Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Ho Khetholla Mofuta o Nepahetseng oa Lenģosa
    Molula-Qhooa—1997 | May 1
    • “Ke ’na . . . ke tiisang lentsoe la mohlanka oa ka, ke etsahatsang litaba tsa ba romiloeng ke ’na.”—ESAIA 44:24, 26.

      1. Jehova o khetholla mofuta o nepahetseng oa manģosa joang, hona o senola a bohata joang?

      JEHOVA MOLIMO ke eena e Moholo ea Khethollang manģosa a hae a ’nete. O a khetholla ka ho etsa hore melaetsa eo a e fetisang ka ’ona e phethahale. Jehova e boetse ke eena e Moholo ea Senolang manģosa a bohata. O a senola joang? O nyopisa lipontšo tsa ’ona le boprofeta. Ka tsela ena o bontša hore ke baprofeta ba ipehileng, bao ka sebele melaetsa ea bona e tsoang menahanong ea bona e fosahetseng—e, menahano ea bona ea booatla, ea nama!

  • Ho Khetholla Mofuta o Nepahetseng oa Lenģosa
    Molula-Qhooa—1997 | May 1
    • 6 Ho phaella moo, batlamuoa ba Baiseraele le bona ba ne ba pepesehetse lilaoli, linohe le balepi ba linaleli ba Babylona. Leha ho le joalo, Jehova o ile a paka bana bohle e le manģosa a bohata, lithoto tse lokelang ho hlōloa, tse profetang se ke keng sa etsahala. Ha nako e ntse e feta o ile a bontša hore Ezekiele e ne e le lenģosa la hae la ’nete, joalokaha Esaia e ne e le lona. Jehova o ile a phethahatsa mantsoe ’ohle ao a neng a a buile ka bona, feela joalokaha a ne a tšepisitse: ‘Ke ’na . . . ke fosisang lipontšo tsa baprofeta ba leshano, ke thotofatsang linohe, [ke etsang hore seo ba bohlale ba se profetang se se ke sa etsahala, NW], ke fetolang bohlale ba bona bohlanya. E sa le ’na ke tiisang lentsoe la mohlanka oa ka, ke etsahatsang litaba tsa ba romiloeng ke ’na.’—Esaia 44:24-26.

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela