-
Part 5—Greece—’Muso oa Bohlano o Moholo oa LefatšeMolula-Qhooa—1988 | April 15
-
-
Ponong ea bobeli ea boprofeta, phooko e ile ea bonoa “e haola ka bophara ba lefatše, e tsoa Bophirimela,” e tsamaea ka lebelo le leholo hoo e neng “e sa hate fatše.” E ile ea tsamaea ho fihlela e fihla ho pheleu e linaka li peli eo lengeloi le neng le itse “ke marena a ba-Mede le ba-Persia.” Phooko “ea thesela pheleu, ea e khorola linaka tse peli tsa eona.” Daniele o ile a bolelloa: “Phooko, ke morena oa ba-Gerike.”—Daniele 8:5-8, 20, 21.
-
-
Part 5—Greece—’Muso oa Bohlano o Moholo oa LefatšeMolula-Qhooa—1988 | April 15
-
-
Boprofeta Boa Phethahatsoa
Selemo ka 334 B.C.E., Alexander o ile a kena Dardanelles (Hellespont ea boholo-holo) Asia ka masole a tsamaeang ka maoto a ka bang 30 000 le banna ba kaletseng ba 5 000. Ka lebelo la lengau la tšoantšetso le nang le mapheo a mane kapa la phooko e neng e bonahala e sa hate fatše, o ile a fohla libaka tse busoang ke ’muso oa Persia—oo ka boholo o neng o mena ’muso oa hae ka makhetlo a 50! Na o ne a “tla busa ka matla a maholo, a etse kamoo a ratang kateng”? Histori ea arabela.
Nōkeng ea Granicus koung e ka leboea-bophirimela ho Asia Minor (Turkey ea kajeno) Alexander o ile a hlōla ntoa ea hae ea pele khahlanong le Bapersia. Mariheng ’ona ao o ile a hapa Asia Minor bophirimela. Lehoetleng le latelang Issus koung e ka boroa-bochabela ho Asia Minor, o ile a hlōla ka ho feletseng lebotho la Persia le neng le hakanngoa ho ba la banna ba halofo ea millione, ’me morena e moholo, Dariuse III oa Persia, o ile a baleha a lahla lelapa la hae matsohong a Alexander.
Ho fapana le ho lelekisa Bapersia ba balehang, Alexander o ile a leba boroa ka mabotho a hae a iphaphathile ka lebōpo la Mediterranean, a hapa litsi tsa sesole tse neng li sebelisoa ke lebotho le matla la Persia. Motse-moholo oa Tyre oo e neng e le sehleke-hleke o ile oa itoanela ka likhoeli tse supileng. Qetellong, Alexander o ile a nka likotoana tsa majoe tsa motse o karolong e khōlō ea naha oo Nebukadnezare a neng a o felisitse, ’me a haha borokho bo tšelelang motseng oa sehleke-hleke. Masalla a borokho boo a ka bonoa kajeno, a bontša phethahatso ea boprofeta ba Ezekiele ba hore lerōle la Tyre le ne le tla lahleloa ka leoatleng.—Ezekiele 26:4, 12.
-
-
Part 5—Greece—’Muso oa Bohlano o Moholo oa LefatšeMolula-Qhooa—1988 | April 15
-
-
Lipakane tsohle tsa morero oa Philip li ne li finyelletsoe ’me ho bile ho fetiloe moo li neng li fella teng, empa Alexander o ne a sa le hōle le ho qeta. Joaloka phooko e tsamaeang ka lebelo, o ile a retelehela leboea-bochabela, a fohla Palestine le ho nyolosa ho leba Nōkeng ea Tigris. Moo, ka selemo sa 331 B.C.E., o ile a loantša Bapersia Gaugamela, haufi le lithako tse neng li se li ntse li heleha tsa hoo e neng e le motse-moholo oa Assyria, Ninive. Banna ba 47 000 ba Alexander ba ile ba hlōla lebotho le neng le hlophisitsoe bocha la banna ba Persia ba 1 000 000. Dariuse III o ile a baleha ’me hamorao a bolaoa ke batho ba habo.
Alexander a thabisitsoe ke tlhōlo, o ile a retelehela boroa ’me a nka motse-moholo oa Persia oa mariha, Babylona. O ile a boela a nka metse-moholo ea Susane le Persepolis, a nka letlotlo le lengata la Persia ’me a chesa ntlo e khōlō ea borena ea Xerxes. Qetellong, motse-moholo oa Akmetha oa oela ho eena. Joale mohapi enoa ea matjato o ile a busa karolo e ’ngoe kaofela ea libaka tse busoang ke ’muso oa Persia, a kenella bochabela ho ea fihla Nōkeng ea Indus e Pakistan ea mehleng ea kajeno. Ntle le pelaelo, Greece e ne e fetohile ’muso oa bohlano mebusong e meholo ea lefatše ea histori ea Bibele.
-