-
Tsela e Bohlale eo re ka Talimang Chelete ka Eona ke Efe?Tsoha!—2007 | June
-
-
Pono Ea Bibele
Tsela e Bohlale eo re ka Talimang Chelete ka Eona ke Efe?
BIBELE e re: ‘Chelete ke tšireletso.’ (Moeklesia 7:12) Kaha chelete e lefella lijo, liaparo le bolulo, e sireletsa batho mathateng a bakoang ke bofutsana. Ka sebele, chelete e ka reka ntho efe kapa efe eo batho ba e hlokang nameng. Moeklesia 10:19 e re: “Ka chelete u ka fumana tsohle.” (Bibele Phetolelo e Ncha)
-
-
Tsela e Bohlale eo re ka Talimang Chelete ka Eona ke Efe?Tsoha!—2007 | June
-
-
Ntho e Fetang Chelete ka Bohlokoa
Le hoja a boletse hore chelete ke tšireletso, Morena Solomone o ile a phaella ka ho re “bohlale ke tšireletso” hobane “bo boloka ba nang le bona ba phela.” (Moeklesia 7:12) O ne a bolela’ng? Mona Solomone o ne a bua ka bohlale bo thehiloeng tsebong e nepahetseng ea Mangolo le bo thehiloeng tšabong e nepahetseng ea Molimo. Kaha bohlale bo tsoang ho Molimo ke ba bohlokoa ho feta chelete, bo ka qobisa motho mathata a mangata bophelong, bo ka ba ba mo qobisa le ho shoa pele ho nako. Hape, joaloka moqhaka, bohlale ba ’nete bo phahamisa ba nang le bona bo bile bo etsa hore ba hlomphuoe. (Liproverbia 2:10-22; 4:5-9) Kaha boa tlatsetsa tabeng ea hore motho a amoheloe ke Molimo, bo bitsoa “sefate sa bophelo.”—Liproverbia 3:18.
Batho bao ka botšepehi ba labalabelang ho fumana bohlale bo joalo, bao hape ba ikemiselitseng ho bo batla, ba fumana hore bo hlile boa fumaneha. “Mora oa ka, haeba . . . u hoeletsa kutloisiso ’me u bitsa temoho, haeba u ntse u li batla joaloka silevera, ’me u ntse u li batlisisa joaloka matlotlo a patiloeng, tabeng eo u tla utloisisa ho tšaba Jehova, ’me u tla fumana tsebo ea Molimo. Etsoe Jehova o fana ka bohlale; molomong oa hae ho tsoa tsebo le temoho.”—Liproverbia 2:1-6.
-