Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Jehova o Iketsetsa Lebitso le Letle
    Boprofeta ba Esaia—Leseli Molokong oa Batho II
    • 19 Mahlomoleng a bona, Bajuda ba bang ba susumelletseha ho nahanisisa ka tsa nakong e fetileng. Esaia o re: “E mong [a] qala ho hopola matsatsi a khale, mohlanka oa hae Moshe: ‘O hokae Ea ba ntšitseng leoatleng hammoho le balisa ba mohlape oa hae? O hokae Ea kentseng moea oa Hae o halalelang ka hare ho eena? Ea isang letsoho la Hae le letle letsohong le letona la Moshe; Ea arolang metsi ka pel’a bona e le hore a iketsetse lebitso le hlolang ka nako e sa lekanyetsoang; Ea etsang hore ba tsamaee har’a metsi a bilohang hoo, joaloka pere lefeelleng, ba sa kang ba khoptjoa? Feela joalokaha phoofolo e theohela thoteng, moea oa Jehova o ile oa ba phomotsa.’”—Esaia 63:11-14a.d

      20 E, ka lebaka la liphello tse bohloko tsa ho se mamele, Bajuda ba labalabela matsatsi a ha Jehova e ne e le Molopolli oa bona ho e-na le ho ba sera sa bona. Ba hopola kamoo “balisa” ba bona, Moshe le Arone, ba ileng ba ba tšelisa Leoatle le Lefubelu ba sireletsehile kateng. (Pesaleme ea 77:20; Esaia 51:10) Ba hopola nako eo ka eona, ho e-na le ho utloisa moea oa Molimo bohloko, ba neng ba tsamaisoa ke oona ka tataiso ea Moshe le banna ba bang ba hōlileng ba khethiloeng ka moea. (Numere 11:16, 17) Ba boetse ba hopola ha ba ne ba bona ‘letsoho la Jehova le letle’ la matla le sebetsa ka Moshe molemong oa bona! Hamorao, Molimo o ile a ba ntša lehoatateng le leholo le tšosang ’me a ba kenya naheng e phallang lebese le mahe a linotši—sebakeng sa phomolo. (Deuteronoma 1:19; Joshua 5:6; 22:4) Empa hona joale Baiseraele ba utloa bohloko ka lebaka la hore ha ba sa na kamano e ntle le Molimo!

  • Jehova o Iketsetsa Lebitso le Letle
    Boprofeta ba Esaia—Leseli Molokong oa Batho II
    • d Temana ena e ka boela ea qala ka ho re: “A qala ho hopola.” (Esaia 63:11, NW, mongolo o botlaaseng ba leqephe) Leha ho le joalo, sena ha se hlile ha se bolele hore Jehova ke eena ea hopolang. Mantsoe a latelang a hlalosa maikutlo a batho ba Molimo eseng a Jehova. Ke kahoo Soncino Books of the Bible e fetolelang mantsoe ana tjena: “Eaba batho ba Hae ba hopola matsatsi a khale.”

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela