-
Bajari ba Leseli—Ka Morero Ofe?Molula-Qhooa—1993 | January 15
-
-
Ea Fanoeng e le “Leseli la Lichaba”
6. Jehova o re file litebello life tse khōlō ka Jesu Kreste?
6 Le pele Adama le Eva ba lelekoa Paradeiseng, Jehova o ile a bolela esale pele ka “peō” e neng e tla ba molopolli oa batho ba ratang ho loka. (Genese 3:15) Ka mor’a ho hlaha joaloka motho ha Peō eo e neng e tšepisitsoe, Jehova o ile a etsa hore Simeone ea tsofetseng, ha a le tempeleng Jerusalema, a e khetholle e le “leseli le tla bonesetsa lichaba.” (Luka 2:29-32) Ka tumelo sehlabelong sa bophelo bo phethahetseng ba Jesu ba botho, batho ba ka pholosoa kotlong e bakiloeng ke sebe se futsitsoeng. (Johanne 3:36) Tumellanong le thato ea Jehova, ba ne ba ka lebella bophelo bo sa feleng bo phethahetseng e le karolo ea ’Muso oa leholimo kapa e le bafo ba ’ona lefatšeng la paradeise. Ena ke tokisetso e hlollang hakaakang!
7. Ke hobane’ng ha litšepiso tse ho Esaia 42:1-4 le phethahatso ea tsona ea lekholong la pele la lilemo li re tlatsa ka tšepo?
7 Jesu Kreste ka boeena ke tiiso ea ho phethahala ha litebello tsena tse hlollang. Mabapi le pholiso eo Jesu a neng a e etsa ho batho ba neng ba hlorile, moapostola Mattheu o ile a sebelisa ho eena se ngotsoeng ho Esaia 42:1-4. Karolo ea lengolo lena e re: “Bonang mohlanka oa ka eo ke mo tiisang, mokhethoa oa ka, eo moea oa ka o khahlisoang ke eena; ke beile moea oa ka holim’a hae; o tla tlisetsa lichaba ho loka.” Na see ha se sona seo batho ba lichaba tsohle ba se hlokang? Boprofeta bo tsoela pele: “A ke ke a hoa, a ke ke a phahamisa lentsoe, a ke ke a le utloahatsa literateng. Ha a khaole lehlaka le robehileng, ’me a ke ke a tima lebonenyana le sa kubellang.” Tumellanong le sena, Jesu ha a ka a khahlapetsa batho ba neng ba se ntse ba hlorile. O ile a ba utloela bohloko, a ba ruta ka merero ea Jehova, ’me a ba phekola.—Mattheu 12:15-21.
8. Jesu o fanoe ke Jehova ka kutloisiso efe e le “selekane sa lichaba” le “leseli la lichaba”?
8 Mofani oa boprofeta bona o bua le Mohlanka oa hae, Jesu, ’me o re: “’Na, Jehova, ke u bilelitse ho lokeng, ke u tšoere ka letsoho, ke u bolokile, ’me ke u entse selekane sa sechaba sa ka le leseli la lichaba, ho tutubolla mahlo a lifofu, ho ntša ba holehiloeng kholehong, le ba lutseng lefifing teronkong.” (Esaia 42:6, 7) E, Jehova o fane ka Jesu Kreste e le selekane, e le tiiso ea tšepiso. Seo ke khothatso e kaakang! Jesu o ile a bontša kameho ea sebele bakeng sa moloko oa batho ha a ne a le lefatšeng; o bile a nehelana ka bophelo ba hae bakeng sa moloko oa batho. Ke eena eo Jehova a mo nehileng puso holim’a lichaba tsohle. Ha ho makatse ha Jehova a ’mitsa leseli la lichaba. Jesu ka boeena o itse: “Ke ’na leseli la lefatše.”—Johanne 8:12.
9. Ke hobane’ng ha Jesu a sa ka a nehelana ka boeena hore a ntlafatse tsamaiso e neng e se e ntse e le teng ea lintho?
9 Jesu o sebelelitse e le leseli la lefatše ka morero ofe? Ka sebele e ne e se ka morero leha e le ofe oa lefatše kapa oa lintho tse bonahalang. O ile a hana ho leka ho lokisa le ho ntlafatsa tsamaiso ea lipolotiki ea mehleng eo ’me a hana ho amohela borena bo tsoang ho Satane, ’musi oa lefatše, kapa ho batho. (Luka 4:5-8; Johanne 6:15; 14:30) Jesu o ile a bontša kutloelo-bohloko e khōlō ho ba neng ba hlorile ’me a ba tlisetsa topollo ka litsela tseo ba bang ba neng ba ke ke ba etsa joalo ka tsona. Empa o ne a tseba hore ho ne ho se topollo ea ka ho sa feleng e neng e ka fumaneha molokong oa batho o leng tlas’a kotlo ea Molimo ka baka la sebe se futsitsoeng le o susumetsoang ke libōpuoa tse khopo tsa moea tse sa bonahaleng. Jesu ka baka la temohisiso ea bomolimo o ile a qeta bophelo ba hae bohle a etsa thato ea Molimo.—Ba-Heberu 10:7.
10. Jesu o sebelelitse e le leseli la lefatše ka litsela life hona e le ka morero ofe?
10 Joale, Jesu o sebelelitse e le leseli la lefatše ka litsela life le ka morero ofe? O ile a inehela ho bolela litaba tse molemo tsa ’Muso oa Molimo. (Luka 4:43; Johanne 18:37) Ka ho pakela ’nete ka merero ea Jehova, Jesu o boetse a tlotlisa lebitso la Ntate oa hae oa leholimo. (Johanne 17:4, 6) Ho phaella moo, joaloka leseli la lefatše, Jesu o ile a pepesa mashano a bolumeli ’me ka ho etsa joalo a fana ka tokoloho ea moea ho ba neng ba le botlamuoeng ba bolumeli. O ile a pepesa Satane hore ke mohlohleletsi ea sa bonahaleng oa ba mo lumellang hore a ba sebelise. Jesu o boetse a bontša mesebetsi eo e leng ea lefifi. (Mattheu 15:3-9; Johanne 3:19-21; 8:44) Ka ho khethehileng, o ile a ipaka e le leseli la lefatše ka ho nehelana ka bophelo ba hae bo phethahetseng e le thekollo, ’me ka ho etsa joalo a bula tsela bakeng sa ba bontšang tumelo tokisetsong ena hore ba tšoareloe libe, ba be le kamano e amohelehang le Molimo, le tebello ea bophelo bo sa feleng e le karolo ea lelapa la Jehova la bokahohle. (Mattheu 20:28; Johanne 3:16) Qetellong, ka ho boloka boinehelo ba bomolimo bo phethahetseng bophelong ba hae kaofela, Jesu o ile a phahamisa bobusi ba Jehova ’me a paka hore Diabolose ke raleshano, ’me ka ho etsa joalo a etsa hore ho be teng melemo ea ka ho sa feleng bakeng sa batho ba ratang ho loka. Empa na Jesu e ne e tla ba eena feela mojari oa leseli?
-
-
Bajari ba Leseli—Ka Morero Ofe?Molula-Qhooa—1993 | January 15
-
-
12. (a) Leseli la moea le ne le tlameha ho fihla boholeng bofe? (b) Moea oa Jehova o ile oa nolofaletsa Pauluse ho lemoha eng ka Esaia 42:6, hona boprofeta boo bo lokela ho ama bophelo ba rōna joang?
12 Leha ho le joalo, ho bolela litaba tse molemo ho ne ho sa lokela ho lekanyetsoa tšimong eo feela. Jesu o ile a laela barutuoa ba hae hore ba “etse batho ba lichaba tsohle barutuoa.” (Mattheu 28:19, NW) Nakong ea tšokoloho ea Saule oa Tarese, ka ho khethehileng Morena o ile a bontša hore Saule (eo hamorao a ileng a fetoha moapostola Pauluse) o ne a sa lokela ho bolela feela ho Bajode empa le ho Balichaba. (Liketso 9:15) Ka thuso ea moea o halalelang, Pauluse o ile a utloisisa se neng se ameha. Kahoo, o ile a hlokomela hore boprofeta bo ho Esaia 42:6, boo ka ho tobileng bo phethahalitsoeng ho Jesu Kreste, bo boetse ke taelo e tlamang ho bohle ba bontšang tumelo ho Kreste. Kahoo, ha Pauluse a qotsa Esaia ho Liketso 13:47 o ile a re: “Morena [Jehova] o re laetse joalo ka lentsoe le reng: Ke u beile leseli la lichaba, hore u be poloko ea tsona ho isa pheletsong tsa lefatše.” Ho thoe’ng ka uena? Na u nkile tlamo ea ho ba mojari oa leseli ka ho teba? Na uena, joaloka Jesu le Pauluse, bophelo ba hao bo likoloha ho etseng thato ea Molimo?
-