Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Jehova o Tšollela Khalefo Holim’a Lichaba
    Boprofeta ba Esaia—Leseli Molokong oa Batho I
    • Letsatsi la Tefetso

      9. (a) Edomo e qalile kae, hona ho bile le kamano e joang pakeng tsa Iseraele le Edomo? (b) Jehova o laela eng mabapi le Edomo?

      9 Joale boprofeta bo qoolla sechaba se seng sa mehleng ea Esaia—Edomo. Baedomo ke litloholo tsa Esau (Edomo), ea ileng a rekisetsa moen’ae oa lefahla, Jakobo, tokelo ea hae ea tsoalo ka lebaka la bohobe le sechu sa lensisi. (Genese 25:24-34) Kaha Jakobo o ile a mo nkela tokelo ea tsoalo, Esau o ile a koetlela moen’ae lehloeo. Hamorao sechaba sa Edomo le sechaba sa Iseraele e ile ea e-ba lira, le hoja e ne e le litloholo tsa bara ba motho ba mafahla. Ka lebaka la lehloeo lena ho batho ba Molimo, Edomo e ipitselitse khalefo ea Jehova, eo joale a reng: “Ka sebele sabole ea ka e tla kolobisoa maholimong. Bonang! E tla theohela Edomo, le ho batho bao ke ba nehetseng timetso ka toka. Jehova o na le sabole; e tla tlala mali; e tla tšasoa mafura, mali a lipheleu tse nyenyane le a liphooko, mafura a liphio tsa lipheleu. Etsoe Jehova o na le sehlabelo Bozra, le tlhabo e khōlō naheng ea Edomo.”—Esaia 34:5, 6.

      10. (a) Ke bo-mang bao Jehova a ba kokobetsang ha a tsoka sabole ea hae “maholimong”? (b) Edomo e bonahatsa boikutlo bofe ha Juda e hlaseloa ke Babylona?

      10 Edomo e sebakeng se phahameng, se lithaba. (Jeremia 49:16; Obadia 8, 9, 19, 21) Leha ho le joalo, esita le liqhobosheane tsena tsa tlhaho ha li na ho thusa ka letho ha Jehova a tsoka sabole ea hae ea kahlolo “maholimong,” a kokobetsa babusi ba Edomo boemong ba bona bo phahameng. Edomo e ikatetse sesoleng, ’me mabotho a eona a hlometseng a haola le mokoloko oa lithaba tse phahameng ho sireletsa naha. Empa Edomo ena e matla ha e thusetse Juda ha e hlaseloa ke mabotho a Babylona. Ho fapana le seo, Edomo e nyakallela ho bona ’muso oa Juda o oa ’me e thoholetsa ba o hapang hore ba tsoele pele. (Pesaleme ea 137:7) Edomo e bile e lelekisa Bajuda ba balehang ho pholosa bophelo ba bona ’me e nehelana ka bona ho Bababylona. (Obadia 11-14) Baedomo ba rera ho inkela naha ea Baiseraele e lahliloeng kherehloa, ’me ba bua ka boithoriso khahlanong le Jehova.—Ezekiele 35:10-15.

  • Jehova o Tšollela Khalefo Holim’a Lichaba
    Boprofeta ba Esaia—Leseli Molokong oa Batho I
    • 12. (a) Jehova o sebelisa mang ho fana ka kotlo ho Edomo? (b) Ke eng seo moprofeta Obadia a se bolelang esale pele mabapi le Edomo?

      12 Molimo o rera ho otla Edomo ka lebaka la tsela e lonya eo e tšoereng mokhatlo oa Hae o hlophisitsoeng oa lefatšeng ka eona, o bitsoang Sione. Boprofeta bo re: “Jehova o na le letsatsi la phetetso, selemo sa litefetso bakeng sa nyeoe ea Sione.” (Esaia 34:8) Nakoana ka mor’a ho timetsoa ha Jerusalema ka 607 B.C.E., Jehova o qala ho tšollela khalefo ea hae e lokileng ho Baedomo a sebelisa morena oa Babylona, Nebukadnezare. (Jeremia 25:15-17, 21) Ha mabotho a Babylona a futuhela Edomo, ha ho letho le ka sireletsang Baedomo! Ke “selemo sa litefetso” naheng eo e lithaba. Jehova o bolela esale pele a sebelisa moprofeta Obadia: “Ka lebaka la pefo ho mor’eno Jakobo, lihlong li tla u koahela, ’me u tla lokela ho felisoa ho isa nakong e sa lekanyetsoang. . . . Tsela eo u entseng ka eona, ho tla etsoa ka eona ho uena. Mofuta oa tšoaro ea hao o tla khutlela hloohong ea hao.”—Obadia 10, 15; Ezekiele 25:12-14.

      Bokamoso bo Lerootho ba Bokreste-’mōtoana

      13. Ke mang ea tšoanang le Edomo kajeno, hona hobane’ng?

      13 Mehleng ea kajeno, ho na le mokhatlo o nang le tlaleho e kang ea Edomo. Ke ofe mokhatlo oo? Ha e le hantle, ke mang eo kajeno a eteletseng pele ho nyefoleng le ho hloriseng bahlanka ba Jehova? Na hase Bokreste-’mōtoana, ka sehlopha sa bona sa baruti? E! Bokreste-’mōtoana bo iphahamiselitse bophahamong bo kang ba thaba litabeng tsa lefatše lena. Bo ipolela hore bo boemong bo phahameng tsamaisong ea batho ea lintho, ’me malumeli a bona a etsa karolo e ka sehloohong ea Babylona e Moholo. Empa Jehova o laetse hore ho phethahale “selemo sa litefetso” khahlanong le Edomo ea kajeno ka lebaka la boitšoaro ba eona bo mabifi ho batho ba Hae, Lipaki tsa Hae.

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela