e hloekileng,’ e leng ’nete e mabapi le Molimo le merero ea hae? (Sof. 3:9)

E le hore re bue ‘puo e hloekileng’ bolacha joalokaha re bua puo ea sebele, re lokela ho mamela ka hloko, re etsise libui tse buang bolacha, re tšoare litemana tsa Bibele hammoho le mabitso a libuka tsa Bibele ka hlooho, re pheta-phete lintho tseo re ithutang tsona, re balle holimo, re hlahlobe sebōpeho sa puo kapa hore na ’nete e joang, re sebeletse ho hatela pele, re behe nako eo re tla ithuta ka eona re be re itloaetse ho “bua” puo e hloekileng.​—8/15, leqepheng la 21-25.

• Tse ling tsa lintho tse amehang tabeng ea ho tseba hore na Molimo o joang ke life?

“Jehova ke lebitso la hae,” ’me o batla hore re mo tsebe ka lona. (Ex. 15:3) Ke “Molimo oa lerato le oa khotso.” (2 Bakor. 13:11) Ke “Molimo oa tsebo” le “oa poloko.” (1 Sam. 2:3; Pes. 25:5) Molimo o tla atamela haufi le ba mo tsebang ka tsela eo.​—9/1, leqepheng la 4-7.

• Taba ea “thapo e meloho e meraro” e ka sebetsa joang lenyalong?

“Thapo e meloho e meraro” ke puo ea tšoantšetso. (Moek. 4:12) Ha e sebelisoa lenyalong e akaretsa monna le mosali, e leng lithapo tse peli tse lohellaneng le thapo ea bohlokoahali, e leng Molimo. Ha banyalani ba le bonngoeng le Molimo sena se ba matlafatsa moeeng e le hore ba tsebe ho hlōla mathata le hore e be ba thabileng.​—9/15, leqepheng la 16.

• “Peho ea matsoho” eo ho buuoang ka eona ho Baheberu 6:2 e bolela’ng?

Ho e-na le ho bolela ho khethoa ha baholo ba Bakreste, ho ka etsahala hore ebe e bolela peho ea matsoho e le hore ho fanoe ka limpho tsa mohlolo tsa moea o halalelang. (Lik. 8:14-17; 19:6)​—9/15, leqepheng la 32.

• Ntate oa khonthe o hlokomela hore bana ba hae ba hloka lintho life?

Tse ling tsa lintho tseo ba li hlokang ke (1) lerato la hae, (2) mohlala o motle, (3) ho ba lelapeng le thabileng, (4) ho rutoa ho ba le kamano e ntle le Molimo, (5) ho khalemeloa, (6) ho sireletsoa.​—10/1, leqepheng la 18-21.

• Ba etellang pele ba ka bontša joang hore ba hlompha ba bang?

Tsela e ’ngoe eo moholo a ka etsang sena ka eona ke ka hore le ka mohla a se ke a kōpa ba bang hore ba etse lintho tseo eena a ke keng a li etsa. Hape o bontša hore o hlompha ba bang ka ho ba bolella hore na ke hobane’ng ha a kōpa ntho e itseng kapa a ba fa litaelo tse itseng.​—10/15, leqepheng la 22.

• Tse ling tsa lintho tse ka thusang ho boloka boitlamo ba lenyalo ke life?

Tse peli tsa tsona ke (1) Nka lenyalo la hao e le la bohlokoahali. (2) Qoba mekhoa eohle ea ho se tšepahale lenyalong. Ebang lenyalo la hao le tsitsitse kapa le na le mathata, mohats’a hao o lokela ho tseba hore u hlile u ikemiselitse ho atlehisa lenyalo la lōna; lintho tseo tse peli li tla thusa.​—11/1, leqepheng la 18-21.

• Moholo oa Mokreste a ka ithuta eng tseleng eo molisa oa Moiseraele a neng a sebelisa lere le lelelele le kobehileng kateng?

Molisa o ne a sebelisa lere le lelelele le kobehileng ho tataisa mohlape oa hae. Ha linku li ne li kena ka sakeng kapa li tsoa, li ne li ‘feta tlas’a molamu’ ’me o ne a ka tseba ho li bala. (Lev. 27:32) Ka tsela e tšoanang, molisa oa Mokreste o lokela ho tseba mohlape le ho tseba hore na nku e ’ngoe le e ’ngoe ea mohlape oa Molimo oo a o hlokometseng e hokae.​—11/15, leqepheng la 9.

• ’Mè a ka bontša joang hore o nka bohloeki e le ba bohlokoa?

Lijo li ka silafala ka litsela tse sa tšoaneng, kahoo o hlapa matsoho pele a li tšoara ebile o lula a li koahetse. O boloka ntlo e hloekile ho thibela likhoto, litoeba le likokoanyana. Lintho tse ling tseo a li etsang li akarelletsa ho boloka liaparo li hloekile le ho hlapa kamehla. Lintho tseo li lumellana le Bibele.—12/1, leqepheng la 9-11.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela