Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Lefatše le Lecha—Na U Tla ba Teng ho Lona?
    Molula-Qhooa—2000 | April 15
    • 14, 15. Motheong oa Esaia 65:21, 22, u ka lebella ho etsa mesebetsi efe e putsang?

      14 Ho e-na le ho lebisa tlhokomelo tseleng eo moetsalibe oa ka boomo a ka ’nang a felisoa ka eona, Esaia o hlalosa maemo a bophelo a tla rena lefatšeng le lecha. Leka ho inahana u le tikolohong eo. Se ka ’nang sa tla pele leihlong la hao la kelello ke lintho tseo u li thahasellang. Esaia o bua ka tsona temaneng ea 21 le ea 22: “Ba tla haha matlo, ba lule ho ’ona; ba tla hloma merara, ba je litholoana tsa eona. Ba ke ke ba haha matlo, osele a lula teng, leha e le ho hloma merara, osele a je tholoana tsa eona, hobane matsatsi a sechaba sa ka a tla lekana le matsatsi a lifate, ’me bakhethoa ba ka ba tla bona mesebetsi ea matsoho a bona e tsofalla ho bona.”

  • Lefatše le Lecha—Na U Tla ba Teng ho Lona?
    Molula-Qhooa—2000 | April 15
    • 16. Ke hobane’ng ha u ka lebella hore lefatše le lecha e be le khotsofatsang ka ho sa feleng?

      16 Habohlokoa haholoanyane ho feta ho tseba makolopetso a joalo ke hore u tla ba le sebaka sa hao sa bolulo. E tla ba sa hao—eseng joaloka kajeno moo u ka ’nang ua sebetsa ka thata hore u hahe empa motho e mong a rue molemo. Esaia 65:21 e boetse e bolela hore u tla lema ’me u je litholoana. Ho hlakile hore seo se akaretsa boemo bo tla ba teng ka kakaretso. Boiteko ba hao, e leng litholoana tsa matsoho a hao, bo tla u khotsofatsa haholo. U tla khona ho etsa seo bophelong ba nako e telele—‘bo lekanang le matsatsi a lifate.’ Ka sebele seo se lumellana le tlhaloso e reng ‘lintho tsohle li tla ba ncha’!—Pesaleme ea 92:12-14.

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela