Ha Jehova a Ruta Marena Lithuto Tse Laeang
“Ketso tsa hae kaofela ke tsa ’nete, tsela tsa hae ke ho loka, ’me o . . . kokobetsa ba tsamaeang ka tsela ea boikhohomoso.”—DANIELE 4:37.
1. Elihu o hlokomelisa ka litšobotsi life tsa Jehova?
“BONA, Molimo o phahamile ka matla a oona; na moruti o teng ea kang oona?” Mantsoe ao a Elihu a neng a tobisitsoe ho Jobo ea neng a utloa bohloko a hlokomelisa ka e ’ngoe ea litšobotsi tse ikhethang tsa ’Mōpi, Jehova Molimo. Ha ho ea ka lekanngoang le eena tabeng ea ho laea, kapa ho ruta ba bang.—Jobo 36:22.
2, 3. (a) Ke lithuto life tse laeang tseo Jehova a ileng a fumana ho hlokahala hore a li rute batho? (b) Ke ’musi ofe oa mehleng ea Moshe eo Jehova a ileng a lokela ho mo ruta thuto ee e laeang, hona ka mekhoa efe? (c) Ke hangata hakae Lentsoeng la oona Molimo o bolelang ka morero oa oona oa ho ruta batho thuto ee e laeang?
2 Har’a lintho tseo ho ileng ha hlokahala hore Molimo o li rute batho le lichaba ke hore na kamano ea bona e loketseng le oona ke efe. Hona ho totobatsoa ke mantsoe a mopesaleme Davida ho Pesaleme ea 9:19, 20: “Tsoha, Jehova, hore motho a se ke a ipha matla, lichaba li tle li ahloloe pel’ a hao. Jehova, sohlometsa botšabeho ba hao har’a tsona, lichaba li tle li utloe hoba ke batho feela!”
3 Faro oa mehleng ea Moshe o bile har’a babusi ba lefatše bao Jehova Molimo a ileng a fumana ho hlokahala hore a ba rute thuto ena e laeang. Molimo o ile oa etsa joalo ka likotlo tseo o ileng oa li romela holim’a Baegepeta. Ho feta moo, Jehova o ile a bolella Faro eo ea ikhohomosang: “Ke u tloheletse hona hoo, ke bonahatse matla a ka ka uena, le hore lebitso la ka le tume lefatšeng lohle.” (Exoda 9:16) Ho phaella moo, ka makhetlo a fetang 70, ho tloha ho Exoda 6:7 ho ea ho Joele 3:17, Jehova o bolela ka Lentsoeng la hae hore o tla etsa mesebetsi e matla e tšoanang e le hore marena, batho le lichaba ba ka tseba hore ke eena Jehova, Ea Holimo-limo holim’a lefatše lohle.
4. Mehleng ea Daniele, ke babusi bafe ba bararo ba ileng ba rutoa ke Jehova, hona ka mekhoa efe?
4 Mehlala e ’maloa e matla ea kamoo Jehova a ileng a ruta marena e tlalehiloe bukeng ea Daniele. Babusi bana e ne e le Nebukadnezare, Belshatsare, le Dariuse. O ile a ba ruta neng? Ho na le lebaka le utloahalang haholo la ho lumela hore e bile pakeng tsa 617 B.C.E. le 535 B.C.E. Hona joang? Ka litoro le ka tlhaloso ea tsona le ka lipontšo tsa matla a hae. Jehova o ile a ruta babusi bana ba batho hore ke eena Morena ’Musi ea Phahameng oa bokahohle le hore bona ke batho feela ba fokolang—lithuto tse laeang tseo babusi ba kajeno ba lefatše le bona ba tla lokela ho ithuta tsona.
5. Ba belaellang bonnete ba buka ea Daniele ba ka hanyetsoa ka bopaki bofe?
5 Empa na bahlahlobisisi ba bangata ba kajeno ba libuka ha ba belaelle bonnete ba buka ea Daniele? Ha se arabela bahlahlobisisi bana ba libuka, seithuti se seng sa Bibele se ile sa bolela hantle: “E fana ka maikutlo a hore mehlolo eo e ngotsoe ke Daniele le boprofeta e tiisa hore bo ngotsoe ke Daniele eo lintho tsena li etsahetseng mehleng ea hae. Etlaba re na le mehlolo ea ’nete le boprofeta ba ’nete, kapa ha re na letho haese leshano feela.” (Daniel the Prophet, ea E. B. Pusey, leqephe 75) E, nako le nako mongoli oa buka ena oa itsebahatsa, joalokaha a re, “’na Daniele”! (Daniele 8:15; 9:2; 10:2) Na see sohle e ne e le bolotsana? ’Nete ke hore pele ho karolo e qalang ea lekholo la bo18 la lilemo, har’a Bajode kapa Bakreste ho ne ho sa belaelloe hore na buka ea Daniele e ngotsoe ke mang. Leha ho le joalo, ho utloahalang haholoanyane ho feta maikutlo a seithuti leha e le sefe sa Bibele sa kajeno ke bopaki ba Mangolo mabapi le buka ea Daniele. Kahoo, re fumana ho boleloa ka Daniele ka makhetlo a mararo bukeng ea Ezekiele. (Ezekiele 14:14, 20; 28:3) Ho khaolang khang ka ho fetisisa har’a tsohle ke mantsoe a Jesu, Mora oa Molimo, joalokaha a tlalehiloe ho Mattheu 24:15, 16: “Etlare ha le bona manyala a bofeliso, a boletsoeng ke moporofeta Daniele, a eme nģalong e halalelang—ea balang a lemohe!—mohlang oo, ba leng Judea ba balehele lithabeng.”a
Nebukadnezare o Ithuta Hore na Molimo oa ’Nete ke Ofe
6. E ka ’na eaba boikhohomoso ba Morena oa Babylona bo ile ba nontšoa ke eng, ’me o ile a iphafa ka eng libukeng tsa hae?
6 Joalokaha moprofeta Esaia a bontša, marena a Babylona e ne e le banna ba ikhohomosang haholo. (Esaia 14:4-23) Nebukadnezare e ne e boetse e le monna oa molumelihali. Libukeng tsa hae o ile a pheta ka “mesebetsi ea hae ea ho haha le tlhokomelo ea hae ho melimo ea Babylonia.” Ha ho pelaelo hore ho ile ha mo mathela hloohong hore e be o ile a atleha ho hapa Jerusalema le Judea eohle ka mor’ a hore Sankeribe a hlōlehe ka ho tšabehang boitekong ba hae ba ho etsa sena.
7. Ke phihlelo efe e boletsoeng ho Daniele khaolo ea 1 e ka beng e rutile Nebukadnezare hore a hlomphe Molimo oa Baheberu?
7 Ka mor’ a hore Daniele le metsoalle ea hae e meraro ea Baheberu ba hlahe ka pel’a Nebukadnezare, ka sebele o ne a e-na le lebaka la ho hlompha Molimo oa bona, hobane “tabeng tsohle tsa tsebo le tsa kelello tseo morena a ba botsitseng tsona, a fihlela hobane ba fetisa ba bohlale bohle le linohe tse leng teng ’musong oa hae oohle haleshome.” E, banna ba bohlale bao Jehova e neng e le Molimo oa bona ba ne ba feta hole bohle ba neng ba rapela melimo e meng. Nebukadnezare ha aa ka a sitoa ho hlokomela ’nete eo.—Daniele 1:20.
8. Ke ka mekhoa efe Jehova a ileng a senola banna ba bohlale ba Babylona e le ba se nang tsebo leha e le efe e khethehileng?
8 Jehova o ne a e-na le ho hongata hoo a neng a ka ho ruta Morena Nebukadnezare. Thuto e laeang e latelang e ile ea tlalehoa ho Daniele khaolo ea 2. Molimo o ile oa etsa hore morena a be le toro e tšosang eaba joale o etsa hore a e lebale. Toro ena e ile ea ferekanya morena oa Babylona haholo, eaba o bitsa banna bohle ba hae ba bohlale hore ba mo bolelle toro le tlhaloso ea eona. Ha e le hantle, ba ne ba ke ke ba senola toro, re sa re letho ka ho fana ka tlhaloso ea eona, kahoo ba lumela ba ntse ba khutsitse hore ha ba na tsebo e khethehileng. Hona ho ile ha halefisa morena haholo hoo a ileng a laela hore ba bolaoe kaofela. Ha Daniele le metsoalle ea hae ba bolelloa ka taelo ea morena, Daniele o ile a kōpa nako e itseng, eo a ileng a e neoa. Eaba eena le metsoalle ea hae e meraro ba etsa thapelo e tiileng ka taba eo, hoo Jehova a ileng a senola toro le tlhaloso ea eona ho Daniele.—Daniele 2:16-20.
9. (a) Ke mang feela ea ileng a khona ho hlalosa toro ea Nebukadnezare, ’me O ile a fana ka tlhaloso efe ea eona? (b) Ka baka leo, morena o ile a fihlela qeto efe?
9 Ha Daniele a tlisoa ka pel’a morena, Nebukadnezare o ile a mo botsa: “Na u ka tseba ho mpolella toro eo ke e lorileng le koahollo ea eona na?” Ka mor’ a ho hopotsa morena enoa ea ikhohomosang hore banna ba hae ba bohlale ba sitiloe ho mo bolella sephiri sa toro ea hae leha e le tlhaloso ea eona, Daniele a re: “Empa Molimo o teng leholimong o senolang liphiri, ’me o tsebisitse Morena Nebukadnesare tse tlang ho etsahala mehleng e tlang ho tla.” Ha a tsoela pele, Daniele a bolella morena setšoantšo se seholo seo a neng a ile a se lora le hore na se bolela eng. Morena o ile a khahloa haholo hoo a ileng a re: “Ruri, Molimo oa lōna ke Molimo oa melimo le Morena oa marena, ke eena ea senolang liphiri, ha u tsebile ho nkoahollela sephiri seo.” Kahoo Jehova o ile a ruta Morena Nebukadnezare hore ke Eena feela Molimo oa ’nete.—Daniele 2:26, 28, 47.
10, 11. (a) Boikhohomosong ba hae bo boholo, Morena Nebukadnezare o ile a etsa’ng, e ileng ea lateloa ke taelo efe? (b) Ka ho hana ho ela hloko taelo ea morena, Baheberu ba bararo ba ile ba phahamisa khang ea eng, hona e le ka phello efe?
10 Le hoja ho se pelaelo hore Morena Nebukadnezare o ile a khahloa ke tsebo le bohlale tsa Molimo oa Baheberu, o ne a sa ntsane a tla ithuta ho hongata. Boikhohomosong ba hae, o ile a etsa hore ho emisoe setšoantšo se seholo sa gauda lehoatateng la Dura. Setšoantšo sena se ne se le bophahamo ba litsoe tse 60 ’me se le bophara ba litsoe tse 6, ho re hopotsang palo ea 666 eo e leng letšoao la “sebata” sa Satane se boletsoeng ho Tšenolo 13:18. (Kaha setsoe se ka ’na sa lekana le limithara tse 0,5, bophahamo ba setšoantšo e ne e ka ba limithara tse 27 ’me bophara e le limithara tse ka bang 2,7.) Morena o ile a laela bahlanka bohle ba ’muso oa hae “hore ba itlhahise moketeng oa ho khakola setšoantšo” ’me a laela hore ha ho letsoa liletsa, bohle ba khumame ’me ba rapele setšoantšo. Bahlanka ba bang ba tletseng mohono ba Bakalde, ha ba hlokomela hore Baheberu ba bararo ba neng ba le teng ka nako eo ha ba kopanele tšebeletsong ena, ba ba tlaleha ho morena.—Daniele 3:1, 2.
11 Ena e ne e le taba e tebileng ka ho fetisisa ho Nebukadnezare, hobane ka lekhetlo le leng o ne a ile a ithorisa ka hore e ne e le eena “ea kenyang melomong ea batho tlhompho ea borapeli bakeng sa melimo e meholo.” Kahoo, botlotlehi ba puso ba Nebukadnezare le cheseho e fetisisang ea hae ea bolumeli li ne li nyelisitsoe ka ho fetisisa. Ha a nka bohato ka ho khoboheloa le ka khalefo e tukang, morena ea ikhohomosang o ile a fa Baheberu ba bararo monyetla o mong empa e le ka qeto ena: “Ha le sa khumame, le tla akheloa hang-hang seboping sa mollo o bohale; ’me molimo ke ofe o tlang ho le lokolla letsohong la ka?” Bonneteng, Nebukadnezare o ile a lokela ho fumana hore Molimo oa bona ka sebele o khona ho lokolla bahlanka ba Oona letsohong la morena ea fokolang le hore ha ho na molimo o mong hape o ka lopollang joaloka Molimo oa Baheberu.—Daniele 3:15.
Toro ea Sefate
12, 13. (a) Daniele o ile a nea Nebukadnezare tlhaloso efe mabapi le toro ea hae ea sefate? (b) Nebukadnezare o ile a bontša joang hore tlhaloso ea toro ha ea ba le phello e hlapholang kelellong ea hae?
12 Ho ithuta lithuto tseo tse laeang ho ka be ho ile ha u ama joang? Kamoo ho bonahalang kateng, lithuto tsena tse tharo tse laeang ha lia ka tsa lekana ho etsa hore Morena Nebukadnezare a tsebe sebaka sa hae. Kahona Jehova o ile a lokela ho mo ruta thuto e ’ngoe hape e laeang. Hape, ho ne ho ameha toro, ’me hape, ho ne ho se lea mong ho banna ba bohlale ba Babylona ea neng a ka e hlalosa. Qetellong, ho ile ha bitsoa Daniele, ’me o ile a khona ho tsebisa morena tlhaloso ea toro eo, hore, ka lilemo tse supileng o ne a tla phela joaloka “liphoofolo tsa naha,” ’me ka morao ho moo o ne a tla hlaphoheloa kelellong.—Daniele 4:1-37.
13 Ho se ileng sa latela, ho totobetse hore toro e ile ea hlōleha ho ba le phello e hlapholang ho Nebukadnezare. Kahoo, hoo e ka bang selemo hamorao, ha morena eo a ntse a itsamaela tlung ea hae ea horena, ka boikhohomoso o ile a ithorisa: “Na hase oona Babilona o moholo, oo ke o hahileng ka matla a ka a maholo, e tle e be moaho oa borena, e be khanya ea boholo ba ka na?” E ne e le boiphahamiso bo bokaakang! Ke ka hoo e itseng ka motsotso oona oo ho ileng ha utloahala lentsoe le tsoang leholimong le bolella ’musi ea ikhohomosang hore o tla amohuoa ’muso oa hae le hore o ne a tla lula le liphoofolo tsa naha ka linako tse supileng, “ho fihlela [a] ba [a] tseba hore Mookameli ea phahameng o na le ’muso holim’a borena ba batho.”—Daniele 4:30-32.
14. Toro ea sefate e ile ea phethahala joang, hona ka phello efe holim’a Nebukadnezare?
14 Ka mor’a hore Nebukadnezare a phele joaloka phoofolo ka linako tseo tse supileng kapa ka lilemo tse supileng, Jehova o ile a khutlisetsa kutloisiso ho eena ’me Nebukadnezare o ile a tlameha ho lumela hore “ha ho e mong ea ka thibelang letsoho la hae, a re ho eena: U etsa’ng na?” Ho feta moo, ’musi oa Babylona o ile a bontša hore o ithutile hape thuto ea hae e laeang, ka hore a re: “’Na Nebukadnesare, kea rorisa, kea boka, ke holisa Morena oa leholimo, hobane ketso tsa hae kaofela ke tsa ’nete, tsela tsa hae ke ho loka, ’me o na le matla a ho kokobetsa ba tsamaeang ka tsela ea boikhohomoso”—joalokaha morena a ne a tsamaea ka tsela ea boikhohomoso. Na bopaki bohle bo joalo mabapi le tsela eo Jehova a ’nileng a rarolla khang ea borena ka eona hase bopaki bo matla bo qaqileng ba hore litlaleho tsena hase ntho e itsoelang monahanong oa motho ea itseng empa ke mosebetsi oa mongoli ea bululetsoeng ke Molimo hore a ngole histori ea sebele?—Daniele 4:35, 37.
Belshatsare o Bona Mongolo o Leboteng
15. Belshatsare o ile a bontša nyeliso joang bakeng sa Molimo oa ’nete, Jehova?
15 Morena e mong eo Jehova a bileng le nako ea ho mo ruta ke Belshatsare. E ne e le mora e bile a kopanetse puso le Morena Nabonidus, eo ka boeena e neng e le mohlahlami oa Nebukadnezare. Lekhatheng la mokete o moholo, Belshatsare ka tello o ile a laela hore lijana tsa gauda tseo ntat’ae-moholo a neng a li nkile tempeleng ea Jehova Jerusalema li tlisoe e le hore eena, mahosana a hae, basali ba hae le linyatsi tsa hae ba ka noa ka tsona. Kahoo “ba e-noa veine, ba ba ba roka melimo ea bona ea khauta, le ea silefera, le ea koporo, le ea tšepe, le ea mahong, le ea majoe.”—Daniele 5:3, 4.
16, 17. (a) Jehova o ile a kenya tšabo ho Belshatsare ka mekhoa efe? (b) Daniele o ile a fana ka tlhaloso efe mabapi le mongolo o neng o le leboteng, ’me e ile ea pakoa joang hore ke ’nete?
16 Nako ea Molimo e ne e fihlile ea hore o felise puso ea Babylona. Kahoo, o ile oa etsa hore mongolo o sa tloaelehang o hlahe leboteng. Mohlolo ona o ile oa ferekanya morena haholo hoo hang-hang a ileng a bitsa banna bohle ba bohlale hore ba o hlalose. Ha ho lea mong oa bona ea neng a ka o hlalosa. Eaba ’m’ae o mo hopotsa hore Daniele ea neng a ile a hlalosa litoro tsa Nebukadnezare, a ka tseba ho hlalosa mongolo oo. (Daniele 5:10-12) Ha a bitsoa ’me a kōptjoa hore na a ka etsa hoo, Daniele a hopotsa morena kamoo Molimo o neng o ile oa kokobetsa ntat’ae-moholo ea ikhohomosang e le hore a ka tseba hore Ea Holimo-limo ke ’Musi ’musong oa batho.—Daniele 5:20, 21.
17 Daniele a boela a bolella Belshatsare: “Molimo o fuparetseng phefumoloho ea hao letsohong la oona, o busang tsohle tse tla u hlahela, ha ua ka ua o hlonepha.” (Daniele 5:23) Kahona mongolo o ile oa sebeletsa e le tlhokomeliso ho ’musi oa Babylona hore matsatsi a borena ba hae a ne a fihlile qetellong, hore o ne a lekantsoe sekaleng ’me a fumanoa a le bobebe, le hore ’muso oa hae o ne o tla neoa Bamede le Bapersia. ’Me ka bosiu bona boo, ka mor’a hore Jehova a rute morena eo ea ikhohomosang thuto ena e laeang e hlokahalang haholo, Belshatsare, morena oa Bakalde, o ile a bolaoa.—Daniele 5:30.
18. Ke ka mekhoa efe Jehova a tlang ho ruta babusi ba lefatše ba kajeno lithuto tse laeang tse tšoanang mabapi le borena ba hae le matla a hae a pholosang?
18 Hantle joalokaha Jehova a ile a ruta marena a ikhohomosang Nebukadnezare le Belshatsare lithuto tse laeang ka borena ba hae le ka matla a hae a pholosang, kahona ka Harmagedone Molimo o tla etsa hore babusi bohle ba lefatše ba tsebe hore ke eena ’Musi e Moholo, Morena ea matla ’ohle oa Bokahohle. Bophelo ba hao bo tla ameha. Joang? Hobane ka nako eo Jehova o tla boela a lopolle bahlanka ba hae ba tšepahalang, joalokaha a ile a lopolla Baheberu ba bararo seboping sa mollo.—Daniele 3:26-30.
Dariuse o Ithuta ka Matla a Pholosang a Jehova
19, 20. Ke ketsahalo efe bophelong ba Daniele e ileng ea ruta Dariuse ka matla a pholosang a Jehova?
19 Daniele khaolo ea 6 e bolela ka ketsahalo e ’ngoe eo ho eona Jehova a ileng a ruta morena, Dariuse, thuto e laeang—ea matla a pholosang a Molimo. Morero oa bolotsana o ne o ile oa fella ka hore morena a etse hore Daniele a lahleloe ka lemeneng la litau, ho neng ho le khahlanong haholo le thato ea morena. Eena o ne a sa ka a iphahamisetsa Molimo oa ’nete ka boikhohomoso. Ho khahlisang, le hoja Dariuse a ile a tiisetsa Daniele hore Molimo oa hae o ne o tla mo lopolla, ha e le hantle ho ne ho bonahala a sa lumele hona ka botlalo. Ho seng joalo, ke hobane’ng ha a ne a ka sesa bosiu a shebile ’me a tšoenyehile ho fihlela ka meso, ha a potlakela lemeneng la litau? Eaba joale oa hoeletsa: “Daniele, mohlanka oa Molimo o phelang, Molimo oa hao, oo o u sebeletsang ka tiisetso, na o tsebile ho u namolela litaung na?”—Daniele 6:18-20.
20 E, Molimo o ne o ile oa khona ho sireletsa Daniele. Morena Dariuse o ne a thabile hoo a ileng a ntša taelo ena: “Bophareng bohle ba ’muso oa ka, batho ba tšohe, ’me ba tšabe Molimo oa Daniele; etsoe e le Molimo o utloang, o leng teng ka ho sa feleng; ’muso oa oona o ke ke oa felisoa, le borena ba oona bo ea ’ne bo hlolehe ho isa bofelong. Oa namolela, oa pholosa, o hlahisa lipontšo le mehlolo leholimong le lefatšeng, o bile o namoletse Daniele marong a litau.”—Daniele 6:26, 27.
21. (a) Likhaolo tsa pele tse tšeletseng tsa buka ea Daniele li fana ka mehlala efe e matla? (b) Tlaleho ea lintho tsena e lokela ho ba le phello efe ho rōna?
21 Likhaolo tsa pele tse tšeletseng tsa buka ea Daniele ka sebele li re fa mehlala e matla ea kamoo Jehova, a chesehela—e, a boulela—lebitso la hae, a ileng a ruta marena a matla a lefatše lena hore ka sebele ke Eena ea matla ’ohle, Morena oa Bokahohle, ea khonang ho kokobetsa babusi ba ikhohomosang ha a lopolla bahlanka ba hae ba tšepahalang. Litlaleho tsena li lokela ho kenya ka ho rōna tšabo e hahang ea Molimo le tlhompho bakeng sa matla ’ohle a Jehova le borena ba hae. Ka nako e tšoanang, tlaleho ena e bululetsoeng ke e matlafatsang tumelo ka ho fetisisa hobane e fana ka mehlala e matla ea bahlanka ba Jehova Molimo ba ileng ba bontša tumelo e matla le sebete, joalokaha sehlooho se latelang se tla bontša ka mokhoa o hlakileng.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Bona Molula-Qhooa, Mphalane 1, 1986, maqephe 3-7.
U ne u ka Arabela Joang?
◻ Ke thuto efe e laeang eo ho ileng ha hlokahala hore Jehova a e rute babusi ba lefatše?
◻ Ho ka thoe’ng ka bonnete ba buka ea Daniele?
◻ Ke thuto efe e laeang e ileng ea boela ea kokobetsa Morena Nebukadnezare?
◻ Ke phello efe eo ho ruta ha Jehova marena lithuto tse laeang e lokelang ho ba le eona ho rōna?