Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Buka ea Bibele ea 26—Ezekiele
    “Lengolo Lohle le Bululetsoe ke Molimo ’me le Molemo”
    • 2. (a) Ke baprofeta bafe ba bararo ba neng ba hlahelletse lilemong tse bohloko pele ho timetso ea Jerusalema? (b) Ka ho hlokomelehang, Ezekiele o bitsoa mang, ’me lebitso la hae le bolela’ng? (c) Ezekiele o profetile mahareng a lilemo life, ’me ke eng e tsejoang ka bophelo ba hae le lefu la hae?

      2 Lilemong tseo tse bohloko tse etelletseng pele ho timetsoa ha Jerusalema, Jehova ha a ka a itlhokisa litšebeletso tsa moprofeta kapa leha e le hona ho hlokisa Baiseraele moprofeta. Jeremia o ne a beiloe Jerusalema ka boeona, Daniele o ne a le lekhotleng la borena la Babylona, ’me Ezekiele e ne e le moprofeta ho batšoaruoa ba Bajode ba leng Babylonia. Ezekiele e ne e le moprista le moprofeta, likarolo tse khethollang tse ileng tsa thabeloa ke Jeremia le Zakaria hamorao. (Ezek. 1:3) Bukeng eohle ea hae ka makhetlo a fetang 90 o bitsoa “mor’a motho,” ntlha ea bohlokoa ha re ithuta boprofeta ba hae kahobane, Mangolong a Segerike a Bokreste, Jesu ka ho tšoanang o bitsoa “Mor’a motho” ka makhetlo a batlileng ho ba 80. (Ezek. 2:1; Matt. 8:20) Lebitso la hae Ezekiele (ka Seheberu, Yechez·qeʼlʹ) le bolela “Molimo oa Matlafatsa.” Ebile ka selemo sa bohlano sa ho tšoaroa ha Jojakine, 613 B.C.E., ha Ezekiele a rongoa ke Jehova ho ba moprofeta. Re bala ka eena a sa ntsane a le mosebetsing oa hae selemong sa bo27 sa botšoaruoa, lilemo tse 22 hamorao. (Ezek. 1:1, 2; 29:17) O ne a nyetse, empa mosali oa hae a shoa letsatsing leo Nebukadnezare a qalileng ho thibella Jerusalema la ho qetela ka lona. (24:2, 18) Letsatsi le mokhoa oa ho shoa ha Ezekiele ha li tsejoe.

  • Buka ea Bibele ea 26—Ezekiele
    “Lengolo Lohle le Bululetsoe ke Molimo ’me le Molemo”
    • 8. Ezekiele o bona eng ponong ea hae ea pele?

      8 Jehova o roma Ezekiele e le seboholi (1:1–3:27). Ponong ea hae ea pele, ka 613 B.C.E., Ezekiele o bona moea oa sefefo o tsoang leboea, le leru le leholo le tsoakaneng le mollo. Har’a tsona ho hlaha libōpuoa tse phelang tse ’ne tse nang le mapheo, li e-na le sefahleho sa motho, tau, poho, le ntsu. Li na le ponahalo e kang ea mashala a mollo a hlenneng, ’me sebōpuoa ka seng se ne se na le lebili le leng ka har’a lebili le leng le bophahamo bo tšosang, ’me mabili a tletse mahlo ka hohle. A tsamaela mahlakoreng ’ohle ka kutloano e tšoanang. Ka holimo ho lihlooho tsa libōpuoa tse phelang e ne e le ho kang sebaka, ’me ka holimo ho sebaka e ne e le terone eo ho eona ho nang le “ponahalo ea khanya ea Jehova.”—1:28.

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela