-
Na U Tla Re, “Ke ’Na Enoa, Roma ’Na”?Molula-Qhooa—1987 | October 15
-
-
10. (a) Molato o ne o le hokae hore e be batho ba ile ba tšoana le lifofu le bo-tsebe-tutu? (b) Esaia o ne a bolela eng ha a botsa, “Ho fihlela neng?”
10 Molato e ne e le oa sechaba. Ho sa tsotellehe hore Esaia o ba file monyetla oa hore ba ‘utloe hangata,’ ba ne ba ke ke ba amohela tsebo kapa hona ho utloisisa. Molimo o hlile oa bolela esale pele hore ba bangata, ka lebaka la manganga a bona le boemo ba bona boo e seng ba moea, ba ne ba sa tl’o arabela. Ba ’maloa ba ne ba ka ’na ba arabela. Empa ba bangata ba ne ba tla foufala joalokaha eka mahlo a bona a ne a koetsoe ka sekhomaretsi se matla haholo, haeba u ka inahanela hona. Boemo bo bobe boo bo ne bo tla tsoela pele halelele hakae? Ho e-na le hore na o ne a tla sebeletsa ka lilemo tse kae, Esaia o ile a botsa ka boemo boo ka mantsoe ana: “Ho fihlela neng, Morena [Jehova]?” Molimo oa arabela ka tsela ena: “Ho fihlela metse e heleha, e hloka baahi.” Ho fetse ha e-ba joalo, le hoja ho etsahetse Esaia a se a shoele. Bababylona ba ile ba tlosa batho ba phelang, ba sia Juda e le ‘lesupi le senyehileng.’—Esaia 6:11, 12; 2 Marena 25:1-26.
-
-
Na U Tla Re, “Ke ’Na Enoa, Roma ’Na”?Molula-Qhooa—1987 | October 15
-
-
12. Ho na le motheo ofe oa Mangolo oa ho bitsa Jesu Esaia e Moholoanyane?
12 Makholo-kholo a lilemo hoba Esaia a shoe, ho ile ha tla e mong eo re ka mo bitsang Esaia e Moholoanyane—Jesu Kreste. Pele e e-ba motho oa nama, o ne a ile a ithaopela ho rongoa ke Ntate oa hae lefatšeng, moo boboleling ba hae a neng a tla akarelletsa lintho tseo Esaia a neng a ile a li ngola. (Liproverbia 8:30, 31; Johanne 3:17, 34; 5:36-38; 7:28; 8:42; Luka 4:16-19; Esaia 61:1) Ka mokhoa o tobileng haholoanyane, Jesu o ile a ikamahanya le Esaia khaolo ea 6 ha a hlalosa hore na ke hobane’ng ha A ruta ka tsela eo a neng A ruta ka eona. (Mattheu 13:10-15; Mareka 4:10-12; Luka 8:9, 10) Hoo ho ne ho loketse hobane boholo ba Bajode ba ileng ba utloa Jesu ba ne ba sa utloisise ho amohela molaetsa oa hae le ho nka bohato ka oona joalokaha ba ileng ba utloa moprofeta Esaia ba sa ka ba utloisisa ho amohela molaetsa oa hae. (Johanne 12:36-43) Hape, ka 70 C.E. Bajode ba neng ba ‘iphoufalitse le ho ithiba litsebe’ molaetseng oa Jesu ba ile ba thulana le timetso e tšoanang le ea 607 B.C.E. Ketsahalo ena e ne e le mahlomola a Jerusalema ‘ao ho neng ho e-s’o etsahale a kang oona ha e sa le lefatše le theoa, leha e le hore a ne a tla etsahala hape.’ (Mattheu 24:21) Empa, joalokaha Esaia a ile a profeta, masala, kapa ‘lehlomela le halalelang,’ a ile a bontša tumelo. Ana a ile a etsoa sechaba sa moea, “Iseraele oa Molimo” ea tlotsitsoeng.—Ba-Galata 6:16.
13. Ke hobane’ng ha re ka lebella phethahatso e ’ngoe hape ea Esaia khaolo ea 6?
13 Hona ho re isa phethahatsong e ’ngoe e theiloeng Bibeleng ea Esaia khaolo ea 6. E le senotlolo sa ho utloisisa sena, nahana ka mantsoe a moapostola Pauluse hoo e ka bang ka selemo sa 60 C.E. O ile a hlalosa hore na ke hobane’ng ha Bajode ba bangata ba ileng ba mo utloa Roma ba ne ba ke ke ba amohela ‘bopaki ba hae mabapi le ’muso oa Molimo.’ Lebaka e ne e le hore Esaia 6:9, 10 e ne e phethahala hape. (Liketso 28:17-27) Na hoo ho bolela hore kamor’a hore Jesu a tlohe lefatšeng, barutuoa ba hae ba tlotsitsoeng ba ne ba tla ntšetsa pele thomo e tšoanang le ea Esaia? E, ka sebele!
14. Barutuoa ba Jesu ba ne ba tla etsa mosebetsi o kang oa Esaia joang?
14 Pele Esaia e Moholoanyane a nyolohela leholimong, o itse barutuoa ba hae ba ne ba tla amohela moea o halalelang ’me kamorao ho moo e be ‘lipaki tsa hae Jerusalema le naheng eohle ea Judea le ea Samaria le ho isa lipheletsong tsa lefatše.’ (Liketso 1:8) Joalokaha aletare ea mahlabelo e ile ea fana ka se neng se hlokahala hore sebe sa Esaia se tlosoe, ka ho tšoanang sehlabelo sa Jesu e ne e le motheo oa hore barutuoa ba hae ba ‘phekoloe libe tsa bona.’ (Levitike 6:12, 13; Ba-Heberu 10:5-10; 13:10-15) Kahoo, Molimo o ne o ka ba tlotsa ka moea o halalelang, o neng o tla boela o ba fe matla a ho ba ‘lipaki ho ea bofelong ba lefatše.’ Moprofeta Esaia le Esaia e Moholoanyane ba ne ba ile ba rongoa ho ea bolela molaetsa oa Molimo. Ka ho tšoanang, balateli ba tlotsitsoeng ba Jesu ba ne ba ‘rometsoe ke Molimo ba le ho Kreste.’—2 Ba-Korinthe 2:17.
15. Karabelo e akaretsang boboleling bo kang ba Esaia e bile efe mehleng ea rōna, e bontša bokamoso bofe?
15 Mehleng ea kajeno, haholo-holo ho tloha qetellong ea Ntoa ea I ea Lefatše, Bakreste ba tlotsitsoeng ba ’nile ba bona hore hoa hlokahala ho bolela molaetsa oa Molimo. Hona ho akarelletsa ’nete e sisinyang maikutlo ea hore “letsatsi la liphetetso tsa Molimo oa rōna” le haufi. (Esaia 61:2) Tšenyo ea lona e tla ba ntho e bohloko haholo, haholo-holo ho Bokreste-’mōtoana, boo joaloka Iseraele ea boholo-holo, e leng khale bo ipolela hore ke batho ba Molimo. Ho sa tsotellehe lilemo tse mashome-shome tsa ho bolela ka botšepehi ho etsoang ke lipaki tse tlotsitsoeng tsa Molimo, ba bangata ho Bokreste-’mōtoana ba entse hore ‘lipelo tsa bona li thatafale le litsebe tsa bona li thibane; mahlo a bona a foufale.’ Boprofeta ba Esaia bo bontša hore hona ho tla tsoela pele ho le joalo ‘ho fihlela matlo a hloka baahi, ’me lefatše ka bolona le senngoa hore e be lesupi.’ Hona ho tla tšoaea bofelo ba tsamaiso ena e khopo ea lintho.—Esaia 6:10-12.
-