Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • “O Bohlale” Empa o Ikokobelitse
    Atamela ho Jehova
    • 3 Jehova oa halalela. Kahoo ha a na boikhohomoso, e leng tšobotsi e silafatsang. (Mareka 7:20-22) Ho phaella moo, hlokomela seo moprofeta Jeremia a ileng a se bolella Jehova ha a ne a re: “[Jehova] u tla nkhopola, u tle ho ’na u be u nthuse.”a (Lillo Tsa Jeremia 3:20) Ak’u nahane feela! Jehova ’Musi oa Lintho tsohle, o ne a ikemiselitse ‘ho tla’ kapa ho theohela boemong ba Jeremia, e le hore a ele motho eo ea sa phethahalang hloko. (Pesaleme ea 113:7) Ka sebele, Jehova o ikokobelitse. Empa Jehova o bontša joang hore o ikokobelitse? Boikokobetso ba hae bo amana joang le bohlale? Ke hobane’ng ha e le ba bohlokoa ho rona?

  • “O Bohlale” Empa o Ikokobelitse
    Atamela ho Jehova
    • a Bangoli ba boholo-holo, kapa Basoferime ba ile ba fetola temana ena ba etsa hore e re ke Jeremia ea tlang, eseng Jehova. Kamoo ho bonahalang kateng, ba ne ba nka hore ho fosahetse ho hlalosa Molimo a theohela boemong bo tlase hakaalo. Ka lebaka leo, liphetolelo tse ngata li lahla ntlha e temaneng ena e babatsehang. Leha ho le joalo, The New English Bible ka nepo e re Jeremia o ile a re ho Molimo: “Hopola, hopola hle, ’me u nkinamele.”

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela